sotho.1376.your_letters
Dumelang metswalle
Ho na le maele a Sejuta ao ke a ratang a reng: Modimo ha o kgone ho ba hohle, ka hoo, o ne o etse bomme.
Jwalo ka Modimo, bomme ba lebaleha ka bonolo, melemo ya bona ha e natswe - ha ba atise ho lebohuwa jwalo ka ha ba tlameha.
Le nna jwalo ka motho ya qalang ho ba mme, ke a bona hore ha ho bobebe ho hodisa ngwana. O dula o qeaqea boiphihlelo ba hao ba ho hodisa bana.
Bomme ba hlileng ba nang le mathata, ke ba nang le bana dikamanong tse fetileng, mme ba qobellehe, (kapa nakong e nngwe ba kgethe) ho ba siya lapeng ha ba nyalwa.
Ha ho bobebe ho kgetha pakeng tsa lerato le ngwana. O ka nahana hore ngwana o tla pele kapa o qetelle o bone hore le thabo ya hao le yona e ntse e le ya bohlokwa.
Pale e kang ena e fumaneha leqepheng 32, mme e tla thusa bomme ba mathateng ana kapa ba sa ntsa neng ba tlameha ho nka qeto ena.
Ntle le moo, BONA le Vaseline di kopane mmoho molemong wa hore o thabele letlalo le letle.
Re rata ho utlwa a hao maikutlo kapa o thabele letlalo le letle meketeng e tla tshwarelwa ditseng tsa mabenkele ka Mmesa le Motsheanong. Se fetwe mohlomong le wena o ka hlahella makasineng o bolella Afrika Borwa ka letlalo la hao le letle.
Bakeng sa dintlha, sheba leqephe 62 le 63.
Ho fihlela nakong e tlang!
Modimo a be le lona
MANGOLO A LONA
Sbu
Mpungose
Lengolo la mohlodi
RE BOLELLE MAIKUTLO A HAO
Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720 imeile: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso la boiqapelo, empa o re bolelle la nnete le aterese ya hao ka botlalo lengolo la hao. Ha se hore re dumellana le maikutlo a beng ba mangolo ao re a phatladitseng maqepheng ana mme re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
MATSATSING ana ke bona batjha ba bangata, banana le bashemane ba tsuba. Hobaneng?
Banna ba bang ha ba rate basadi ba tsubang hobane ba re ha ba bontshe ho ba basadi ba mankgonthe. Ha se lebaka le nkgathatsang ka ho tsuba ha bona leo.
Ke nahana hore basading ba bang ho tsuba ke sesupo sa hore ba kgona ho ikemela. Empa haeba seo ke nnete - ke feletswe. Ho na le mekgwa e mengata e metle ya ho bontsha ho ikemela. Hape ha ho kgetho pakeng sa tsena tse pedi - ho tsuba ha ho a loka, ho kotsi mmeleng wa hao. Ho boetse ho kotsi le bathong ba dulang le wena hobane le bona ba qetella ba hahlametswe ke kwae.
Mehleng ya pele, ho tsuba e ne e le setaele mme ho etswa ke batho ba maemong a hodimo. Batho ba mehleng eo ba ne ba sa hlokomele hore ho kotsi, e ne e le tsela ya bona ya ho ithabisa! Empa batjha ba mehleng ena, ba na le tsebo.
Bana ba bang ba banyenyane ha ba rate ha batswadi ba bona ba tsuba leha ho se seo ba ka se etsang. Empa le bona ha ba kena boholong, ba qale ho tsuba.
Ho tsuba ho kotsi. Hohang ha se bokgabane. Athe bananeng teng, ha ho shebahale hantle hohang, ha ho kgahlehe!
Ho tlohele!
CX, Witbank
Ho ketekwa lenyalo!
Ke natefetswe ke ho bala ka tsa lenyalo la Generations (BONA, Loetse 2008). Ke lakatsa ekare nka be ke tla ba motjha hape mme ke etse lenyalo le tshwanang le leo. Empa haholoholo ke lakatsa ha batjha ba habo rona ba ka itlhokomela mme ka le leng mekete ya bona ya lenyalo e tshwane le oo! A re tshepeng hore ba tla itlhokomela mme ba hlonephane, ba etse thobalano e bolokehileng!
BONA, o kgabane e le ka nnete, pele-ya-pele!
Peggy Pilane, Potchefstroom
BONA e ntle!
Ke mobadi wa BONA wa dilemo, ke sa tswa hlokomela phetoho e kgolo dikgweding tse mmalwa tse fetileng. E ntle haholo. Tswelangpele ka mosebetsi o kgabane!
Ntombi K, Thekong
Ho molemo ho lokisa
Re a lematsa ka matsoho a rona empa re ka boela ra alafa ka ona. Melomo ya rona e a nyefola. Re ka ya katlehong ka maoto a rona kapa ra ya bonokwaneng. Re ka rera dintho tse ntle kapa tsa bokgopo.
Kgetho ke ya rona - mme a re lekeng ho dula re lokisa ka dinako tsohle.
Tshebedisanommoho, mosa le kutlwelobohloko, ke dibetsa tsa bohlokwa tsa katleho le ho pholosa lefatshe. Ho qalwa kajeno mme ho qala wena!
Michael Makola, Tembisa
Lelapa ke la pele
A re sebeletseng ho tiisa dikamano malapeng! A re nahaneng ka bohloko boo bana ba rona ba bo utlwang ha re kgaola lenyalo. Ha re lekeng matsapa!
Matsatsing ana ao maemo a moruo a leng boima hakana, ho dula mmoho ke hona ho molemo. Pele le kgaola lenyalo, qalang ka ho leka ho rarolla mathata, le sa lebale hore ha se lona feela ba amehang lenyalong leo!
Albert Moale, Rustenburg North
Ho thata
Re phela nakong e thata. Selemo ka seng ho ba le batjha ba phethang dithuto tsa bona mme ba iphumane ba solla ba sa fumane mosebetsi. O ba sehlolehi ha o ngala. Se nyahame pelo! Dula o leka ho fihlela o atleha.
Debrah Mashigo, Madinyane
Ba kgopo ba utswetsang bafu
Batho ha ba fihla moo ho hlahileng kotsi teng, bakeng sa ho bitsa koloi ya bakudi, ba utswa mehala le tjhelete ya ba lemetseng. Ke batho ba kgopo ba etsang seo. Ruri, ba tla tjha ha bohloko diheleng!
JS, Somarobogo
Ba leleke
A re emeng ka maoto ho leleka batho bana ba rekisang dithethefatsi ka hara setjhaba. A re ba lwantsheng hobane ba bolaya naha ya habo rona.
LM, KwaXuma
E fedile nako ya ho bua
Ke nako ya ho tlohela ho bua ka dipolotiki! Ya ho tlohela ho nyatsa ANC (kapa mokga ofe wa dipolotiki). Ke ya ho tlohela ho mamela ditshepiso. Ho bua ha ho a lekana. Re lokela ho nka bohato. Re eme ka maoto! A re sebetseng mmoho hore re natefelwe ke naha ena ya habo rona e ntle!
Solly Dinkebogile, Ikageng
Se etse seo!
Ho inyatsa le ho phoqeha ke karolo ya bophelo. Re ke ke ra ho phema. Ho na le nako ya thabo le ya ho phoqeha - ke ka moo bophelo bo leng ka teng.
Motho ha a dule a thabile a bile a atlehile ka dinako tsohle. Empa ke hlokometse hore batho ba bang ba phakisa ho nyahama dipelo, haholoholo ba batjha.
O feitse dithutong?
Ha o fumane mosebetsi? Se lahle tshepo! Tsohle di tla feta!
Se nahane ho ikutlwisa bohloko. Modimo o batla ho bona tumelo ya hao.
MP, Mobeni
Fihla o phetse
A re hopoleng hore dikotsi tse ngata tsa mebileng di bakelwa ke diphoso tsa batho. Ha se nako ya hore bakganni ba tlohele ho matha ka lebelo le leholo feela. Ke nako ya hore bakganni ba itlhahlobe, ba ipone hore ha ba kganne hantle jwalo ka ha ba nahana? A re hopoleng bohlokwa ba ho fihla o phetse moo re yang teng.
Esther Moilwe, Renosterkraal
Ho ho boetapele
Naha ya habo rona e fetohile masawana. Botho bo re lahlehetse? Bakeng sa boetapele ba nnete, boradipolotiki ba batla ho ba barui! Ba nyenyefatsa boinehelo ba bahale ba habo rona ba lwanetseng tokoloho!
KL, Mabopane
Sengodi sa lengolo la mohlodi la kgwedi o tla amohela
Samsung M620 ya Nashua Mobile
ya boleng ba R1 200
Nahana feela ka ho fetisa maikutlo a hao ka ho phethahala o bua ka Samsung M620. Nashua Mobile e o hokela ka tsela e kgolo ka ho o fa kgetho e pharaletseng ya diselefounu le dihlahiswa le ditshebeletso tsa data. Bakeng sa tlhahisoleseding e feletseng letsetsa nomorong ya 0861-531-531 kapa kena inthaneteng ho. www.nashuamobile.co.za
Molaetsa wa bohlokwa wa batjha ba Afrika Borwa
Ho tsuba ha ho a loka
E ba mohlodi le
RE LEBOHELA babadi bana ba babedi ba lehlohonolo, ba hapileng Apple iPod 1GB Shuffles ho Block Puzzle No 88 e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Hlakola 2009 ya BONA. Bona ke: M. Somya, Cookhouse, le Maria Mhlongo, Mabeskraal. Natefelwang ke mmino wa lona!
Karabo: Arthur Mafokate
RE LEBOHELA Freddy Matadzi wa Krugersdorp, mobadi ya lehlohonolo ya hapileng diphomolo tsa matsatsi a mararo, Madikwe River Lodge tlhodisanong e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Hlakola 2009 ya BONA. Natefelwa ke ho intshetsa Madikwe Game Reserve.
Eba le tshepo
Dikeletso tse ntle tsa babadi ba bararo
Ke mohlankana ya dilemo di 20 ya pasitseng materiki, ya so kang a etsa thobalano. Ha ke nwe ha ke tsube. Ke kgathatseha haholo ha ke bona batjha ba naha ya heso ba senya bokamoso ba bona ka ho kena thobalanong e sa bolokehang le ba sebedisang dithethefatsi.
Ditjhankana le dipetlele tsa habo rona di tletse batjha ba mathateng a bakilweng ke boitshwaro ba bona bo bobe.
Batjha ba lokela ho sebeletsa ho ntlafatsa bokamoso ba bona mme ba se nkele dithuto tsa bona tlase hape ba bapale le dipapading. Ba lokela ho sebedisa menyetla yohle e hlahang. Re ka e hlola ntwa e ripitlang setjhaba sa habo rona ha re ka sebetsa mmoho.
Mfundiso Smith, Kokstad
Ha o batla bophelo ba nyakallo, o lokela ho phema mehopolo e mebe. Re lokela ho kgetha ho ba le menahano e metle, re phele hantle mme re etse tse nepahetseng!
Re lokela ho etsa dintho tse ntle hobane re rata botle e seng hobane re tlameha ho etsa jwalo! Ho dula o nahana dintho tse nepahetseng ho ka etsa hore o iphumane o leba le dibakeng tse nepahetseng.
C Sepeko, Jouberton
Ke hlola ke bone mafutsana a rua. Ba holofetseng ba atleha. Ba sa rutehang ba nyolohela maemong a hodimo. Bana bohle ho na le se ikgethang ka bona - ba kgethile ho etsa se molemo ka bophelo ba bona, ho sa kgathallehe hore ba maemong afe. Ha ba tseba ho etsa jwalo, wena o hlolwa keng?
Aaron Tlou, Tweefontein
