sotho.1378.soccer
ONE a ntshware ka letsoho. "Lebitso la ka ke Heel Extension Shuffle Mkhari," ke yena eo. "Hantle o batlang laaitie ya ka," ke ne ke qale ka makala, ka ipotsa, e be motho eo o lebetse hore ke ne ke kopile ho tla buisana le yena? Re ne re tlamehile ho kopana Soshanguve, Block MM.
Ke ne ke makaditswe ke mabitso ana a hae a boswaswi. Ke ne ke nahana hore mohlomong o a swaswa, empa ka hopola hore hana dibapadi di tumme ka mabitso ana a boswaswi balateding ba tsona.
Empa he ho etsahalang ka dibapadi tsa rona ha di se di tlohetse bolo? Ho na le ba sa atlehang jwalo ka Amos Chando Mkhari, ya itulelang mokhukhung.
Tjhe ho latela maemo ao ke neng ke a fumane, ha nka ba ka makala ha a ne a mpitsa laaitie (moshemane)." Ke monna ya bileng madimabe, eo talente ya hae e senyehileng mehleng ya kgenthollo.
Sena se phehisana hole le se etsahalang matsatsing ana moo ho nang le dibapadi tse fumanang ditjheletehadi le tse ding tse fumanang e nyane feela.
O hlahile ka 1954 mme a qala bolo sehlopheng se senyane sa Ga-Rankuwa United.
A ngodiswa
Ka 1973, o ne a ikamahanye le Witbank Black Aces, a bapala ka lebitso la sebapadi se seng.
"Ke ne ke sebedise lebitso la 'Rollaway Mkhabela,' e mong wa dibapadi tsa Aces hobane Ga-Rankuwa e ne e ntiehela ka mangolo a ntokollang," ho hlalosa yena. Leha ho le jwalo, mokwetlisi wa Aces "Slow" Masuku o ne a phahamele taba ya hore a ngodiswe ka botlalo.
Leha a swabisitswe ke hore o ne a hape dikgau tse mmalwa le Aces, empa o motlotlo hobane o ne a bapale le dikakapa tse kang Abel "Rollaway" Mkhabela, Thomas "Junior" Ngobe, Steve "Disco" Makua, Willie Mahlangu mmoho le Cyprian "Mahala" Maimane.
Mkhari ke e mong wa ba neng ba ahela dibapadi tse kang Computer Lamola, ya neng a bapalla Kaizer Chiefs menyetla ya ho hlaba dintlha.
Puisano ya rona e ile ya mo hopotsa mehleng ya hae, a sa ntsane a thabisa letshwele a tsamaya a tsipa bolo ka serethe, letshwele le mo thoholetsa. Re ne re bapalla tlholo feela, ho se e nngwe ntho lehlakoreng.
"Re ne re inehela, re thabisa balatedi ho tloha qalong ho ya pheletsong ya papadi," ho rialo Mkhari.
Boinehelo
Ke boinehelo ba hae bo neng bo etse hore e mong wa balatedi ba baholo, eo e neng e le mosetsana, Ausi Moipone a mo rehe lebitso la "Heel Extension."
"Ke ne ke kgona ho neheletsa bomphato ba ka bolo ka serethe leha ba le hole hakakang," ho hlalosa yena.
"Ke ne ke otla direthe tse boima, tseo ka tsona Jomo Sono a neng a kgone ho hlaba dintlha tsa ngata."
Ka 1976, Orlando Pirates e ne e kgahlwe ke sebapadi sena mme ya mo phamola.
"Ha ke kgone ho lekanya thabo ya ka ha ke ne ke fihla ho Pirates. E ne e be pale. Ka bapalla sehlopha se seholo," ke yena a hopola tsa kgale. "Empa ka ho le leng, ho ne ho na le nako eo ka yona balatedi ba Pirates ba neng ba ntshosa." Ba ne ba sa tanakellwe. Ha ntho ba sa e rate, ba ne ba sa pate, ho sa natsehe hore o sebapadi, mmuelli wa sehlopha, mokwetlisi kapa yena motsamaise.
Hona dilemong tsa bo 1980, sekgakgatha sa balatedi ba Pirates se ne se hlabe China Hlongwane ka dithipa hona ka lebaleng. Balatedi le maqulwana a dinokwane ke bona ba neng ba laola, ba bolele hore ke sefe sebapadi se neng se tlameha ho lelekwa sehlopheng, le se neng se sa tlameha. Leha ho le jwalo, ke ne ke rata ho bapalla Pirates.
"Ho ne ho le boima ho apara jesi ena e mmala e motsho le bosweu, hobane ho ne ho bolela boikarabelo bo boholo," ho rialo Mkhari.
"E ne e le toro ya dibapadi tsohle ho bapalla lebaleng le Orlando, nahana feela ha e se e le lebala la sehlopha sa hao.
"Balatedi ba ne ba neha dibapadi morolo o neng o di kgothatsa ho etsa menyakwe le tsohle tseo o ka di nahang ka lebaleng." Tsena ke ditaba tsa dikakapa tse kgolo bo Jomo Sono, Tornado Ntsibande, Last Born Makroti, Andi "Jesus" Karajinsky le Phil "Mr Jones" Setshedi.
Ke kgahlano le Kaizer Chiefs moo Mkhari a neng a hlabe ntlha eo a ke keng a e lebala bophelong ba hae. "Peter Balac, sethibathibane sa Chiefs, o ne a utlwe ka letshwele hore ke ntlha," ho bolela yena a bile a keketeha ke ditsheho.
O ntse a hlompha mokwetlisi wa mehleng wa Pirates haholo Mario Tuane, a bolela ha a ne a mo kgothatse haholo hore a qetelle a se a ikutlwa jwalo ka Pele. "Monna eno o ne a ena le bokgoni bo makatsang!"
Mokhukhu
Ka mora ho bapala ka katleho ho Pirates, Mkhari a fetela ho Aces ka 1983. Ka mora moo a bapalla le Wits University le Acardia ho fihlela a diela dikgala ka 1985.
Kajeno o dula mokhukhung wa hae o motle le mohatsae ya sa leng monyenyane dilemong, Helen, mme o sebetsa le setjhaba sa moo ka boinehelo ho ntshetsapele papadi ya bolo hara batjha ba Soshanguve.
Erekaha shwalane e ne e se e tshwara, Mkhari o ne a re lefehetse a ntse a re leboha ka ho mo hopola.
Re ne re hlajwe ke dihlong ha re ne re bona mokhukhu oo, ra hopola hape ka moo monna enwa a kileng a re rwesa tlotla kaofela baahi ba naha ena, a thabisa letshwele ka bolo, a bonahala hohle dimakasineng tse pele le dikoranteng. Le Ausi Moipone o ne a sa iketse, a hwelehetsa haholo ke thabo, ha a kena ka lebaleng. A qetella a se a rehilwe lebitso la "Heel Extension." [s]
'Re ne re bapala ka boinehelo...'
Re buile le naledi ya mehleng ya Pirates, Amos Mkhari, monna ya neng a e hara a e harile bolo, ba direng ba sale ba maketse...
PALE PULE WA SEKANO
Mkhari le mohatsae, Hellen, mokhukhung oo ba dulang ho ona.
MEKAUBEREYABOLO
BONA SESOTHO - May 2008
u
t
Extension Heel Mkhari o papading.
