sotho.1399.tpeer
BONA - August 2005
ba setshwantshong e mpa e le dibontshi feela
Nnete ka kgatello ya metswalle...
O HLOLA o utlwa dinthontho ka kgatello ya metswalle hara batjha. Matitjhere le batswadi ba o kgalemella ho tlwaelana le "batho ba sa lokelang". Nnete ke hore banabeso le ka ba thetsa bohle, e seng Fat Charlie - "kgatello ya batjha" ke seo ba bangata ba atisang ho itshireletsa ka sona ha ba le mathateng.
Ba re: "ke bona ba nthutileng" jwalo ka ha ekare ba ne ba se na boikgethelo. Le dithaka le metswalle, le bala mophato o le mong, le bonana kamehla - mme ke hona mona moo kgatello e hlahang - o batla ho amoheleha ho bona. Ha se hangata ho hatellwang ba bang ho etsa dintho. Empa re etsa dintho tseo re sa di rateng hobane re batla ho kgotsofatsa ba bang hore re etse metswalle. Kgatello ena e ka dikelellong tsa rona. Re nahana hore ha re etsa dintho tse mpe - re sebedisa dithethefatsi, re enwa, re tsuba, kapa re apara diaparo tsa mefuta e itseng - re tla amoheleha. Ha ho ya emelletsweng ka phafa hore o etse dintho tseo o sa di rateng.
Ke ka hona re sa tshwanelang ho lla ka ba bang ha re le mathateng. Re etse hore batswadi ba rona ba hloye batho ba bang hobane ba re ke bona ba re etsisang dintho tse mpe. Nka boikarabello ba diketso tsa bowatla ba hao. Re se ikenye mathateng, re ithute batho...
Ke sa tswa kopana le GD, eo ke neng ke kena le yena sekolo leha re ne re sa tlwaelana kaha a ne a matha le mathaka ao ke neng ke sa tsamaisane le ona.
O a nkutlwisisa...ha ho moo batho ba jwalo ba leng siyo. Batho ba dutseng ba jele koto, ba tsebang mmino, ba nang le diselefoune tsa maemo, mathaka a jang hantle.
Ra otla tse mmalwa le GD, ra qoqa ka matsatsi a monate a fetileng - a re. "O a tseba keng, ke utlwa bohloko ha ke hopola nako eo ke e sentseng ke nyolosa ke theosa le mathaka ane." O re e ne e ba metswalle ya hae ha a ena le tjhelete ya dibiri. Ntle ho moo ba ne ba sa mo hloke.
A dieha ho ba hlokomela empa o ne a ithute thuto ya bohlokwa eo a batlang ho e fetisetsa le baneng ba hae: ha o se e mong wa bona, ha o yena ebile o keke wa ba yena le ka mohla.
Athe ha o ikenya ka kgang bathong ba se nang nako ya hao ha ho thuse letho, ba tla o sebedisetsa molemong wa bona mme ba keke ba o hlonepha le kgale. Se bohloko ke hore o senya nako eo o ka beng o iphumanela metswalle ya sebele e tla o rata e hlonephe setswalle sa lona. Hobane ho na le batho ba o ratang o le seo o leng sona, bao o ka nnang wa qetella o lahlehetswe ke bona hobane e se ditho tsa sehlotshwana seo sa hao.
Ipotseng sena banabeso: na batho bao ba "batle" ba fela ba thabile jwalo ka ha o nahana" Na ba fela ba o hlolohelwa" Na ho na le seo o lahlehelang e le ka nnete ha o sa tsamaya le bona"
Iketsetse molemo: Ba mamele. Ba dutse ba bolela ka dintho tseo ba di entseng le tseo ba tla di etsa. Ha ba le moketjaneng, ba qoqa ka moketjana o mong oo ba tla ya ho ona le ka monate wa oo ba tswang ho ona. Ha ho mohla ba natefelwang ke seo ba se etsang kapa moo ba leng teng ka nako eo.
Na ke bona boithabiso boo"
Athe le dipale tseo ba buang ka tsona ke leshano feela la ho leka ho kgadisa batho ba bang! Kaofela ha bona ekare ba a ratwa hobane feela ho sa tsejwe maikutlo a bona a nnete. Ba natefetswe ke setumo. Ekare "ba motlotlo ebile ba lerata" empa nnete ke hore ke makwala, ba dutse ba tshohile, ba nahana hore batho ba tla ba hlokomela ba ba nyatse.
O ka nna wa ikutlwa o phela bodutung empa nnete ke hore bodutu ke bona bo o thusang hore o iphumane hore o mang, o motho ya jwang, o tsebe ho shebisisa seo o kgollwang ho sona le se bohlokwa.
Bano ba majabajaba bao o nahanang hore ba a phela ha monate, ha ba na nako ya boimamelo bophelong ba bona, bo foforeha jwalo ka mahlaku a sefate ka nako ya hwetla.
Hape tseba hore ha o mong bodutung boo. Ho na le ba tshwanang le wena, ba ntseng ba kgalla mathaka ao a jang hantle empa ba tsebang hantle hore ho na le dintho tsa bohlokwa bophelong ho feta diselefoune tsa maemo le ho mengwa meketjaneng yohle.
Tseba hore: sekolo ke ntho ya nakwana feela bophelong ba hao. Le kentswe sehlopheng se le seng hobane feela le lekana. O keke wa ikgethela ba lelapa leno empa o ka ikgethela metswalle - le sekolong, o keke wa ikgethela hore o tla bala le bomang.
Ke nakong eo o seng o ntshetsapele dithuto tsa hao dithutong tse phahameng moo o tla fumana hore o na le batho ba dilemong tse fapanenng - mme ha ho bonolo hore o kopane le batho ba bangata ba nahanang ka mokgwa o tshwanang.
Ha jwale ha o kgalla batho ba bang, sebedisa monyetla ona. Leka ho nahana ka moo ngwana e mong ya motjha sekolong a ikutlwang ka teng a sa tsebe motho - a sa buiswe ke motho, bohle ba seba ka yena.
O tla makala ha o bona sephetho. Menyetla e meholo ya hore ba mophato wa hao ba o hlonephe hobane ba o bona hore o tseba ho iphapanya seo batho ba se nahanang ka wena.
Hape o tla ba le metswalle ya sebele ka nako eo bana ba nahanang hore ba bohlale ba ntseng ba duma dihlooho ka seo ba tla beng ba se etsa ka Moqebelo bosiu, wena o tla be o ikahela maemo a matle
bophelong! [s]
TSA BATJHA:
Mahlomahlong le Fat Charlie
O batla mokgatlo
BONA SESOTHO - May 2006
setshwantsho ka CLIVE THOMPSON
u
t
A re nkeng boikarabello ba diketso tsa rona
Batho ba a qabola
Metswalle ya sebele e a o amohela leha o hana ho etsa ho itseng.
Mang kapa mang ya o etsisang seo o sa se rateng, ya o somang kapa ya o tshosang ha se motswalle wa hao!
Sheba batho ba sebedisang dithethefatsi le ba bang ba phelang bophelo bo ditshila, ba utswang, ba rekisang mmele ba tseba hantle hore tseo tsohle ha di a amoheleha. E seng hobane diketso tse mpe ke tlolo ya molao feela empa di bile di le kotsi le bophelong ba bona.
Botebong ba dipelo tsa bona, ha ba fumane phomolo. Eba jwale ba etsang" Batho ba a makatsa. Ha ba tseba hore ba etsa phoso, ba batla ho kenya le ba bang ka dihlooho. Ba ikutlwa beterenyana hobane ba re ba bangata. Empa ketso eo yona e tla dula e le mpe.
Sa bohlokwa ke hore, batho bao o ba tsebang ba tla dula ba o susumeletsa ho etsa dintho tsa botlokotsebe jwalo ka ho sebedisa dithethefatsi (kapa eng feela) hobane feela ba batla hore le bona ba ikutlwe ba le betere. Ha ba na taba le wena mmoho le mathata a hao.
BONA SESOTHO - May 2006
