sotho.137.yourworld_entertainment
Boithabiso ba ka
Selakga sa Joe se mane lekeisheneng la Alexandra mme ke sona sebaka se pele sa ho besa nama lekeisheneng lena. Batho ba kwano, bahahlaodi, ba tummeng le ba sa tumang ba subuhlellana sebakeng sena sa nang le selakga, lebenkele la jwala esitana le la dijo.
DINTLHA KA SONA
Ho bulwa kamehla, empa letsatsi le betere o ka yang ka lona ke Sontaha. Ho a phethesela, empa ho ba le DJ. O ka lebella ba kang Black Coffee ba tlwaetseng ho ya moo.
Ho na le sebaka sa ho besa nama mme o ka otora ba o lokisetse. O ka reka nama, papa le chakalaka.
O se makale ha o ka kopana le dithatohatsi tse kang 3SUM kapa bashemane ba Skwatta Kamp Shuga Smacks le Flabba.
Selakga sena sa Joe o ka se fumana hukung ya 11th Street le Roosevelt, Alexandra. Mohala: 011-443-8943.
KGWEDING ENA: Ekaba banna
bana ba tla nka Afrika Borwa ka
sefefo ka dialbamo tsa bona tsa pele?
Just Donald (Donald)
DJ Cleo o kgona ho bona talente mme dibini tseo a sa tswa di hlahisa, di bontsha sena. Ha ho se setjha ka merethetho ya hae, empa ha o ka mamela albamo ena ya hae e dipina di 11, o tla kgotsofala. Ke albamo ya hae e ntjha, empa Donald o se a sebeditse le dibini tse kang Selaelo Selota mme hape o kile a hahlaula le sehlopha sa Malaika. O ka thabela pina tsa hae jwalo ka ha a bina le Winnie Khumalo le Khanyo. Hara tseo re di ratang, re ka bala El You Vee Why Owe You le ya setaele sa marabi, Mlahla Phansi.
Bongani (Bongani)
Bongani Nxumalo o ne a qale ka albamo a e reheletseng ka yena, empa pina e bitswang Everything, e etsa albamo ena e be monate. Bongani o se a kile a bonahala ho The Lion King, Amerika dilemo tse tharo le dikakapa tsa mmino tse kang Hugh Masekela, Donnie McClurkin, Jonathan Butler le Kirk Franklin. Albamo ya hae ke motswako wa Scathamiya le Mbaqanga wa dilemo tsa bo 1980, Motown. Time to Dance, Night Fever le Put Your Head On My Shoulder di tla o etsa o ipone o oma koma ka hlooho.
Love That Music (Timothy Moloi)
Albamo ya sebini sena sa Soweto e bontsha hantle hore se na le bokgoni, dipina tsa sona di ngotswe tsa hlahiswa ka bokgeleke. Ke a tshepa o e utlwile albamo ya hae ya mosollane, Friday Morning diyalemoyeng mme o ke ke wa phoqahala ho mamela CD ena ya hae e dipina di 12.
KGWEDING ENA: Difilimi tseo batjha ba ka ithabisang ka tsona
Dragonball Evolution
Dibapadi tsa sehlooho: Yun-Fat Chow, Ernie Hudson, Emmy Rossum
Bolelele: Metsotso e 85
Phetolelong ya yona ya letoto la TV, papading ena ya Dragonball Z moshemane ya monyane, Son Goku o tlameha ho bokeletsa disete tse supileng tsa mahakwe a neng a tla neha mang kapa mang ya sebedisang matla a sa feleng.
Ben 10 (Season 3)
Dibapadi tsa sehlooho: Ke mantswe a Steve Blum, Paul Eiding, Jess Harnell
Bolelele: Hora le metsotso e 40
Ben ya dilemo di 10 feela, o bona seabo le kabelo ya hae filiming ena. Ho Season 3, dintho di bile mpe haholo jwalo ka ha Ben, Gwen le Max ba ne ba hahlaula lefatsheng ka bophara ba leka ho le pholosa mme kaofela ha bona ba ne ba dutse ba kopana le dintho tse tshosang.
The Longshots
Dibapadi tse pele: Ice Cube, Keke Palmer, Tasha Smith
Bolelele: Metsotso e 94
Sebapadi sa mehleng sa bolo se fetola motjhana sona sebapadi sa morao sa sehlopha sa lehae mme a etsa le diphetoho tse ngata nakong eo e neng e ba mokwetlisi. A ko shebe hore sebapadi sena se setjha se lohileng moriri se tla thabisa jwang toropo eo ho makgaolakgang. [s]
BOITHABISO BA BORANTSHO
MMINO
RE HLAHLOBILE DI-DVD
BALA, BOHA, PHOMOLA
Na o batla re ngole ka lebenkeleng la hao la dijo leo o le ratang, kapa sebaka sa boithabiso, sa ho hlatswa dikoloi kapa kereke? Re romelle e-mail ho bona@dbn.caxton.co.za. Di otle mabalankwe ka sona, o kenye ditshwantsho le dinomoro tsa mohala.
Kereke ya ka
Sebini sa mmino wa bodumedi, Zodwa o kile a ba le mathata, empa tumelo ya hae e mo thusa
Kereke: Rivers Of Living Water mane Everton
Moruti: Moruti Zondi
Tshebeletso ka Sontaha: 9am-12 motsheare
O nako e kae o le kerekeng ena?
Dikgwedi tse tharo feela.
Hobaneng o tjhentjhetse ho yona?
Ke ne ke kena Faith Mission Port Elizabeth empa jwale ke Joburg.
O thabela ho ba moo?
Haholo! Ke se ke bone dimakatso tsa Modimo nakonyana ke le moo. Ke se ke bone batho ba rapellwa ba pholoswa, ba fola, bang ba fetoha.
Ke mathata a fe ao kereke ena e o thusitseng ho a hlola?
Ka 2006 ntate o ne a hlajwe ka thipa a hlokahala a le lapeng mme ngwaneso a hlokahala ka lebaka la HIV. Ka 2007 ho ne ho hlokahale e mong ngwaneso, ha latela mme. Matsatsing a mane ka mora phupu ya bona, ha hlokahala monnaka le ngwanahae kotsing ya koloi. Haeba e ne e se ka tumelo le kereke, nka be ke le siyo kapa ke le ntho ya jwala le dithethefatsi.
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
