sotho.1390.motoring
Ya DITORO!
BOKGONI MAEMO BOKGABANE TJHEBEHO
BONA SESOTHO June 2008
Ka mora metsotso e meraro feela ke kganna 4x4 ena e majabajaba, ke ile ka utlwa pelo e ba tshweu, ho fela dipelaelo ka yona.
Range Rover, ke koloi e kgolo, e nang le enjini e matla ya 4,2 V8 e leng se etsang hore boima ba yona ba ditone tse pedi bo se utlwahale.
E hatoha ka lebelo le fetang 200km/h ntle ho pelaelo ya letho, le hona ka nako le motsotso. Ha ho moo o ke keng wa ya teng ka yona ha o rata ho etsa jwalo hobane - e entswe ke Land Rover, mme e na le sohle seo o se hlokang ha o tsamaya mebileng e mebe.
Ke setse ke ipotsa hore lebaka le ka etsang motho a batle ho reka koloi e bitsang ka hodimo ho milione a batla ho ya tsamaya ka yona mebileng e mebe ke lefe?
Ka R1 028 000, o fumana koloi e mabone a ikgantshang ha ho fiifala le di-wiper tse sebetsang hang ha pula e ena hape e na le sebapala mmino sa maemo se nang le dipikara tse 14 se tobetswang feela ha o batla ho tjhentjha medumo.
Hape e na le lenakana la satellite le o supisang tsela ho ya dimitareng tse tharo tsa aterese eo o e batlang hohle lefatsheng. Steering sona le ditulo ke tsa letlalo le karolo e ka pele ya yona.
Ebile ena le khamera ka morao e o bontshang setshwantsho ho TV ka pele hore o bone moo o tjhetjhelang teng. Haeba seo ha se ho fela, ho boetse hape ho na le TV tse ding tse pedi, e nngwe le e nngwe ya yona e nang le dietswa tsa ho imamella o le mong, ho bolelang hore bana ba ke ke ba o sitisa ka letho ha ba ipapalla DVD tsa bona. Range Rover supercharged V8, ke koloi e theko e hodimo, e mahlaha-hlaha, eo bongata re ke keng ra e kgona ka tjhelete, ke 4x4 wagon e matla. Ebe nka ithekela yona ha nka ba le tjhelete? Mohlomong ha ho ka etsahala mohlolo!
DINTLHA KA YONA
MOFUTA WA ENJINE: 32 valve supercharged aluminium V8 (petrol)
BOHOLO BA ENJINI: 4197cc
BOHOLO BA TANKA: 104 litres
E KA TSAMAYA (HO NAHANELWA) 600km
RE RATA: Ho tsamaya ka yona, e a ikgetha, e na le dintho tsa bokgabane, ke ya maemo.
HA RE RATE: Nnete feela ke hore re ke ke ra e kokomosa ka tjhelete.
E BITSA: R1 028 000
BONA LE DIKOLOI
Ke o thata motjhini, enjini ke ya boholo ba V8, e ntle bathong ba ratang ho hata ka matla. E kgolo, e matla, ha ho letho leo o ka llang ka lona ha e se e tsetsepetse mmileng. Kgweding ena re fumane monyetla wa ho thapisa tse pedi tsa dikoloi tsena....
pale ka Gavin Foster
BOKGONI SETAELE BOLENG
Tjhe, bofutsana bo jesa dinta. Hang ha ke qala ho rata koloi ya Range Rover V8, General Motors ya nneha Chevrolet Lumina SS e tala ka mmala e ntjha tjha, a re ke kakate naha ena ka yona beke kaofela.
Ho ya ka nna, Lumina ha se vene feela. Hoja ebe ke ne ke ena le yona, e ne e tla dula e kwetswe jwalo ka morao. Ke koloi e ntle e nyenyane e palamisang batho ba babedi feela. Hore ebe e na le sebaka sa ho laitsa ka morao, ke molemo o mong feela o ekeditsweng. Ha nka ba le yona, mme ke tlameha ho thotha thepa kapa eng feela e boima, ke ne ke tla hira koloi e nngwe ya Isuzu ho etsa mosebetsi oo.
Hohang ha se koloi eo o ka e nkang jwalo ka vene feela e tlwaelehileng! E tsamaya ka lebelo la 240km/h! Lumina ha e na dintho tse ngata jwalo ka Range Rover, empa ha ke nke tjotjo, e ntlhatswitse pelo.
Ena koloi e etseditswe ho kakata naha, e seng ho nna e potoloha mona ka thoko ho motse. Sebapalammino sa yona se setle leha se sa fete sa motjhini wane o nang le enjine ya V8.
E na le aircon athe difenstere di laolwa ka motlakase mme motlolo ona o motjha o hlahisitsweng dikgweding tse pedi tse fetileng, ona o bile o na le fenstere tsa teng tse sebetseng ka motlakase athe hape e na le traction control, eo e leng ya bohlokwa haholo.
Leha e timme, o lokela ho ba sedi haholo ha o hata mafura hobane ho ka thunya mosihadi mabiding a ka morao hoo o ka nahanang hore o hatile sekupu sa kgase. Ha pula e ena traction control e tinngwe, ho ka nna ha eba kotsi haholo. Lumina SS Utility e bitsa R359 900 e le six-speed manual - ke eo ke neng ke tsamaya ka yona he eo - kapa ebe e itjhentjhang.
DINTLHA KA YONA
MOFUTA WA ENJINI: Aluminium V8 (petrol)
BOHOLO WA ENJINI: 5967cc
BOHOLO BA TANKA: 70 litres
E KA TSAMAYA (E NAHANELWA) 600km
RE RATA: Bokgoni, setaele, boleng
HA RE RATE: Ha re nyatse letho - e ntle haholo!
E BITSA: R359 900
ELA HLOKO HA O KOPA HO ADINGWANA TJHELETE YA HO E REKA KOLOI!
Ho bohlokwa ho dula o hopola hore tshehetsong ya ho reka koloi kapa eng feela, banka e tla thabela ho o lefisa tjhelete e ngata ya phaello.
Hangata barekise ba dikoloi ba tla o thusa haholo hobane ba sebedisana le basebeletsi ba dibankeng haholoholo ha o se o batla ho adingwa tjhelete. ELA HLOKO! Basebetsi ba bankeng ba fumana tjhelete ya khomishene bakeng sa tjhelete eo o e adingwang mme le barekise ba dikoloi ho ba le seo ba se fumanang ka nako e nngwe.
Ikokobetse, o ba mamele hantle empa o se saene letho. Qala ka ho sheba ditefello tse betere le dibakeng tse ding. Mohlomong o ka nna wa kgutlela ho bona empa o tla be o tseba hore ha o jewe tsuo.[s]
BONA SESOTHO June 2008
