SOTHO.1005.Cedric
Tsela e yang ho 2007"
Sebapadi sa mapheong!
pale ka SIHLE NDLOVU
ditshwantsho ka DUIF DU TOIT/TOUCHLINE PHOTO
Jwalo ka bashanyana bohle, Cedric Mkhize le yena o hotse a bapala bolo le metswalle ya hae diterateng tse marole tsa Hammarsdale haufi le Thekong. Ka nako eo, ba ne ba na le dilemo tse robong ka ho fela ha bona ba ne ba na le toro ya ho bapalla naha ya habo bona ka le leng.
Ho Mkhize teng, toro eo ekare e motjheng wa ho phethahala jwalo ka ha mathwasong a selemo sena, a ne a le teng sehlopheng sa ba ka tlase ho dilemo tse 21 se neng se hape Mohope wa Lefatshe mane Argentina.
Mokgelo o mong feela, ke hore Mkhize kajeno o se a ikahetse lebitso bolong ya rugby!
O ne a fetole mawa nakong eo a neng iswa sekolong sa poraefete ha a ne a le dilemo di 11. Rugby o ne a e rate letsatsi la pele a qala ho e bapala.
Moshemane enwa ya hlahetseng Empangeni, ha jwale o dilemo di 20 mme o a hlokomela hore lehlohonolo le ka ho yena - o leboha titjhere ya hae, Mong Lombard.
"Ke ne ke sa le poraimari nakong eo Mong Lombard a hlokomelang talente eo ke neng ke sa hlokomele hore ke na le yona," ho hopola Mkhize. Sekolong se phahameng teng o ne a kgethelwe Natal Academy U16.
"Ke ne ke thabe haholo ha ke ne ke kgwethelwa ho emela lebatowa la heso. Empa ke ne ke sa hlokomela hore lerato la ka ho rugby le ne le ka mphihlisa moo ke leng teng kajeno," ho rialo Mkhize. Le ka mora ho qeta sehlopha sa leshome, Mkhize o ne a sa hlokomele hore e se e le sebapadi sa profeshenale sa rugby. Seo a neng a se etse, ke ho yo etsa dithuto tsa civil engineering mane Durban Institute of Technology.
Empa o ne a sa lebale ho ya mabaleng a rugby. E ne e re ha a fumana monyetla ho Natal Sharks, a lebala hanyane ka dithuto tsa hae.
Sebapadi sena sa mapheong, se ne se nke qeto e nepahetseng. O se a hahlautse lefatshe a ba a ya le New York. Monyetla oo o ne o nyopiswe ke ho bitswa ha hae ho tla ikwetlisa le Springbok Sevens. E ne e le monyetla o motle haholo ho kena sehlopheng seo. Dintho di etsahala ka potlako ho Mkhize mme ka nako e nngwe, le yena ha a kgolwe ka moo dintho di mo potlakelang ka teng ka nakwana e kalo. Mkhize o ne a hlokomele mohlang mokwetlise wa sehlopha sa naha, Dick Muir, a neng a mmitsetsa sehlopheng sa hae hore e se e le sebapadi sa profeshenale. Jwalo ka e mong wa dibapadi tsa sehlopha sa Super 12, Mkhize le yena o ne a le teng mane New Zealand le Australia mathwasong a selemo sena. "E ne e be ntho e monate haholo," ke yena eo.
Muir ha a qeaqee hore Mkhize o ya hole le talente ena ya hae. Mokwetlise enwa o hlalosa Mkhize jwalo ka sebapadi se hlwahlwa se bileng se leng lebelo mona mahlakoreng. O matjhato haholo mme ha a le papading o a bonahala hore o etsa ntho eo a e utlwang ka hare," ke Muir hape. Mkhize o tswa lelapeng le leholo. O na le dikgaitsedi tse hlano le moena a le mong mme batswadi ba hae ba ntse ba phela ka bobedi. O dula Durban North mme o kgona ho bonana le ba lelapa ha nngwe ka kgwedi.
"Lelapa leso le ntshehetsa haholo," ke yena eo, "moenaka le yena o rata ho bapala rugby ka le leng."
Sebapadi sena sa mapheong sa The Sharks, se kgolwa hore ha se ka bapala ka maikemisetso, se tla be se le teng mane Mohopeng wa Lefatshe wa rugby ka 2007. Leha ho le jwalo, o a tseba hore sena ha se no ba bobebe. O tlameha ho ba malala-a-laotswe bakeng sa 2007.[s]
BONA SESOTHO - November 2005
Ka moo Cedric a ikahetseng lebitso ka teng - papading e sele"...
LE LETSHEHADI: E phethahetse toro ya Cedrics ya ho bapalla naha ya habo...empa o bapala bolo ya mofuta wa yona!
KA TLASE: Cedric ba mo hlalosa jwalo ka "motjhine o itjhentjhang ha a le papading."
BONA SESOTHO - November 2005
