sotho.1048.yourceleb_NDOFAYA
Ndofaya
Tshepo Maseko wa Isidingo o hlahetse a holela Meadowlands, Soweto. Mona re qoqile le yena a re bontsha tse ding tsa dibaka tseo a neng a ratela ho tsona ha a sa hola
HO TLOHA NTLONG E NYENYANE HO YA HO E MAJABAJABA
Naledi ya Isidingo, Parsons, o hlahetse ntlong e dikamore di nne mane Meadowlands "Ndofaya" Zone 9 mme ha a fele moo hobane batswadi ba hae ba ntseng ba dula teng.
Ba e ntjhafaditse jwale. Nna le bana beso, re ne re kopanye matsoho ra e atolla," o boletse jwalo.
O utlwahala a kena hekeng feela.
O buela hodimo, athe o mafolofolo. O ne a fihle a se a botsa ntatae a re: "Waar is jou vrou (o kae mohatsao)?" nakong eo a ntse a bapadisa motjhanae ya dilemo di pedi, Pokello. Mmae, Baby Catherine Maseko, ya dilemo di 65, o o re haesale a le lerata.
"O a tseba Tshepo o hotse e le ngwana ya thotseng, empa eitse hoba a kopanye dilemo tse 10, ya tloha taba. O ne a qale jwale ho ba mafolofolo, ke moo talente ya hae ya ho ba sebapadi e qadileng ho bonahala teng."
Tshepo o qadile hona lekeisheneng moo. O ne a bapala dipapadi tsa kerekeng le manyalong. Ntatae, Pokello Maseko (71) o re morahae o boetse o rata dijo. "Ke a ipotsa hore ho ne ho tla ba jwang haeba a ne a nyetse mabotswa," o boletse jwalo a sisinya hlooho.
DIJO LE METSWALLE
A re isa dijong Mjijos, Zone 2, lebenkeleng la motswallae, George Tiro la dilemong tse 20 tse fetileng.
"Tshepo haesale a bua," ho rialo George a tsholela motswallae. "Re ne re kopane kerekeng re le dilemo di supileng," Tshepo yena a re thaka leo le ne le ne le thibane le minya veine ya moruti."
Ba ne ba tshaba ho bapala bolo hobane mapolesa a ne a tla re ba baka morusu. Ha a ne a sa bapale bolo, o ne a etsang?
TSA SEKOLONG
Ra etela e mong wa metswalle ya hae, Moss Silindane a neng a kena le yena sekolong sa Kelokitso!
Ha re fihla ha Moss, moo Meadolands, ha a ka a qeaqea ho re bontsha difoto tsa bona ba sa le sekolong.
"Bana ke baithuti ba neng ba tswa pele. Re ne re di rata dibuka, le matitjhere a ka re pakela," o boletse jwalo a supa ditshwantsho.
Ka Meqebelo, ba ne ba leba sekolong ho ya etsa mosebetsi wa bonono, dipapadi tsa kalana le karate mme ha Moss a kgutla kerekeng (ya Seventh Day Adventist), ba ne ba kgutlela temeng.
"Mothaka ona o ne a sebetsa ka thata, a le bohlale, ke ka hona a iqalletse sekolo sa hae sa ho kganna ka katleho," ho boletse Tshepo ha a bua ka Moss.
DIKGAREBE
Moss le yena o motlotlo ka katleho ya motswallae mme o hopola le selemo seo ba neng ba kopane ka sona. "Ke ne ke le dilemo di 16, ke ne ke mo nka jwalo ka ngwana. A hlile a le monyane, ha ba baholo ba batla ho mo otla, ke mo sireletsa, sa qala moo setswalle sa rona."
Tshepo o bolela ka moo a neng a le ka teng bananeng mme o ne a kopa ho intsha le dititjhere leha a ne a se motle bananeng. Moss a kenella a re Tshepo o ne a nkehile ke ngwanana e mong empa a tshaba ho bua le yena.
"Ke ne ke nke qeto ya ho kenella. Ka mmuela le yena. Tshepo yena o ne a tlwaetse ho mmitsa feela ka phaposing, mme ke bue le yena. "O ne a tlwaetse hore ha a qeta ho mmitsa a re, 'Ke eo a etla, ke eo a etla,'" ho bolela Moss a tsheha. Qetellong ba intsha mmoho. "Mohlomong ke ne ke tlameha ho mo nyala," ho rialo Tshepo. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Ivan Naude
LEKEISHENE LA KA NALEDI YA KA
1. Batswadi ba Tshepo ba dilemo di 41 ba nyalane, ba sa ntse ba dula ntlong ya bona ya kgale.
2. Ntlo eo pele Tshepo le bana babo ba e atolla.
3. Ha a fetwe ke dijo tsa Sontaha, re leboha mmae ka ho tshola masutsa.
4. Tshepo o ja Mjijo's, lebenkele la dijo la motswallae George Tiro le Meadowlands Zone 2.
5. Phaposi ya 35 e ka morao ke eo setswalle sa Tshepo le Moss se neng se tie teng dilemong tse 22 tse fetileng.
6. Tshepo le Moss ba natefetswe ke ho sheba ditshwantsho tsa kgale.
Na o ne o tseba?
Ka 1959, baahi ba Sophiatown le Alexandra ba ne ba tloswe ka sheshe ba tliswa Soweto mme sebaka sa pele seo ba neng ba fihle ba dula ho sona ke Meadowlands.
Lekeishene lena le ne le reneketswe ka lebitso la Ndofaya (jwalo ka Sophia) hobane batho bohle ba ne ba tloswe Sophiatown.
Dibapadi tse ngata tse pele tsa bolo di tswa hona Meadowlands. Hara tsona re ka bala Marks Maponyane, Linda 'Mercedes Benz' Buthelezi, George 'Brains' Mchunu le Elijah Msibi.
Hara ba bang ba tummeng re ka bala Baby Jake Matlala, Tshedi Moholo wa Malaika le Andile Gaelesiwe wa Khumbul'ekhaya.
