sotho.1362.lebo
BONA - August 2005
Ngwanana ya nang le maikemisetso
O ikgantsha ka dithoko
"Ke ngola dithoko tse ngata ha ke le boemafofane ke emetseng sefofane," ho bolela Lebo Mashile.
Re leboha Lebo Mashile hobane kajeno dithothokiso di a ratwa...
BONA SESOTHO - May 2007
LEBO MASHILE (28) o thusa Afrika Borwa ho nyolla maemo a dithothokiso. O se a iketseditse lebitso le letle jwalo ka seroki ditlelapong tsa mmino wa jazz le meketeng ya bonono naheng ena.
"Dithoko ke moetlo o ratwang haholo matsatsing ana," ho bolela yena. "Ke bile lehlohonolo hore ke nepane le nako ena. Ke phela dilemong tseo basadi ba kgonang ho hlahisa maikutlo a bona ka bolokolohi."
Lebo o ne a qale ho atleha hantle ka 2005, ka nako eo dithothokiso tsa hae di neng di qala ho hlahella haholo a roka ka ditokelo tsa basadi le tekatekano ya bong. Ke e mong wa basadi ba neng ba itseka ka mantswe - jwalo ka Thandiswa Mazwai le Simphiwe Dana mminong le Ntsiki Mazwai le Napo Masheane ka dithoko.
Empa ka nako eo SABC 2 e neng e neha Lebo lenaneo la beke, ke hona moo a neng a ikutlwe a fihlella maemo a bonaledi a labalabelwang ke dinono tsohle.
Lenaneong la hae o ne a buisana le batho ka tsa bophelo ba bona ho ya ka moo ho neng ho phelwa ka teng kgalekgale. Empa yena o ne a tsamaya le sehlopha sa boraditshwantsho, a hatisa sohle. Pele ho nako e kae L'Attitude e ne e se e shebellwa ke dimilione tse ka hodimo ho tse pedi tsa batho.
"L'Attitude e ne e le karolo ya mananeo a TV a fuputsang. Rona Maafrika Borwa re rata ho tseba ka tsa bophelo ba batho ba bang ba habo rona. Re ne re sa lebella tshehetso e kalo empa re etsa sohle seo re ka se kgonang ho ipeha maemong a matle."
O ne a ye le Khayelitsha ho ya utlwa maikutlo a bomme le baradi ba bona ka tlhekefetso ya peto. A ba teng le nyeweng ya Mong Jacob Zuma ya peto. "Ke bohato bo boholo ba hore ebe basadi le bona ba na le tokelo ya ho hlahisa maikutlo a bona ka taba efe kapa efe e ba amang," ho bolela Lebo. "Maikutlo a batshehetsi ba hae le ba neng ba mo nyatsa a ne a phahame haholo."
Ha tla kgwebo ya mmino wa kwaito - hobaneng ba bang ba hafa ka nkatana ha ba bang ba le kojwana di mahetleng. Ho buisana le masupatsela a kang bo Arthur le Don Laka ho ne ho thuse Lebo hore a ithute ka moo a ka kgonang ka teng ho sireletsa seriti sa hae mosebetsing ona o boima.
"Ba atlehileng kgwebong ena ke ba nang le kelello e tjhatsi ho tsa kgwebo," ho bolela yena. "Bona ba phakisa ho laola thekiso ya direkote tsa bona mme ba ithehele tsa bona dikhampane. Ha ke sebini empa le nna ke na le batshehetsi ba tshwanang le ba MTV le ba Channel O.
"Dibini tse pele di buella meloko ya tsona. Ke bile le monyetla wa ho hlahella ho TV empa ke ne ke sa e sebedise ho bapatsa dibuka tsa ka. Ke ka hona ke neng ke phatlalatse buka ya ka ya pele mmoho le CD."
Dithothokiso tsa Lebo di ne di kgabisa ka moo a bonang bophelo ka teng, ho tloha diterateng, malekeisheneng ho ya fihlella le mahaeng. Lebo o re di ngata dintho tseo motho a ka ngolang ka tsona, o re setjhaba sa habo rona se poqwapoqwa ke EITSI, bana le basadi ba a hlekefetswa, ho tletse meferefere ya bong le bobodu. Ho dula a bitswa ka mona le ka mona ho etsa hore Lebo e be lehare mosebetsing wa hae.
"Ke ngolla le boemafofaneng," ho bolela yena. "Ke phema meketjana ka ha e ntshenyetsa nako. Ke rata mosebetsi wa ka haholo mme ha ke batle ho o senya hohang." [s]
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
u
Ya hao ka molao
BONA SESOTHO - May 2007
Ke theotswe maemong
BOTHATA: Ke sebeletsa khampane e kgolo ya tsa kgokahanyo. Kgweding tse fetileng ke ile ka nyollelwa maemong a hodimo. Empa mohlolo, ka mora dikgwedi tse pedi, ka boela ka theolwa maemong ao. Ba ne ba mpolelle ha ba ne ba entse "phoso" ka ho nnyolela maemong ao.
Jwalo ka ha ho nyollelwa maemong ho tsamaisana le moputso wa teng, ka ba bolella hore ke se ke kene ditjehong ka reka thepa ya ka tlung hobane ke se ke fumana moputso o beterenyana.
Empa khampane e ne e mpolelle hore ho tlamehile hore e be le nna ke ne ke iponele ka bonna hore ke ne ke sa lokela ho nyollelwa maemong ao.
Le nna taba eo ke e hlokometse, empa ba bang ba maemong ao ke neng ke nyolletsweng ho ona, ba ne ba bolele hore mohlomong ho sebedisitswe tsela e ikgethang ho nna.
Ke se ke fetohile tshehisa mona khampaneng mme jwale ke se ke hula ka falese ho lefella dikoloto.
Nthuse hle.
KELETSO YA SCORPION:
Taba ya hao e tshwana hantle le e sa tswa sekasekwa ke CCMA.
Nyeweng eo, mokomishenara o ne a bolele hore taba ya ho hirwa ke tumellano pakeng tsa batho ba babedi - mohiri le mosebeletsi.
O ne a bolele hore ka ho ya ka molao wa ditumellano, e mong wa batho tumellanong, a ka kgaola tumellano ha a bona ho le teng phoso, empa o tlameha ho ba le mabaka a utlwahalang a tshehetsang seo.
Empa mokomeshenara tabeng ena o ne a fumane hore mabaka a ho theolwa ha motho eo maemong a ne a sa utlwahale mme a laela hore motho eo a busetswe maemong ao a theotsweng ho ona.
Jwalo ka ha re boletse hore taba ya hao e tshwana le eo e sa tswa tekwa ka pela lekgotla la CCMA re ntse re tshepa hore le wena o tla atleha ho yona.
Leha ho le jwalo wena o na le bo bong bothata: o nkile nako e telele ho feta ho tlaleha taba ya hao ho CCMA - o ne o tlameha ho e tlaleha pele matsatsi a 30 a fela.
Empa he o ntse o na le monyetla wa ho etsa kopo e ikgethang ya ho tlaleha taba ya hao haeba o na le mabaka a utlwahang a entseng hore o se e tlalehe e sa le nako.
O ka etsa sena ka ho ngola lengolo le saenetsweng tlasa kano mme re o eletsa ho kopa thuso kantorong ya tsa mesebetsi. [s]
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
Dithothokiso tse nang le morethetho wa hip-hop
t
