sotho.1383.yourstyle_beautynews
Manala a matle
Ba ha Nailene ba sa tswa kgutlisa lethathama la manala a maiketsetso le dihlahiswa tsa teng ao o ka ikenyetsang ona.
Moketeng wa ho phatlalatswa ha dihlahiswa tsena mane Studio 8, Kapa, ba ha Nailene ba ne ba hlahise dihlahiswa tseo o ka di sebedisang ha bobebe bakeng sa manala a matle. Metswalle ya hao e ka ya le kgongwana hodimo ya nahana hore a lokisitswe ke ditsebi. Kgetha manala a matle a kenyeletswang lethathameng la bona la Couture le shebahalang jwalo ka manala a tlhaho. Ana ke manala a kenyeletswang a nang le dikeletso tsa Fora. Fumana dihlahiswa tsa manala mabenkeleng ana kajeno:
Clicks, Dis-Chem, Edgars, Foschini le Truworths.
BOTLE BA HAO
Tse sa saleng mokotleng
wa hao
Ho na le dintho tseo o sa tlamehang ho di siya lehlabuleng tseo ka tsona o tla dula o itshasa ka tsona ho boloka tjhebeho ya hao letsheare lohle.
Boloka moriri wa hao o harahane hantle ka borashe ba moriri bo bonolo. Kgetha Hair Brush (R41,99),
Pick n Pay.
Hlokomela dipounama tsa hao ka Pure Lip Gloss (R105), Dis-Chem.
Bakeng sa ho mina teng o ka sebedisa tissue e bonolo. O ka leka
ena ya ha Kleenex (R19,99 pakana
ya tse 8), Clicks.
Nkga ha monate tsheare lohle ka setebelalephoka sa Black Lace Perfume sa ha Yardley (R289),Edgars.
KGETHO YA MOHLOPHISI
Relaxer e sa tjheseng
Black Silk Hair Relaxer ke yona thatohatsi ho ba bangata. Relaxer ena ha e bohale moriring mme e siya moriri o shebahala e le wa tlhaho.
E o loketse haeba o rata ho otlolla moriri kapa o rata o be bonolo, o kamehe ka bonolo. E bolokehile le baneng kapa mothong ohle ya nang le letlalo la hlooho le boi.
Fumana Black Silk Hair Relaxer mabenkeleng a kang la ha Clicks ka theko e ka tlase ho R32.
Tsa
Botle
FAHLEHO SE TUMMENG
Ha o sheba sefahleho sa Jo-Anne Strauss o ka tiisa wa re o hlapa ka lebese. O hlapa ka Lux eo a hlahellang dipapatsong tsa yona.
Basadi ba rata Lux...
hobane ba se ba e sebedisitse dilemolemo melokong e fapaneng. Ona ke ona mokgwa o sebediswang wa botle.
Ke ne ke qale ho sebedisa Lux...
ka 2000 ha ba ne ba ntshehetsa ke le Mabotle wa Afrika Borwa.
Nke se kgone ho phela ntle le...
Lux Beauty Body Wash. Kiss Me ke yona thatohatsi ya ka.
Shawara ho nna e...
a ntsoseletsa e mmatlafatse. Haholoholo ha ke sebedisitse dihlahiswa tsa ha Lux Beauty Body - di tswa pele.
Setho sa bohlokwa ho
nna ke...
letlalo la ka. Ke rata ho eta le meketjana mme letlalo la ka le hloka ho phomola. Ke tlosa mekgabiso ka mora mosebetsi.
E bokeleditswe ke: Pamella-Rose Mlandu
Mothusi wa hae: Lebohang Galela
Ditshwantsho: Andrea Caldwell le Peter Whitfield
MABENKELE:
Clicks, Dis-Chem, le Woolworths: Mabenkeleng ohle naheng
KELETSO YA KAPELE
Motjheso, mofufutso le ho sebedisa dihlahiswa di sele ho ka thotofatsa moriri wa hao.
Ha o batla human hair e ntle, reka e entsweng ka silicone hobane e kameha ka bonolo ka borashe. A ko leke
Kair Silicone Hair serum.[s]
