SOTHO.138.home affairs
BONNIE MBULI o bapala karolo ya mosebeletsi wa difofaneng. Nthati Moshesh ke moetapele wa mokgatlo o ikemetseng, ha Brenda Ngxoli yena e le lehlatsipa la peto le ratang dipapadi. Mona SABC e re bontsha pale ya basadi ba bararo ba sa ikgelleng fatshe - boraro ba re "jwale ke nako!"
Home Affairs ke pale ya basadi ba robong ba hotseng ka thatanyana, bao jwale ba seng ba iphedisa ka thobalano, lerato le mesebetsi ya bona.
Zandi ya bapalang karolo ya Bonnie, o ne a bapala ho Backstage, e le Ntombi, o rata ho bontsha babohi hore ha a qetele dipaleng tsa marato feela.
Haesale a tloha paleng ya Backstage le Gaz'lam, Bonnie o bapadile paleng ya Canada ya dimilione tse 70, e bitswang Zero Gravity.
Nthati le yena ke se seng sebapadi sa dipale sa matjhaba - o ne a hape kgau e pele ho TV ka karolo ho Human Cargo. Brenda ya hlahetseng Transkei yena o sa tswa qeta yunivesithing ha jwale o bapala karolo ya rakgwebo 'Mimi' paleng ya Tsha Tsha.
Home Affairs e hatisitswe mane Gauteng sebakeng se phetheselang se haufi le dikantoro tsa lefapha la tsa ditaba tsa lehae moo mafumahadi ohle a yang teng kamehla ho ya ngodisa diphetoho bophelong ba bona - jwalo ka tlhaho, manyalo, mafu esitana le dipasporoto. Nthati o bapala karolo ya Thandeka, ngwanana ya neng a lelekwe habo hobane a wele a le dilemo di 15 feela.
Kajeno o dilemo di 35, e se e le hlooho ya mokgatlo wa tsa kahisano - ke mosadi ya bohale ya qetelaneng kgale le moradiae. "Empa nna ha ke tshwane le yena," ho bolela Nthati. "Re a lekana (35) le Thandeka, ke holetse mahaeng a Zululand. Empa sebakeng sa heso e ne e se lehlatso ho ima ha banana.
"Metswalle ya ka e ne e ima, e rate bana, ke ile ka utlwa hore ho bohloko jwang ho arohanngwa le ngwanahao, o lelekwe le lapeng. Thandeka ha a lahla tshepo. O ne a tswelepele le mosebetsi wa hae wa tsa kahisano. Ha a na nako ya lelapa ha a na lerato - leha moradinyana wa hae a tla ho yena, ha a mo tsotelle." Ke tseo tsa pale ena mme Thandeka le yena ke e mong wa basadi ba robong ba tlaletsweng ke noka bophelong.
Ntombi ya sebetsang difofaneng, o potoloha le lefatshe lohle, a tsamaya a robala le monna ofe feela ya mo lakatsa. O rata bophelo bo potlakang, ho ya meketjaneng le ho reka, empa ntle le moo, ho rialo Bonnie Mbuli, bophelo bona ha bo mo tswele molemo. "Ke rata karolo ya ka," ho rialo Bonnie. "O a se tseba se buuwang ka basadi - ho thwe ke diphiri ka hara matlalo a dinku! "Ntombi ke kgarebe e ntle, empa bophelo ba hae o ke ke wa bo utlwisisa. O dutse a hloname, ha a na lehae mme karolong ena o ithutile hore bophelo bo a fetofetoha.
"Empa e itse moo ntho di mo fetohelang teng, a qala ho bona bophelo ka leihlo le leng - a tlohela masawana a tobana le diphephetso tsa bophelo." Brenda o bapala karolo ya ngwanana eo e leng lehlatsipa la peto ya sehlopha sa ditlokotsebe sa moo lekeisheneng mme jwale o se a le hlaha. "O na ke monyetla wa ka wa pele wa ho bapala karolo e pele dipaleng tsa TV, e leng toro ya ka ya kgale," ho rialo yena. "Ke bapala karolo ya motho ya sa iphahamiseng, ya sa rateng dintho tse pele.
"O a kgona ho phela ka R10 ka letsatsi a setse le ngwanabo. O itshwanela le basadi ba bangata ba naheng ena." Bahlahise ba pale ha ba rate ho bontsha basadi e le mahlatsipa. Ke batho ba hlokomelang maphelo ka 2005, mmoho le bokamoso ba bona.
Brenda Ngxoli (24), ke mohlala karolong ena. O holetse lelapeng le ikgonang mme o ne a kadime tjhelete ho etsa degree ya drama mane yunivesithing ya Kapa. Matsoho a hae a matswabadi ke ho ikwetlisa ka ditshepe mme Vuyo o nahana hore o tla iketsetsa tjhelete ka ho hapa ditlhodisano. "Ha ho tsela e kgaoletsang ha o bapala karolo ya mosadi ya ratwang ke ba babohi," ho rialo Brenda.[s]
LE LETONA: Mafumahatsana a Home Affairs: (moleng o ka morao) Bonnie Mbuli le Nthati Moshesh; (hare) Jessica Haines, Lerato Moloisane le Makgano Mamabolo.
44 BONA SESOTHO - October 2005
Dibapadi tse pele paleng e monate ya TV
Basadi ha ba itheke morwalo
Bala ka dibapadi tse tharo tse pele paleng e ntjha ya TV, Home Affair, re bua ka Bonnie, Nthati le Brenda...
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - October 2005 45
Bonnie Mbuli o sebetsa difofaneng..
