sotho.1364.sangomas
Mathuela a malala-a-laotswe
Sebaka sena se ikemiseditse ho iketsetsa tjhelete mmoho le ho ruta dibapadi tse ngata tsa matjhaba ka ditlhare tsa rona
tsa Afrika...
BATHO BA RONA
YA tla ya e etsa taba ya 2010, jwalo ka ha letsatsi le dikelang, le re atametsa nakong ena, ke semphete, ke o fete ho Maafrika, ba bangata ba kena kgwebong ya bohahlaudi. Kae le kae moo o tsamayang teng, o bona dibaka tsa ho robala ka mefuta ya tsona, ke bolela le tsena tseo o fumanang le dijo tsa hoseng le maroko feela ho tsona (B&B). Mathuela le ona ha a itheka morwalo, le ona ha a rate ho sala morao.
Ke rialo hobane ho na le mathuela a nang le sebaka sa bohahlaudi se bitswang Phaphamani Vanghoma Heritage And Tourism Centre mane motsaneng wa Muhlava haufi le Tzaneen mane Limpopo. Sebaka sena se ratwa haholo ke baeti ba tswang Jeremane, Brithani, Fora le Amerika.
"Re hlahisitse meriana ya rona ka tsela e kgahlang," o boletse jwalo motsamaise wa projeke ena Eddy Nhlangwini ya neng a tswe lefehlong ka 1991. Nhlangwini ke hlooho ya mokgatlo wa mathuela, Greater Tzaneen Traditional Healers Association.
O bolela hore ba ne ba nke qeto ya ho qala projeke ena ngwahola.
"Re batla ho fumanela mokgatlo wa rona tjhelete ka hore batho ba tle ba tlo bona ka moo re tswakang meriana ya rona ka teng.
"Re kgollwa tabeng ya hore mathuela jwale ha a sa tlameha ho sebeletsa sephiring. Batho ba tlameha ho tseba seo re se etsang.
"Rona mokgatlong ona, ha re sebedisane le mathuela a loyang le a retlang batho. Ha se dingaka tseo.
"Rona re dingaka tse phekolang, ditlhare tsa rona ke tsa tlhaho tseo re di bontshwang ke badimo ba habo rona."
Sebaka sena se ne se bulwe semolao ke Letona la dipalangwang lebatoweng lena, Justice Pitso, ka Phupjane mme ho sona ho na le polokelo ya dintho tsa kgale, matlo a ho laolela, serapa sa ditlhare esitana le matlo a ho phomola.
Nhlangwini o lebeletse baeti ba bangata nakong ya Mohope wa 2010!
"Re malala-a-laotswe bakeng sa baeti ba bangata," ke yena ka pososelo.
E ne e re ha ba ha BONA ba se ba tsamaya, Nhlangwini, le bona a ba neha sephuthelwana.
"Ke eng ena?" Ke nna ka ho makala.
"Ke moriana," ke yena eo. [s]
NewsFirst
Pale le ditshwantsho: Neville Maakana
Tse ding tsa disebediswa tsa mathuela.
Bahahlaudi ba ithuta ka meetlo ya Seafrika.
Eddy Nhlangwini o amehela baeti sebakeng sena.
