sotho.1379.teen
BONA - August 2005
Ke ntwa ya bophelo
Mmao le ntatao, le bona ke "batho" jwalo ka wena - ho tla o nka nako hore sena o se hlokomele, empa ha o se o se hlokometse, dikgohlano pakeng tsa hao le bona, di tla fokotseha
setshwantsho ka GREAT STOCK!
TSA BATJHA: Mahlo mahlong le Fat Charlie
E NNGWE ya dintwa tseo rona batjha re tlamehang ho di lwana ke ya batswadi ba rona - ha ho jwalo ba heso" Ba laola bophelo bohle ba rona.
Ke a dumela re a ba rata, empa hei, ka nako tse ding... re a ba hloya.
Hobaneng ba re etsa tjena" O se o kile wa ipotsa potso eo hangata - wa arabisana le batswadi ba hao ka nako e nngwe.
Empa he o se o kile wa leka ho araba potso eo"
Ho ka etsa jwalo, re tlameha ho itekola. Re tlameha o ipeha maemong ao batswadi ba rona ba leng ho ona. (E leng ntho e thata ho batjha, empa ba ka e etsa!)
Batswadi ba hao ba dutse ba o opisa hlooho hobane ba ikgathatsa ka wena. Ke yona tabakgolo.
Nkare ba a kgathatseha hore mohlomong o ka nna wa kula, kapa wa ba tlasa kgatello kapa wa kena mathateng ka lebaka la dintho le diphetoho tse etsahalang bophelong.
Re ka etsa mohlala ka "maemo" a hao - kgatello le ho dula o ngongorehile. Ba a tseba hore tsena kaofela ke dintho tsa tlhaho, empa leha ho le jwalo, le thabo le yona ba ntse ba e lebeletse ngwaneng wa bona.
Ba ebe ba sa tsebe hore na ba ka o thusa jwang hore ba o tshole mathateng a kang ao.
Ka nako e nngwe ba a ngongoreha, ba ipone molato wa hore mohlomong ke bona ba o hlabehisitseng. Se atisang ho ba ngongorehisa, ke ho bona ngwanabona a se a tjhentjhile, a sa tshwane le pele.
JWALE" Hobaneng ba sa utlwisise" Ke bolela hobane e le batswadi ba hao, batswadi ke tseba ba utlwisisa...
Ke hantle. Empa batswadi ba hao le bona ke batho jwalo ka wena! Sena hangata ke seo re se lebalang ha ho se ho le teng dikgohlano pakeng tsa rona.
Ho ba motjha, ke ntho e phaphamisang, ho wena le batswading ba hao. Sena se etsa hore le ikwahlaye ka bobedi.
Batswadi ba hao ba tlameha ho amohela taba ya hore le wena jwale o a hola, o ba motho e "moholo" ya ikemetseng ya nang le menahano le maikutlo a hae.
Nakong eo o neng o sa le lesea, ba ne ba o thiba ha o ne o kgasetsa ifo. Jwale ke nako ya hore ba o tlohele o etse diphoso o tle o tsebe ho ikemela bophelong.
Empa seo ha se bobebe ho bona.
Seo o se batlang ke hore dintho di be bobebe ho wena le ho bona. O batla ho phela jwalo ka motho e moholo leha o ke ke wa bolela, empa hape o ntse o tshepile hore o ntse o na le batswadi bao o tshepetseng ho bona.
O ka tseba ho ba bolella hore ba kgaohane le wena ka tsatsi le leng mme ka le leng o ba nyatse ha ba sa o hlokomele"
Ekaba ke nnete eo"
BAENA le dikgaitsedi, haeba le rata hore batswadi ba le tshware ka tsela e mokgelo, le lona etsang jwalo ho bona. Nka re haeba o batla hore ba o nke jwalo ka motho e moholo, le wena ba nke jwalo feela.
Ha o ne o sa le lesea, batswadi ba hao e ne le bahale ba hao, o dula tshireletsong ya mapheo a bona, ho se letho le ka o utlwisang bohloko ba le teng. Mme le ntate ba ka o lokisetsa sohle.
Empa bona jwale, seo se a fetoha.
Re a dumela e ntse e le batswadi ba hao - ho ntse ho na le maqhama ao - ka hoo, ke ka hona o tlamehang ho ba hlonepha. Empa he e ntse e le batho le bona mme le diphoso e ntse e le ntho ya bona - o tlameha hore ka nako e nngwe o ba inele matsoho metsing. Ke bolela le haeba ba sa e bona phoso ya bona!
Jwalo ka ha ke se ke boletse, le bona ke batho, o se o kile wa ba bona le bona ba qabana. Ka nako eo, ha e be mme le ntate, empa e ba batho ba babedi ba qabanang - ke ka hona ho qabana ha batswadi ho o tshosang wena jwalo ka ngwana. Ho a makatsa.
Dintho tseo ba di etsang di a o ama - empa o tlameha ho tobana le tsona. Tshwarelo ke ntho eo re e hlokang, empa he ha se taba ya hore re dule re sitelwa ba bang hobane re tshepile tshwarelo.
Jwalo ka ngwana, mohlomong ha o nahane hore o ke o hlabehise batswadi ba hao. O ba hlabehisa ka tsela eo ho seng mang ya ka ba hlabehisang ka yona.
O ngwana wa bona - ho na le maqhama a jwalo, ao e leng ona a etsang hore ba o hlokomele - empa e a tla nako eo ka yona ba ke keng ba dumela hore le dule nqa e le nngwe.
Ke nnete! Le kile la e nahana ntho e kang eo" Ha o re o ba hloile batswadi ba hao, a na o a tseba hore le bona ba ka nna ba rialo"
Ke ntho e tshwanang ho lona ka bobedi. Ha re a tlameha ho ingongorehisa ka hore batswadi ha ba utlwisise, re tlameha ho leka ho sheba dintho jwalo ka bona.
Hopolang hape hore ena ke yona tsela ya ho hola - le batswadi ba rona ba ile ba sokola ka mokgwa ona.
Re a ba ngongorehisa ka diphoso tsena tsa rona. Ha ho bobebe jwalo ka batswadi hore ba o ngale o le "ngwana" wa bona.
Se bohloko haholo ke ha o qala ho ba bona e le batho ba sele ho wena. O tlameha ho ba bona e le batho jwalo ka wena, ba etsa diphoso jwalo ka wena. Ke batho ba ka nnang ba o utlwisa
bohloko. [s]
BONA SESOTHO - June 2006
u
t
Ho tshwarela ho tla o tswela molemo
BONA SESOTHO - June 2006
HOPOLA... Ithute ho nka batswadi ba hao jwalo ka batswadi - tseba hore ba a o hlokomela - empa leha ho le jwalo tseba hore le bona ke batho le bona ba kgona ho etsa diphoso bophelong...
Tsitsisa maikutlo
E nngwe ya dintho tse ka o etsang o be motjha ya setletseng, ke ho inahanela. Batjha ke batho ba kgothetseng, ba kgonang ho sebedisetsa dintho molemong wa bona. Sena se etsa hore ba "inahanele" bona feela.
Ke tsela ya tlhaho - le tsela ya ho hola. E nngwe ya dintho tseo o tlamehang ho ithuta tsona, ke ho tseba hore ho "inahanela" wena feela, ha se ntho e nepahetseng.
Bomadimabe ke hore ha se hangata batho ba hlokomelang sena, ke ka hona qetellong o bona motho a se a kgeswa ke batho.
Empa he ba heso, ha ke tshepe ha sena se ka etsahala ho lona, hobane le se le tseba jwale mme le tla qoba mathata ana ka ho ikamahanya le batho ba haufi le lona - ke bolela batswadi ba lona.
Dikamano tsa rona le batswadi, ke tsona tse ka re rutang ho ikemela bophelong. Ke nnete ke ntho ya bohlokwa ho hola bophelong.
Empa he re ntse re tlameha ho tsitsisa maikutlo. Ho ingongorehisa ka hore ba bang ba nahana jwang, le ho leka ho iphelela bophelo ba rona ka ho leka ho thabisa ba bang, ho tshwana le ho ikgohomosa!
Batho ba tla tlohela ho le hlompha mme ba qale ho le sebedisetsa molemong wa bona.
