sotho.1361.teenaug
Mahlo mahlong le Fat Charlie
AFRIKA Borwa e ntjha e sa le ntjha, ke hona e kopanyang dilemo tse 13 monongwaha ka 2007 - empa he maima le manolo re ntse re a lebeletse jwalo ka ha le bophelo ba batjha bo le jwalo feela.
Seo Fat Charlie a ratang ho bua ka sona ke dintho tse tobaneng le batjha. Batjha kajeno ba kgathatswa ke dintho tsa kang: dithethefatsi, mahloko a tshwaetsanang ka thobalano; tshusumetso ya ba bang; ho ima le tse ding tse ngata.
Ha re busetseng dintho madulong - re ipotse hore: "Botjha bo bolelang"" - mohlomong sena se ka re neha moelelo wa hore hobaneng ena e le karolo e nang le bathata haholo bophelong.
Ka hoo - ho bolelang ho ba motjha"
Dilemo
Ntho ya pele, karabo e tlwaelehileng: motjha ke mang kapa mang ya dilemong tsa "botjha." Re bua ka motho ya dilemong tse 13 ho ya ho tse 19. Sena se utlwahala hantle ka Senyesemane!
Ka Senyesemane, ho na le dikarolwana batjheng tseo o ke keng wa di beha hantle ka puo ya rona. Re ka etsa mohlala ka teenagers, e leng batjha ba dilemong tseo re di boletseng. Lebitso lena teenagers, le ne le qale ho sebediswa ke Maamerika dilemong tsa bo 1950!
Empa ke utlwa o ipotsa hore re reng ka diphetoho tseo tse etsahalang mmeleng le kelellong" Tsena tsohle ha se dintho tse hlahileng le motho. Ke nnete lona baena le dikgaitsedi. Lebitso lena la botjha le bolela hape le karolo ya meetlo kgolong ya rona.
Tahlehiso
Ho kgona ho arohanya karolo tsena tse pedi ke ona mohato wa sethatho karolong ena e kgolo ya motho.
Lebitso lena la Senyesemane leo ke le boletseng pejana, le a lahlehisa hobane lona le bolela ha karolo ena ya bophelo e lebisitswe batho ba dilemo di pakeng tsa tse 13 le tse 19 feela.
Diphetoho tse ka etsahalang pele o kopanya 13 e ba "mohlolo" kapa ha di ka bonahala o se o le dilemo di 14.
Ha ho jwalo lona baena le dikgaitsedi.
Bathong ba bangata diphetoho di bonahala pele ho dilemo tsena ha ho ba bang di bonahala ka morao ho tsona. Mona ha ho bolelwe hore diphetoho di se di tlameha ho qala dilemong tse 13 di be di felle ho tse 19.
Tabeng e latelang eo re tlang ho e shebisisa ke ya diphetoho tsena tse etsahalang mmeleng le kelellong. Ha re tswelengpele ka lona lebitso lena la botjha ho leka ho hlalosa karolo e kgolo ya bophelo ba motho e pakeng tsa bongwaneng le boholong.
Meetlo
Fat Charlie o rata ho shebisisa karolo ena ya bophelo lehlakoreng la meetlo.
Jwalo ka ha Jon Savage a boletse bukeng ya hae ya Teenage: The Creation of Youth Culture 1875-1945, batjha ke batho ba "ikgethang."
Re ka etsa mohlala ka hore lequlwana le neng le busa karolo e kgolo ya New York mafelong a dilemo tsa bo 1800 e ne e le batjha.
Bona le metswalle ya bona ya dinaheng tse kang Fora, Englane le dinaheng tse ding, ba ne ba na le tsela ya bona ya ho apara mme ho ne ho bonahala ha bofuma le ho hloka thuto e ne e le tsona disosa tse kgolo tsa sena.
Batjha le bona jwalo ka sehlopha se ikgethang setjhabeng, ba na le a bona mathata. Ba bang batho ba bolela hore "matla a batjheng."
E mong o e a tswelepele a bolele hore sesole se hloka bona batjha hobane ha ba na mathata bophelong."
Ntweng ya Pele ya Lefatshe, ho ne ho bolawe batjha ba fetang dimilione tse tharo mane Yuropa mme Savage o bolela hore batswadi ba batjha bao ba ne ba lahlehelwe ke seo ba neng ba se lebeletse baneng ba bona."
Ka bomadimabe mahlatsipa a neng a pholohe ntweng eo, a ne a sale a poqapoqwa ke ho hloka mesebetsi leha boradipolotiki ba ne ba ba tshepisitse "lehodimo le lefatshe."
Ka selemo sa 1939, lenane la ditho tsa sesole sa Hitler sa Nazi mane Jeremane, le ne le ballwa ho dimilione tse 8,9. Leha ho le jwalo, ho ne ho be teng ba neng ba hwanta ba phehisana le yona Nazi.
Swing Kids tsa Hamburg mmoho le Zazous tsa Paris, ba ne ba dutse ba otlwa kgafetsa ke Manazi ba bile ba bolela ha ba ne ba tlameha ho se kute meriri hobane hape ba ne ba rata le mmino wa jazz o neng o sa dumellwa.
Feshene
Jwalo ka ha re se re boletse hore lebitso lena la batjha le bolelang "teen" ka Senyesemane hore le ne le qale mane Amerika dilemong tsa bo 1950.
Re ka bolela ka bokgutshwane hore batjha ba hlile e ba diphofu tsa dintho tse ngata.
Ka nako eo e ne e le ho qaleha ha indasteri e kgolo e ntseng e hola le kajeno ya dintho tse ntle tse kang mmino, difilimi, mananeo a TV, dipapadi tsa dikhomputara, diselefounu, feshene tseo kaofela ho hohelwang batjha ka tsona.
Ba bang ba e ba bolele hore re phela nakong ya "batjha."
Hlokomelang lona baena le dikgaitsedi, ho etswa kgwebo ka rona, motho o tlameha ho ba sedi, a inahanele.
A ko nahane hore ke ha kae o ntse o qeka batswadi ba hao hore ba utlwisise seo o se utlwisisang ka dipapatso tseo tse buang ka di-jean le diselefounu tseo tse ntle.
Ho na le dintho tse ngata kantle ka mona lona baena le dikgaitsedi mme le tlameha ho ba sedi le se jewe tsuo. Ke mang ya reng o ke se phele ntle le selefounu" Batho ba be ba ipatlela tjhelete ya hao feela!
Ekaba o rata ba laole bophelo ba hao" Ho jwalo haeba o ba pelo e telele ha o bona thaka tsa hao di ba le dintho tse ntle tseo wena o se nang tsona.
Ho se be le selefounu kapa leha e le eng feela e ntle ya moraorao tjena ho bolela hore ha o a phela hantle"
A na le wena o batla ho nahana jwalo ka bahlahise ba dihlahiswa tsena mmoho le ba dipapatso tsa tsona"
Mpolelleng lona baena le dikgaitsedi. Tsela eo o arabang dipotso tseo ka yona ke yona e tla bontsha hore o motho wa mofuta o feng le hore o tla phela bophelo ba mofuta o feng... [s]
BONA SESOTHO - August 2007
O motho wa bohlokwa bathong ba bang - ke ana mabaka a seo...
Ho bolelang ho ba motjha"
BONA SESOTHO - August 2007
Teen kapa
youth
Mona Afrika Borwa re sebedisa
lentswe lena la bobedi 'youth' e
seng 'teen.' Ka Sesotho, ha ho phapang mabitsong ao ka mabedi. Ka bobedi a bolela motjha. Empa he ka Senyesemane teen o bolela motjha ya dilemo di 13 ho ya ho tse 19 jwalo ka ha manane ao kaofela a qetella ka sehlongwa morao teen. Empa he rona re sebedisa youth ya bolelang motjha - karolo e pakeng tsa bongwana le boholo. Jwalo ka ha re se re boletse, Afrika Borwa, le Manyesemane a
sebedisa youth e seng teen, hobane lebitso lena teen, ke le neng le
qale ho sebediswa
ke Maamerika.
u
t
Re phela nakong ya batjha
Ho hola
Re a e tseba meetlo ya mabollo ka ho ya ka ho fapana ha merabe kaofela e ba moedi o arohanyang karolo ya botjha le ya boholo.
Japan ha re etsa mohlala, ba na le moetlo o bitswang "seijin shiki." Moetlo ona o etswa jwalo ka Mantaha wa bobedi ho Pherekgong mme letsatsi leo e ba la setjhaba la phomolo. Ho keteka bana bohle ba qetang dilemo tse 20 selemong seo.
Mekete eo e tshwarelwa dikantorong tsa setjhaba e sa le hoseng. Basebeletsi ba mmuso ba tshetleha puo moo mme batjha bao bona ba fuwe dimpho.
Ka mora moo ho a jewa ho be monate...
Majuteng teng banana ba dilemo di 12 le bashemane ba dilemo di 13 ba etsetswa mokete wa b'nai mitzvah oo ka ona ba amohelwang dilemong tseo.
Dikerekeng tse ding tsa Makreste, Sakramente ya Tiiso, e nehwa batjha jwalo ka letshwao la ho nehwa matla a itseng tumelong ya bona.
Ho na le mekete ena e etswang lefatsheng ka bophara ya banana ba dilemo di 16 ba keteka ho kena ha bona borwetsaneng.
