sotho.1392.paraffin
Molao o motjha wa ho laola ditofo tsa parafine o pasitse empa di ntse di le kotsi setjhabeng, di bolaya di rapitle malapa a mangata Afrika Borwa ka sehloho. Ke sena seo o lokelang ho se tseba hore o tle o pholohe...
BONA SESOTHO - September 2007
BONA e a fuputsa
Ho tuka malakabe a tshabehang
SELEMO sena e ne e lokela hore ebe se setjha ho ba lwanelang polokeho ya ba sebedisang parafine. Mohla la 1 Pherekgong, e ne e le selemo sa bone jwale ka mora hore BONA e phatlalatse pale ya kotsi ya ditofo tsa parafine - ho ne ho totobetse hore ha di fetane le dibhomo - mme tsa ba tsa ntshwa tshebetsong.
Hobaneng jwale ho sa ntse ho etsalaha dikotsi tse tshabehang tsa banna, basadi le bana ba tjheswang ke ditofo tse kotsi tsa parafine" Hobaneng malapa a ballwang ho 100 000 ka selemo a sa ntse a tjhellwa ke thepa ke tsona ditofo tseo"
Ke hobane molao o neng o lokela ho re sireletsa, o sa hatellwe. Bahlahlobi ba sena ba babedi feela naheng ena. Selemong se fetileng, Lefapha Diminerale le Eneji le ne le pake hore ha ho molao o laolang parafine.
"Ho fedile dilemo tse ka hodimo ho leshome jwale re phela tlasa mmuso a demokrasi, re ena le ditokelo tsa molaotheo tsa ho phela tlasa maemo a bolokehileng empa batho ba dimilioneng tse 18 ba sebedisang parafine ka malapeng a bona, ba ntse ba phela kgohlong ya moriti wa lefu," ho bolela Patrick Kulati wa Paraffin Safety Association (PSA).
"Parafine ke seetswa se molemo se bileng se leng theko e tlase, mme ho rekiswa dilitara tse dimilione tse 70 tsa yona ka selemo naheng ena empa baahi ba bang ba qetella ba lahlehetswe ke maphelo a bona hona moo kapa ba lemetse ha bohloko."
Ditjeho tsa ho lopolla batho malakabeng a tshabehang a mollo - ka ditimamollo, dikoloi tsa bakudi kapa ba ahelwe matlo a nakwana, di bitsa National Treasury tjhelete e fihlellang ho R104 billion ka selemo. E ka hodimo ka makgetlo a 50 ha e tshwantshwa le R2 million ya phaello ya thekiso ya parafine.
Mathata a motlakase le ona a hatella Maafrika Borwa a mangata ho sebedisa parafine. Bakeng sa polokeho ya ba lelapa la hao, shebisisa kotsi eo o ikenyang ho yona ka seetswa sa parafine - le mekgwa e ka o lopollang.
O a e hloka
KOTSI 1: Ho kwallwa motlakase le ho nyoloha haholo ha ditjeho tsa ona ho etsa hore ke se kgone ho dula ntle ho setofo sa parafine.
Afrika Borwa e ne e ka dintho di tsamaya hantle ka motlakase. Dietswa tsa ona tsa hlokahala haholo ho tloha ka 1994 ho ya ho 2001, ho tloha dipersenteng tse 34 - 70 tsa setjhaba tsa o sebedisa. Ka 2003 ha boela ha ba le motlakase o itseng wa motheo o sa lefellweng e leng se ileng sa etsang hore bohle ba batle ho o kenyetswa.
Jwale dintho di tjhentjhile, o dutse o tima nako le nako, Eskom ha e kgone ho hlahisa motlakase o lekaneng. Modulasetulo wa Eskom, Valli Moosa o a dumela hore maemo ana a ke ke a ntlafala ho fihlela ka 2013 bonyane ha ba qala ho sebedisa diteishene tse ntjha tsa motlakatse. Bonyane ho tla bitsa R150 billion ho phetha mosebetsi ona mme Eskom e na le tshepo ya hore e tla kgona ho bokelletsa tjhelete ena ho batho ba sebedisang motlakase ka hore ba nyolle ditjeho tsa ona.
Ho nyoloha ha ditefello tsa motlakase ho tlamella baahi ba bangata ho boela ditofong tsa parafine hape hore ba tsebe ho pheha le ho iphuthumetsa ha ho bata.
"Ke batho ba dimilione tse 18 ba sebedisang parafine Afrika Borwa - ke palo e ka etsang halofo ya setjhaba kaofela," ho bolela Kulati.
"Letsatsi le letsatsi kaofela ha bona ba ka nna ba tuka makala mme batjha lore mmoho le metse ya bona - ka lebala la dietswa tsena tsa parafine tse sa bolokehang."
O KA ETSA JWANG: Ha o batla ho sebedisa dietswa tsa parafine o ena le dithapo tsa motlakase ka tlung, etsa bonnete ba hore ha o behe setofo sa parafine hodima tsona kapa hodima seetswa sefe feela sa motlakase hobane hangata ha motlakase o tima, batho ba lebala ho tima dikonopo tsa ona maboteng.
Ha o kgutla, disebediswa tsa ona di qale ho tuka mmoho le tseo tsa parafine, e leng sesosa se seholo sa ho phatloha ha mollo le malakabe a tshabehang.
Ho reka setofo se setjha
Kotsi 2: Ke lokela ho reka setofo se setjha sa parafine.
O ka nahana hore ho se ho ena le melao e metjha ka parafine mme ho bolokehile ho reka dietswa tsa yona - tjhe, ha ho jwalo!
O tla be o le lehlohonolo ha o ka fumana setofo se dumelletsweng ka molao mebenkeleng hobane ho fihlella ka nako eo re neng re hatisa pale ena, e ne le kakanyo e le nngwe feela ya setofo e amohelehileng hore e ka etswa mme e rekiswe Afrika Borwa. Athe tse ding tse 10 tsona di sa ntse di hlahlojwa ho ya ka moo mookamedi wa SABS wa dietswa tsa dikhemikhale, Thomas Madzivhe a boletseng ka teng. Mme o re kopo e nngwe ya tsona ha e a amohelwa.
Hape mariheng a selemo sena ho bile le ditofo tse ngatangata tse ntjha tse keneng mabenkeleng, tseo le tsona di seng molaong.Dikhampane tse ngata ha di tsebe hantle mefuta ya ditofo tse amohelehileng le tse sa amohelehang molaong. Ha ho tshwane le baetsi ba dikoloi, ha re etsa mohlala, bao ho lemoswang setjhaba ha ho ena le tse nang le mathata mme se kgothaletswe hore se di kgutlise ha ho hlokahala hore di lokiswe.
Empa ka Hlakubele, Moses Moeletsi, mookamedi wa SA Bureau Of Standards Regulatory, o ne a lemose bahlahise ba dietswa tsena mmoho le barekise ba tsona ka tse sa tsamaisaneng le molao. A ba tshosa le ka hore o tla phatlalatsa le mabitso a baetsi ba tsona ho ba tlotlolla.
Empa leha ho le jwalo, SABS ha e na taolo e ntle mme ho na le bahlahlobi ba babedi feela naheng ena ho ya ka moo Madzivhe a boletseng ka teng.
Ho ferekanya setjhaba ka ho fetisisa, maqalong a selemo baetsi ba ditofo tsena le dihitara ba ne ba tlalehe hore Lefapha la tsa Mesebetsi le Diindateri ke lona le ba lokollotseng hore ba tswelelepe ho di rekisa. Empa nnete e le hore ha ho mofuta le o mong feela wa setofo o amohelehileng ka molao o motjha, ho ya ka yena.
O KA ETSA JWANG: Keletso e ka o thusang e tswang ha PSA ha o reka setofo:
Se hlahlobe pele o se reka hore se na le letshwao la SABS - se be le letshwao lena SANS 1906:2006.
Se reke seo o sa tsebeng ho se sebedisa. Kopa ba lebenkeleng ho o bontsha hore se sebetsa jwang. Athe ha ho kgoneha kopa hore ba o bontshe hore se bulwa jwang, se kgweswa jwang.
Se reke setofo se se nang ditaelo tse totobetseng tsa ka moo se sebediswang ka teng.
Se reke se nang le dikarolo tseo e kang di kobehile kapa tse shebahalang ekare di robeha ka bonolo.
Se reke se sa ngolwang hore se entsweng ke khampane efe hape ho sa bolelwa le hore ba fumaneha kae.
Sa dinaheng tse ding
Kotsi 3: Ditofo kaofela di entswe dinaheng tse kantle.
E ne e ke ho betere ha ho thwe dikhampane tsa Afrika Borwa tse neng di hlahisa ditofo tsa Panda le Hippo ha di sa tla di hlahisa. Ba ne ba tseba hantle se batlehang ka molao hobane ba ne ba le teng sehlopheng se neng se di hlahloba ho ya ka yena. Athe ho na le dikhampane tse sa ikemisetsang hohang ho tjhentjha ditofo le dihitara tsa tsona.
Ke ka hona ditofo di neng di le mmalwa mabenkeleng pele ho mariha mme Ngaka Philip Lloyd wa Energy Research Centre mane UCT, o re dikhampane tsena di ile tsa tswelepele le kgwebo ya difofo ka hore di sebetse le dikhampane tsa mose. Jwale ha di laolehe ka bonolo hobane SA Customs & Excise ha e tsebe hantle ka molao o motjha, ho ya ka ho ya ka Ngaka Lloyd.
"Lefapha la tsa Mosebetsi le Diindasteri le tla totobatsa melao ena e metjha bukaneng ya Customs & Excise hore baetsi ba tsona ba tsebe se lebelletsweng ho bona, mme ba nke boikarabelo," ho bolela Ngaka Lloyd. "Sena ha se so etsahale ho fihlela ka Phupu."
Ha jwale ditofo tsena tse kotsi di ntse di kena ka hare ho naha mme di rekiswa ka matla.
SEO O KA SE ETSANG: Bahlahise ba ditofo ba mose ba tlameha ho tsamaisana le melao e metjha hantle jwalo ka ha ba naheng ena ba etsa mme hape: ha o reka setofo se entsweng mose, leka ho batla se nang le aterese ya beng ba sona kapa ya barekise ba sona ba Afrika Borwa.
Ha setofo sa hao se ena le mathata, ha se hangata baetsi ba sona ba ka o thusang ka letho haholoholo ha ba le hole hakaalo.
Ditofo tse dumang
Kotsi ya 4: O ka nna wa nahana hore setofo se dumang se betere.
Batho ba bangata ba reka ditofo tse dithapo hobane di le theko e tlase, ekaba R30 athe tse dumang di bitsa ho tloha ho R100. Ho ya ka Patrick Kuleni wa PSA, ditofo tse tjhofuwang, ha di hloke parafine e ngata mme hape di bolokehile betere ho ena le tsena tse dithapo hobane o ke ke wa di tshela parafine di ntse di tuka.
Ho sa ntse ho hlophiswa ka molao moemo ao boleng ba ditofo tsena tse dithapo a lokelang ho ba ona. Hona ho bolela hore o lokela ho ba sedi haholo.
O KA ETSA JWANG: Moeletsi wa PSA o re eletsa ho sheba tsena tse latelang:
Mofuta o sa tlo amohela parafine ha o phatsamiseha.
O thata, o sephara, o sa weng kapa hona ho lemala ka bonolo.
O bontshang hore parafine e kae.
O nang le ditaelo tse bonolo tsa ho o sebedisa.
Ho bapala ka mollo
Kotsi 5: O tataile.
"Ke ne ke tatile," o boletse jwalo mosadi wa Umlazi a buisana le moetsi wa dipatlisiso wa HSRC, Sibongile Mafu. "Ha parafine e se e le nyenyane, setofo se tukela tlase, ke ne ke se bule ka e tlatseletsa se ntse se tuka."
Athe e mong yena o ne a re o ne a se tshele ka metsi hobane a batla hore se tsebe ho bedisa seo a neng a se phehile kapa ka nako e nngwe a se sisinye se ntse se tuka hobane a batla se tuke haholo. Hopola hore parafine eo o e sebedisang e tshwana hantle le e sebediswang difofaneng. E tuka ka pele mofuthung o tlase wa 43oC - mme ke ka hona seetswa sa parafine se kgonang ho fetoha bhomo ya mollo ka lapeng.
Ho akantswe ditofo tse ntjha tse thata tseo le parafine e kgaohang hang ha se otleha, ke seo molao o se batlang setofong. Empa ha se tsofetse, se ka nna sa se ke sa bolokeha jwalo ka pele.
O KA ETSA JWANG: Bohle ba sebedisang dietswa tsa parafine ba lokela ho ba sedi haholo hore ba dule ba bolokehile:
Setofo se dule sebakeng se tiileng thoko le masela kapa dipampiri tse ka nnang tsa hotela .
Se bese o se o lokisitse pitsa o tla e beha.
Qala ka ho se hlahloba pele o se besa, o bone le hore parafine e kae. Ha e ka fela ka lehare, tlosa pitsa pele mme o se time pele o se tlatsa hape.
Bana ba dule hole le dietswa tsa parafine. [s]
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka hlompho ya ba ha PARAFFIN SAFETY ASSOCIATION
Baleha!
Ha o le pela mollo wa parafine, ntsha batho mme o balehe, eo ke keletso ya mookamedi wa PSA, Teri Kruger. Dipalopalo tsa PSA di bontshitse ha ho nka motsotso feela hore malakabe a parafine a fihlelle motjhesong wa 400oC. Ka mora metsotso e meraro, o ebe o se o fihlelletse ho 700oC, mme metsotswaneng e 30 ka mora
moo, o fihlella ho 900oC.
BONA SESOTHO - September 2007
Preciouso o tima malakabe
"Ke ne ke leka ho se lahlela kantle feela hore se se ke sa tjhesa thepa yohle ya lelapa la heso, e le ho fela ha yona," eo ke Precious Mamadi wa Alexandra (ho le letona) a bolella Mudulasetulo wa National Summit, Andile Carelse. Empa mose wa hae wa hotela, a lopollwa ke hore a pitike fatshe mme malakabe a tima.
u
t
LE LETONA: Tshenyo ya setofo sa parafine e bitsa makgetlo a 50 ka hodimo ho phaello e etswang thekisong ya yona.
BONA SESOTHO - September 2007
Se tshele parafine setofong se tuka!
Sepetlele sa Chris Hani Baragwanath mane Soweto se alafa dikotsi tse ka hodimo ho tse 1 000 ka selemo tsa batho ba tjhesitsweng ke parafine.
5
1 Kopa ralebenkele hoo bontsha lengolo la SABS le mo dumellang ho rekisa seetswa seo sa parafine tlasa molao o motjha.
2 Ha a sa dumele, mo tlalehe ho SABS (012-428-7071) le PSA (0861-224-422).
3 Se reke dietswa tsa bahlahise ba sa hlonepheng molao mme o kgothalletse le metswalle le ba lelapa ho etsa jwalo.
4 Buisana le lekhanselara la sebakeng sa heno hore le lona le phahamele taba ena ka maoto.
5 Ithute sohle ka polokeho ha o sebedisa parafine.
ho hlola malakabe a setofo
BONA SESOTHO - September 2007
