sotho.1049.letterjun
mangolo a hao
Le hapileng R100
RE NGOLLE...
HA SE NNETE
O E O utlwe dinokwane tsena di itshireletsa ka hore di etsa bonokwane ka lebaka la leqeme la mesebetsi. Leha ke tseba hore maemo a leqeme la mosebetsi a phahame naheng ena, empa leo ha se LEBAKA LA HO ITSHIRELETSA!!!
Ha motho ohle ya bofumeng a ka kena bonokwaneng, lefatshe lena le ka fetoha dihele!
Ha se bofuma bo kenyang batho bonokwaneng.
Ha o nahane hore seo ke tlhapa ho rona ba sokolang empa re sa nahane ho kena bonokwaneng" Batho bohle bao o ba bonang ba kganna makoloi a majabajaba, ba dula matlong a matle, tsohle tseo ba di sebeleditse ka thata.
Haeba ba kgonne, nna nka hlolwa ke eng"
Ke sona seo ke ipolellang sona.
Thuto le ho sebetsa ka thata di tswala katleho. Ha re tloheleng ho itshireletsa ka dintho tse siyo.
Dinokwane tsena ha di etse bonokwane ka lebaka la bofuma, empa ka lebaka la botswa ba rata ho utlwisa ba bang bohloko.
Phillistus Phetla, Rustenburg
Ho hlahisa maikutlo a hao: ngolla ho: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060, South Africa
fekese: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton co.za
Bana ba rona
Haeba re rata hore Afrika Borwa e be le bokamoso, re tlameha ho sireletsa bana ba rona. Ke hauhela monna kapa mosadi ya ntseng a hlekefetsa ngwana. "Ngwanaka ke wa hao, le wa hao ke wa ka" - ke ona mokgwa oo dintho di tshwanelang ho tsamaya ka ona, re thibele tlhekefetso eo e se fetele le ho baahisane. Ha ngwana a le mathateng, ke boikarabello ba mang kapa mang ho mo thusa. Ditokelo tsa bana di tshwana le tsa botho. Ha o sa re letho ka tlhekefetso ya bana, le wena o molato jwalo ka bao ba ba hlekefetsang.
Re tlameha ho ruta bana ba rona, re ba nehe lerato le kutlwisiso e le hore ba kgone ho re bolella ha ho le teng ya ba hlekefetsang.
Zokwana Papikie, Mogoto
Ke kgetha ho ba inotsi
Ho molemo hore ke be inotsi ho ena le hore ke nne ke ikopanye le batho ba sa lokang.
Taba ke hore nonyana tsa siba le le leng di fofa mmoho.
Ke boikgethelo ba hao ho ba le boitshwaro bo hlephileng. Se qobellwe ke ba bang, etsa seo o tsebang hore se nepahetse.
Kgetha metswalle e lokileng, e tla o kenya tseleng e nepahetseng.
Lebogang Mpudi, Kwa-Xuma
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng
sa phatlalatso empa o re bolelle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
BONA SESOTHO - June 2007
u
KGATISONG E LATELANG
Buka ya mahala ya BONA!
t
mangolo a hao
Na ho senyehile"
Etsa moralo wa tshebediso ya tjhelete!
Ho boima ho etsa moralo wa tshebediso ya tjhelete, empa o bohlokwa bakeng sa tshebediso e ntle ya tjhelete.
Pele o tlameha ho tseba phapang pakeng tsa ntho eo o e hlokang le eo o e batlang.
O hloka dintho tse kang dijo, metsi le motlakase. Dintho tseo o di batlang di kenyeletsa le tsa boithabiso, jwalo ka di-DVD player. Boloka tjhelete hore o tle o fihlele dintho tseo o di batlang ntle le hore o kene dikolotong.
MK, Dinokana
Mehla e a fetoha, maemo a ya a ntse a mpefala. Setjhaba se qetwa ke leqeme la mesebetsi, bofuma le EITSI. Empa ha re a tlameha ho lahla tshepo. Boiteko boo re ka bo etsang ho leka ho fetola maemo, bo ka tlisa phapang e kgolo.
Ha re ka ithuta ho ba le boikarabelo, re ka tlisa phapang. Ho na le batho ba lekang, le batho ba etsang.
Ba atlehang ke bana ba etsang, ba lekang ba atisa ho hloleha.
Haeba nka ithuta ho ba le boikarabelo dithutong le dikamanong tsa ka, ke tla be ke bontsha motheo o motle wa bokamoso ba ka.
Haeba nka kgaohana le ho nna ke nyatsa mmuso le batswadi ba ka ka mathata ao ke leng ho ona, nka kgona hore e be nna ya hirang batho, e seng hore e be nna ya batlanang le mosebetsi.
Haeba nka kgona ho ipehela ditoro, nka kgona ho thusa ba kulang e seng e be nna ya fafatsang mahloko hohle mona.
Ha nka ithuta ho ba motjha ya nang le boikarabelo, ke tla ba ntate kapa mme ya jwalo feela.
Ha re pokoleng e sa le jwale!
Sipho Madonsela, Uthokozani
BONA SESOTHO - June 2007
Ngwana ya holelang Afrika Borwa o na le menyetla e 80 lekgolong ya hore a ye tjhankaneng ho ena le yunivesithing. Le bana ba dilemo di leshome fela ba se ba kena bonokwaneng.
Hore sena se fele, taba e tlameha ho qala lapeng.
Batswadi ba tlameha ho tataisa bana ba bona ka nepo ho tloha ba tswetswe.
Ke rona seipone sa bana ba rona. Re mohlala wa seo ba tlamehang ho ba sona bophelong. Ha re ka kgona ho etsa seo lapeng, re ka ba le setjhaba se phetseng. Ha re bontsheng bana ba rona mohlala o sa ba iseng dithethefatsing, maqulwaneng esitana le tjhankaneng.
Ha re ba thuseng ho ipabola.
Mzuvukile Maya, PE [s]
Ha re ipaboleng
MOIFO WA RONA
BONA WEBSITE
http://www.bona.co.za
GAUTENG
Caxton House, 368 Jan Smuts Ave,
Craighall, Johannesburg, 2001
Tel: 011-889-0600; Fax: 011-889-0792
Mohlophisi ya ka sehloohong:
Force Khashane
e-mail: forcek@caxton.co.za
Tel: 011-889-0654; Fax: 011-889-0792
Moqolotsi: Teddy Gomba
NTLO KGOLO (THEKONG)
19-21 Joyner Road, Prospecton
Box 32083, Mobeni, 4060
Tel: 031-910-5745;
Fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Mohlophisi: Lorna King
Motlatsi wa mohlophisi:
Patricia McCracken
Sezulu: Manqoba Dlamini (mohlophisi); Zanele Mbatha
Sesotho: Lerato Zulu (mohlophisi);
Moeketsi Letsohla
Sexhosa: Dumisani Ntshentshe (mohlophisi);
Ntombikhona Kwebulana
Mohlophisi wa ditaba: Marie Gurr
Molaodi wa bonono: Jozia Lorek
Bathusi ba hae: Jenny Weideman;
Clive Thompson; Kyle Young
Mongodi: Phindile Mkhize
Molaodi wa tsa papatso:
Christine Marot Tel: 031-910-5723
PAPATSO
GAUTENG
368 Jan Smuts Avenue, Craighall, 2196
Tel: 011-293-6000 Fax: 011-789-9656
THEKONG
19-21 Joyner Rd, Prospecton, 4110
Tel: 031-910-5700 Fax: 031-902-8829
KAPA
Caxton Magazines, 36 Old Mill Rd,
Ndabeni, 7405
Tel: 021-530-6270 Fax: 021-531-3795
THEKISO
RNA
12 Nobel Street, Industria, 2093
Box 101, Maraisburg, 1700
Tel: 011-248-3500 Fax: 011-474-3575
BOINGODISO
Box 725, Maraisburg, 1700
Tel: 011-473-8700 Fax: 011-474-5479
