sotho.1371.lettersjul
Le hapileng
KA PHATO 2002 ke ile ka belehe lesea la moshanyana le letle. Letsoho la hae le ka ho le letshehadi le ne le holofetse. Hape ke ne ke belehe ha bohloko. Ke ne ke lle matsatsi ka mora moo, ke ipotsa hore ebe ke entseng.
Dingaka tsa re fetisetsa sepetleleng se seng moo ke neng ke kopane teng le baeletsi ba profeshenale.
Hanghang dintho tsa tjhentjha. Ke ne ke bontshwe bana ba bangata ba neng ba holofetse ka mekgwa e fapaneng, ka bona moraka a le betere ho feta ba bang. Ka mora ho ba bona, ka se ke ka hlola ke hloka ho buisana le moeletsi.
Nna le mora wa ka re ne re le maemong a betere ho feta ba bang ba bangata bao ke neng ke ba bone.
Batswadi tshehetsang bana ba lona ho sa kgathallehe hore ba maemong a jwang. Ha ngwana a holofetse, se mo pate. Mo thuse hore a tsebe ho iphedisa a leke ho phela bophelo bo tlwaelehileng. Ka nako eo le wena o tla ithuta dintho tse kgolo.
WW Tsamal, Hammanskraal
Senotlolo
Ke hotse ke tseba hore thuto ke senotlotlo sa ho kena bophelong bo botle lefatsheng. Batjha ba tswafang sekolo ba lokela ho nahana ka mokgwa o mong!
Ha ho letho leo o ka kgonang ho iketsetsa lona ntle ho thuto. Ha o ka lahla monyetla ona, ho tla be ho fedile ka wena!
ND, East London
Se ba tshabise!
R100
Mangolo a hao
Ithute ka tsa thobalano
E fihlile jwale nako ya hore re rute bana ba rona ka tsa thobalano.
Ba hlola ba utlwile dinthontho metswalleng ya bona, hape ba bona thobalano ho TV mme tsena tsohle di ka nna tsa ba lahlehisa.
Batswadi ba lokela ho nka boikarabello ba ho ruta bana ba bona tsa thobalano.
E fetile nako ya makunutu. Ho ruta bana ka tsa thobalano ho ka thusa ho lopolla bophelo ba bona.
Ho ba dilemo di ka tlase ho tse 20, ke etsa boiletso ba hore ba ithute ka taba ena. Ipheng dikelello!
Dintlha tsa bohlokwa kaofela di teng. Ho iphapanya, o etse thobalano e sa bolokehang ho tla o bolaya o sa le monyenyane.
RM Nancy, Maboine
Se ba lahleng!
Batswadi ba bangata ba leleka bana ba bona malapeng. Molato"
Hobane ba sa ba mamele. Ba sa hlonephe, ba le tala. Boo ke boitshwaro bo bobe empa bona moo bana ba fellang teng ka mora ho lelekwa mahae.
Ba fetoha dihlola, bakopi le mashodu, ba a bolaya hore ba fumane tjhelete ho sa kgathallehe hore e nyenyane hakaakang.
Bana ba rona ba ka nna ba re kwatisa empa re lokela ho ela hloko pele re ka nka bohato bo boima jwalo ka boo, ba ho ba leleka.
A re ipotseng hore ebe rona re le batswadi re fela re ba bontshitse tsela hantle kapa tjhe.
Molasadi Modiba, Segopje
BONA SESOTHO - July 2006
O ke ke wa reka lerato
Lerato la sebele ha le rekwe ka tjhelete. Se etse phoso. Lerato la sebele le hloka botshepehi, boikokobetso le kutlwisiso. Banana ba kajeno ba phela ka ho rekelwa diphahlo, dintho tsa ho itlotsa le ho lokiswa moriri ke bahlankana ba bona.
Banna ba nkwa jwalo ka metjhini ya tjhelete. Hobaneng basadi ba bang ba rata tjhelete hakale" Banna le bona ba lokela ho ba sedi.
Ho lefella ditshenyehelo tsa motho ha ho etse hore a o rate. Tjhelete e bebofatsa bophelo empa e ke ke ya reka dintho tsa bohlokwa bophelong. Dikamano tsa lerato tse itshetlehileng tjheleteng feela ha di atlehe hobane ha e fela le tsona di a fela.
Thandeka Ndlovu, Carolina
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Sebedisa menyetla nako e sa le teng!
Sebedisa menyetla...
Ha ke sa kena sekolo, titjhere ya ka e ne e re bolelle ka menyetla mme ke kopa ho le bolella babadi ba BONA pale eo...
Monyetla ke ntho e fetang ka pele haholo. Hang ha o ka o feta, o ile, o ile. Leha o ka ba le koloi e lebelo ho di feta lefatsheng, o ke ke wa o lelekisa, o o fumane. Seo o ka se etsang, ke ho ema hape, o emele o mong mohla o fetang ka tsela.
O kape hang feela, leha o ka o tlapurela ka moriri kapa ka lona letlopo!
Kajeno ba bangata setjhabeng sa habo rona ba llela metsotso.
Ke ka makgetlo re tlohela menyetla e re feta re senya nako ka ho nna re ithetsa ka hore re tla etsa seo hosane - ho fihlela nako e feta.
Ha ho ntho e bohloko jwalo ka ho llela metsotso jwalo ka sethotsela sa mmidikane.
Ka nako ena eo re ntseng re ikwahlaya, e meng hape menyetla e a feta!
A re lekeng ho phema sena, ha re tloheleng ho nna re etsa meso e tswala meswana mme re sebedise monyetla ofe kapa ofe oo re o fumanang!
Isaiah Masuku, Port Shepstone
A re fediseng peto hohang!
Ha ho phoso
Ke etsa boipiletso ho batjha hore ha ho phoso ho boloka borwetsana - ho fihlela motho a hotse ho lekana hore o tla kgona ho nka boikarabello ba sephetho sa thobalano. Ke dilemo di 17, ha ke so etse thobalano - ke motlotlo ka hona! Ho boloka borwetsana ba hao ha ho bolele hore o sethoto! Empa o bohlale - o boitshwaro bo botle hape o na le boikarabello.
Nokukhanya Zikalala, Madadeni
BONA SESOTHO - July 2006
Mangolo
a hao
Ke dilemo di 18, ke tshaba banna hobane ke a tseba ba ka nna ba mpeta neng kapa neng. Naha ya habo rona ke ya mmuso wa demokrasi, na ha ho jwalo" Le nna ke lokela ho ba le tokoloho empa ke tla ba le yona jwang ha babeti ba dutse ba mpeile leihlo ba batla ho senya bophelo ba ka"
Ba na le tokoloho ho mpheta! Ke nahana hore babeti ba lokelwa ke kahlolo e boima. Setjhaba se lokela ho ba senyetsa sena se bohlokwa ho bona - bonna ba bona!
EL, Limpopo
Ratang batshwa-
ruwa
Basadi ba ratanang le banna ba tjhankaneng ba ikenya mathateng. Batswaruwa ha ba lokollwa, ke nahana hore ba lokela ho nehwa nako ya hore ba imamele. Ho na le dintho tse ngata tse etsahalang ditjhankaneng tseo rona ba so kang ba tshwarwa re sa di tsebeng, tseo hape re ke keng ra di utlwisisa.
Tjhankana ke sebaka se sebe haholo mme motho ya sa tswa lokollwa teng, o hloka nako ya ho ipatla, a iphumane, a itlhophisetse ho kena setjhabeng.
Hape ba lokela ho boela ba tshepahale metswalleng le ho ba malapa. Mme ha ba batle hore ba se hlole ba kena mathateng, ho na le metswalle eo ba lokelang ho kgaohana le yona.
Hape ba lokela ho itlwaetsa diphetoho tseo ba fumanang di se di le teng. Ho ba tshwaruwa nako e tsamaya butle!
Hape ba lokela ho batla mosebetsi, e leng se thata ka ho fetisisa ha o etswa tjhankaneng.
Ya batlang ho ratana le motshwaruwa, o lokela ho ba le mamello.
Athe ha o nahana hore o tla tjhentjha monna eo teng, o ipitsetsa bohloko ba pelo feela. Ke yena ya ka tjhentjhang bophelo ba hae mme wena o mo tshehetse.
Nonceba Tuntulwana, Kokstad [s]
O ka sebedisa lebitso
leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
