sotho.1366.mzansi
O ne a tshose babohi ka ho bapala karolo ya mosadi ya morusu, Doobsie, selemo se fetileng - jwale tjena Khanyi Mbau o qakile ka ho qala merusu karolong ya Mbali ho Mzansi...
KHANYI o rata karolo ya Mbali. "Ho na le dintho tseo a tshwanang le nna ka tsona," o boletse jwalo a bile a tsheha. "Bobedi re bomponeng, mponeng, re aparela mahlo a batho mme ha re tshabe diphephetso. O tlameha ho itela ha o batla ho atleha bophelong."
Khanyi Mbau o na le maikemisetso a maholo, ha a na mamello, o bona ekare dimilione tsa babohi ha di mo tsebe hantle. O a tjhesa - bohle ba batla ho mo neha dikarolo tse pele - ke setlabotjha se dilemo di 20 feela empa o se a ipehile maemong a ho ba sebapadi sa profeshenale. Khanyi - o laola mosebetsi wa hae ka boyena - o se a fumane dikopo tse ngatangata tsa mosebetsi.
Selemong se fetileng, o ne a kene ka tshohanyetso ho TV, ha a lokela ho nka karolo ya Doobsie ho Muvhango ka mora hore Lindi Chibi a thunngwe mme a lemale ha bohloko.
Ditshwantsho tsa hae tsa eba matletsatletse dikoranteng. A tswa filiming ya SABC 2 selemong se fetileng ka Loetse ka mora hore a ye ditekong tsa karolo e pele ya Mtunzini.com. O hlolwa ke Kaybee karolong eo - empa ba pale ya Mzansi ba mo nkela hodimo, ba mo neha karolo ya Mbali paleng ya bona e neng e tla qala ka 2006.
"Mbali ha a tsebe seo a se batlang bophelong," Khanyi o bolella ba ha BONA nakong eo a sa ntseng a nkile kgefu filiming eo. "Nna le yena re a tshwana. Re rata mahlo a batho, meketjana le boithabiso empa ntle ho moo re batla tlotla ka mosebetsi wa rona o kgabane.
"Hara boithabiso boo le ho ba mponeng, mponeng, re qetella re bone ekare ha re tsotellwe.
"Ntata Mbali, Chris Ngcobo, o a mo tefisa. O motlotlo haholo ka morahae, Vusi (Thapelo Mokoena), ya atlehileng haholo kgwebong ya feshene. "Ke tseba hantle hore ho jwang ho se tsotellwe.
"Wa ka ntate o ne a re siye ke sa le monyenyane, a se ke a batla le ho tseba ka bophelo ba ka."
HA A SE ho TV, Khanyi o re o ratana le rakgwebo wa KwaZulu ya mo tshehetsang haholo mosebetsing wa hae wa TV hape ke yena moeletsi wa hae.
"O a nkgothatsa. O na le katleho, o sebete, o motle hape o a ntshepa mosebetsing wa ka. Bohle re hloka ho ba le batho ba jwalo ka yena maphelong a rona. Hoja ebe ho ne ho iketsetswa, Mbali o ne a tla atleha jwalo ka lelapa la ha Ngcobo, Deliwe le Charity."
Matsatsing ana ho Mzansi basadi ba Ngcobo ke bomponeng, mponeng ka kgwebo ya bona. Leha ba phela mafureng, ba lwanela ho tshwarwa ka ho tshwana ke banna mme ba sebedisa tjhelete, thobalano kapa dithunya ho fihlella seo.
Tshusumetso ya Chris Ngcobo (Yule Masiteng) e ditekesing le ditshebeletsong tsa lepato. O phehisana le Monti Williams (Peter Mashigo), ya ne a ahlotswe dilemo tse 20 tjhankaneng ka ketseletso - o tswile jwale, o na le tshehetso ya tjhelete e ngata o ikemiseditse ho qeta ka lelapa lena la ha Ngcobo.
Deliwe Ngcobo (Lucia Mthiyane) ke yena ya thefulehang haholo. Yena le Monti ba leka ho itebatsa ka bophelo ba bona bo fetileng - mme jwale ho hloka tsebo ha bona ho tla beha maphelo ba bona kotsing.
Naledi ya mmino wa sebaya, Lucia o tswa ho Backstage, mme karolo ena e ntjha ya Mzansi e mmeile maemong a matle ho TV.
"Ke phephetso e kgolo," o boletse jwalo ka pososelo. "Deliwe e sa ntse e le mosadi ya nang le tshusumetso eo hape e leng mme wa lelapa lena empa lekunutu lena le tshabehang la dilemo leo a dutseng hodima lona le ka nna la mo kenya tsietsing. "O tlameha ho itopolla - re bona ka moo mme a ka nnang a kgohlahala hape a ba kotsi ka teng."
Lucia o phehisana haholo lapeng lena le Coco ya motle eo hape boitshwaro ba hae dikarolong tsa selemong se fetileng di neng di makatsa - a robala le moena monnae, Vusi, a senya tjhelete ka dintho tsa masawana.
Jwale ke ngwetsi ya Lucia, o ikemiseditse ho boela a tshepahala hape ka hore a bokelletse lelapa lena dimilione tsa diranta. O laola kgwebo ya bapati mme o boetse o iketsetsa tjhelete ka ho utswa ditopo dimoshareng tsa mmuso. Empa le ha ho le jwalo Coco o utlwa bohloko ha Chris, a rekisa kgwebo eo.
"Ke rata karolo ya Coco," ho bolela Charity Sehlohole. "Le kgetlong lena o tswa ka la nale lesoba mme babohi ba dula ba tonne mahlo."
Selemong se fetileng barati ba bang ba filimi ena ya Mzansi ba neng a halefile ba ne ba mo hlabe ka tlelapa a le mabenkeleng a maholo a dibakeng tse fapaneng, Jozi, Maritzburg le Thekong. "Sena ke se nka e le sesupo sa mosebetsi o motle," ke yena eo a tsheha.
BORADITABA ha ba kgotsofale ba so ka ba bua letho ka Khanyi Mbau, ka setaela sa hae sa moriri se bitsang R1 000 le diaparo tse turang, dikoloi tse nne le ho rata maemo meketeng ya mabenyane. Mbali ya botlokotsebe, ka nako e nngwe o etsa dintho tseo a tlwaetseng ho di etsa ho Mzansi le bophelong ba hae. "Ha ke na dihlong hohang ha ke tswafe ho etsa ntho e tla mpitsetsa mahlo a batho," ke yena eo.
"Batho ba rata ho bua ka tjhebeho ya ka le bophelo ba ka. Ke dilemo di 20 mme ke natefetswe ke bophelo, ka nako e nngwe ke etsa diphoso - empa ke leka ho ithuta diphosong tsa ka.
"Bohle re na le bokgobi ba ho ba dibapadi, ba bang ba hlodiswa ke dihlong feela. Batho ba tshaba ho hlahisa maikutlo a bona le ho latela ditoro tsa bona.
"Ho tsa boithabiso o ke ke wa atleha ka dihlong." [s]
BONA SESOTHO - July 2006
pale ka DOUG GORDON
setshwantsho ka PETER WHITFIELD
moriri le mokgabiso wa sefahleho: FAITH SEUOE
setaele: MARINA WALSH
O motle empa o mekgwa e mebe
"Ke tswaletswe ho sa!" ho rialo Khanyi Mbau wa Mzansi. "Ke tumme ka ho ja koto." (Lebanta le jean: Foxy; dieta: Foschini; sefaha le masale: Amici; tshupanako le reng: ke tsa Khanyi.)
M
ampodi
wa difilimi!
BONA SESOTHO - July 2006
