sotho.1357.boxing
Re thusa boraditebele ba SA ho boloka tjhelete
BONA SESOTHO - December 2007
Ke bompodi ba lefatshe kajeno, empa bongata ba bona ha bo rere bokamoso ba bona ka nepo...
Mokgatlo ba Ditebele Afrika Borwa o rera ho theha leano le tla thusa boraditebele maphelong a bona.
pale ka TEDDY GOMBA ditshwantsho ka GALLO
Dilwani di mathateng
O A MO hopola Welcome Ncita" E ne e le kgalala ka 1990 nakong eo a neng a hapa sekola sa International Boxing Federation mme e ba raditebele wa pele wa ho rwala sekola sa matjhaba ho tswa Mdantsane.
Moshemane enwa o ne a phakise ho ithekela sethabathaba sa ntlo mane Beacon Bay, moo ho dulang dinaledi tse ngata, borakgwebo esitana le boradipolotiki. O ne a bule le lebenkele la dijo Nahoon, haufi le East London. Empa kgwebo eo ha e kaba ya atleha...
O ne a boele a bula sebaka sa ho ikwetlisa ka kgopolo ya ho rupella batjha ba tla fetoha bompodi ba matjhaba. Le yona eo taba e ne e boholwe ke dintja. Boraditebele bohle ba hae ba ne ba mo sihe, ba bolela ha a le tala.
Ka mora moo, a qala mathata a ditjhelete. O ne a se a tlwaelehile ho bonahala a kopa ho palamiswa moo toropong. E ne e re hoba maemo a mpefale ho feta, a boela lapeng Mdantsane.
Hona jwale koranta ya Sowetan e sa tswa tlaleha hore Ncita o se a iphedisa ka kgwebo ya mehala ya setjhaba.
Empa Ncita o a e latola taba ya hore o kgutletse Mdantsane hobane a se a sa kgone ho emelana le ditjeho tsa bophelo ba toropong.
"Ke ne ke kgutlele lapeng hobane mme a ne a hlokahetse," ke yena eo, o bolela hore a ka kgutlela motseng wa hae Beacon Bay leha e le neng feela ha a rata...
Leha kajeno a se a bonahala a se a sotlehile, empa Welcomo Ncita ha se yena feela tabeng ena. Ho ya ka Mokgatlo wa Ditebele wa Afrika Borwa, boraditebele ba 99 lekgolong, ha ba kgone ho boloka tjhelete - leha bongata ba bona bo ebe bo amohela senyethe sa tjhelete!
Mtya o bolela hore bompodi ba naha ba amohela tjhelete e fihlellang ho R60 000 ka kgwedi, ba matjhaba bona ba amohela e ka bang R200 000.
"Empa he hobane ba hloka bokgoni ba ho boloka tjhelete, ba qetella ba bile le mathata, motho a ntse a amohela tjheletehadi e kalo ka kgwedi," ho bolela Mtya.
Mokgatlo ona wa Ditebele wa Afrika Borwa o se o radile lenaneo la ho thusa boraditebele bana ho kgona ho laola ditjhelete tsa bona ka nepo.
"Ka bomadimabe ha ho sa na letho le le kalo leo re ka le etsetsang ba seng ba behile meja fatshe," ho rialo Mtya. "Re tlamehile ho thusa bana ba sa ntsaneng ba lwana ha jwale."
Lenaneo lena le tla ba thusa le boikwetlisong ba bona, ho rupellwe le bakwetlise ba bona hore ba kgone ho tobana le "ditemalo" tsa bona," ho bolela yena Mtya hape.
Hape ba tla kgona le ho rupellwa le lehlakoreng la tsa kgokahanyo hore ba kgone le ho etsa mesebetsi ya ho hasa ditebele ha ba se ba behile meja fatse.
"Ena e mpa e le qaleho," ho rialo Mtya. "Re rata ho etsetsa boraditebele ba rona tse kgolo."
Na sena se tla sebetsa" Mtya o a dumela hore lenaneo le kang lena le neng le reretswe ho ba ruta mahlale a bophelo, le ne le nyope.
Lebaka la ho se atlehe ha lona ke hobane le sa ka la fihlela ho boraditebele ba bangata. Lena re a tshepa le tla finyella ho bona bohle! [s]
Welcome Ncita ka 1990 a sa ntsane a phela ba marena.
Welcome le tse ding tsa dikgau tsa hae tsa mehleng ya hae.
BONA SESOTHO - December 2007
u
Balaodi ba bolo le bona ba rerile ho theha leano le kang lena
t
Le dibapadi tsa bolo le tsona ho bolelwa ha di na le mathata a ho "laola ditjhelete" mme balaodi ba bolo le bona ba tlameha ho theha leano le kang lena - empa ha ho so be nko ho tswa lemina.
Phupung ya sebapadi se seng sa bolo, modulasetulo wa PSL le Orlando Pirates, Irvin Khoza, o ne a bolele jwana: "Jwalo ka balaodi ba bolo, re tlameha ho thusa dibapadi ka ho di leotsa ka maano a bophelo a tla di thusa ho atleha leha ba se ba se ka lebaleng la bolo.
"Taba ena e ka utlwahala hampe, empa bophelo ba sebapadi ha se bo tlwaelehileng.
"Leha re tseba hore re qala ho sebetsa dilemong tsa bo 20 ho ya ho 30 mme re lebelle hore motho a hole hantle ha a fihla dilemong tsa bo 40, empa ha ho jwalo dibapading tsa bolo jwalo ka ha bophelo ho tsona bo loela ha di le dilemong tsa bo 20.
"Jwalo ka balaodi, ke mosebetsi wa rona ho neha dibapadi bokgoni bo tla di etsa di kgone ho emelana le kgatello le ditlhoko tsa bona. Ke a tshepa jwalo ka ha re entse nakong e fetileng, re tlameha ho etsa jwalo le hona jwale."
Dikgwedi di thetehile ka mora phatlalatso ena, empa ha ho so ka ho ba teng letho le etswang.
Se etsahalang feela ke phehisano ya morokotso wa 10% ho ba ileng ba atleha ho fumaneng batshetsi ba ditjhelete ho PSL.
Bolo yona"
