sotho.1367.metrocop
HA KE kena kantorong ya Chief Superintendent Beauty Legoabe mane Jozi, ke fumane mme, ya sa bontsheng letho le ka ntshosang kapa hona ho mmakatsa.
O ne a nkamohele ka matsoho a mofuthu. Mona maqheka ohle a bonokwane a a nyopiswa, o a bona hore o rupelletswe ke FBI? Ha ho pelaelo! Empa pososelo ya hae ya mpontsha hantle hore ke se seng sa dibetsa tsa hae - o a tseba hore o kgellwa tlase, hantle jwalo ka sepolesa sohle sa Afrika Borwa.
Ho a totobala hore tshireletso ya mapolesa e ka nna ya tia haholo, empa Beauty Legoabe, ke e mong wa basadi ba netefatsang seo. O okametse dikarolo tse tharo tsa Sepolesa sa Masepala wa Johannesburg, ho tloha Midrand ho ya Nokeng ya Lekwa, ha a thabele ho bona batho ba nyollelwa maemong a hodimo a mosebetsi hobane feela e le ba morabe o itseng, empa nnete e le hore ha ba na bokgoni le ditlhoko tsa ona. "Re boetse hape re thusa Sepolesa sa Afrika Borwa ho fofonela dinokwane tseo ba di batlang."
Ka mora dilemo tse 17 a le ho SAPS o ne a kene ho JMPD. Ntle ho mosebetsi wa ho fuputsa - le ho nyopisa merero ya dinokwane le pele di qala, o tobane le dinyewe tsa peto, ho thuba le boshodu. Ho boetse hape ho na le sepolesa se tsamayang ka dintja tse ikgethang tse fofonelang dithethefatsi le diqhomane.
Moo teng ho sebetswa ka thata hobane Legoabe ha a nke tjotjo, ha a na nako ya ho mamela masawana a mapolesa a botswa. O mpontshitse dinyewe tseo a di fuputsang, ka otlwa ke letswalo. "Ke batla sephetho. Ke lakatsa ka le leng re tsohe bonokwane bo fedile hohang Joburg." Thupello ya hae ya FBI e tla mo thusa. O rupelletswe motsemoholo wa yona, Quantico, a hlaba babelaellwa dipotso, a ya dibakeng tsa dipolao hape a ikwetlisa ka thata.
Moo ha ho tshwane le kwano, moo mapolesa a tletseng mmila ka dimpahadi, Legoabe o dumela ha boikwetliso le ho hlompha molao di lokela ho fetolwa setlamo sepoleseng.
O dumela hore ho lokela ho thehwa matsapa a matla ho laola kgatello. "Kgatello ke sesosa sa mathata mapoleseng a mangata. E bolaya matla a sepolesa," ho bolela yena. Ho thata bopoleseng. Ho tiisetsa ha se toka, ho ka o lahla fatshe. Legoabe o dutse a behile mapolesa a hae leihlo ho bona matshwao a kgatello leha a le manyenyane hakaakang e le hore mosebetsi o tsamaye hantle.
Yunithi ya hae e dutse e fihlela sephetho seo a se labalabelang. "Ke yona e neng e tshware babolayi ba Lucky Dube," ho bolela yena. Ke yona e neng e thunyane le dinokwane mane Dobsonville, Soweto. Ba boela ba utulla dithunya tse ngata, ho utsuwa ha dikheibole, diselefounu le di-ATM. Legoabe o ne a le teng sehlopheng se neng se buisana le boraditekesi ba Noord ka mora tlhlekefetso ya mosadi ya neng a tsodiswe a ahlolelwa ho tena mese e mokgutshwane haholo.
"E ne e le ketso ya boqaba bo nyonyehang ka ho fetisisa," ho bolela Legoabe. "Empa ho ntse ho ena le bakganni ba lokileng, ba mpang ba phela ka hara diphoofolo, ba a re thusa le diphuputsong tsa rona."
O re ditlhoko tsa sepolesa tsa ho sebetsa di hloka ho ntlafatswa. "Amerika, ha re etsa mohlala, a na le di-laptop, dikoloi tseo a paterolang ka tsona di hokahantswe le seteisheneng sa ona." Mohlomong melemo e jwalo e tla qetella e fihlile le ho rona - haholoholo ha re ena le mapolesa a inehetseng jwalo ka Beauty Legoabe a etsang matsapa ohle a hore re bolokehe. [s]
Maele a Sesotho a re mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng mme sena ke seo re se bonang bophelong ba Beauty Legoabe, e mong wa mapolesa a pele Afrika Borwa...Pale ka Force Khashane
Re lwantsha bonokwane Joburg
BASADI KAOFELA
Seo a se ratang: "Ho reka, haholoholo dieta le mekotla. O se ka mpotsa hore ke na le dipara tse kae tsa dieta kapa yona mekotla hobane le nna ha ke tsebe."
Se mo kgothatsang: "Mme wa ka. Ebile mohlala o motle ho nna ka ho phela ho ya ka moo a bolelang ka teng. Ke ithutile dintho tse ngata ho yena mmoho le hlompho. Ka boela hape ka kopana le Motlatsi wa Mookamedi wa Mapolesa a Masepala wa mane Kapa, Pinkie Mathabathe. Ke motshehetsi e moholo wa ka, o ba le nna menateng le mathateng a bophelo ba ka. Maikemisetso a hae a ho batla ho phetha mosebetsi wa hae ka bokgabane le ka boinehelo bo boholo, bo a nkgothatsa hore le nna nka kgona ho atleha mosebetsing wa ka leha ho le thata."
Sehlopha sa hae: "Mamelodi Sundowns."
O rata: "Batho ba ikemisetsang ka mosebetsi wa bona le ka neo ya bona."
O hloile: "Batho ba sa tshepahaleng."
TWANTSHO YA BONOKWANE 2
BONA SESOTHO June 2008
