sotho.1356.arrest
WENA le metswalle ya hao le e intshitse, le dutse sebakeng sa boithabiso, le inyorolla ka biri, ho monate le emetse ho shebella papadi ya bolo. Ho utlwahala lerata kantle, le tswa le patisane le tshwere dibotlolo tsa lona.
Ho fihla mapolesa, ho qala mathata, ho a qabanwa, o sa maketse o bona motswallao a se a akgelwa ka koloing, a qoswa ka ho nwella mebileng.
Mantsiboya a neng a le monate, e le a boithabiso feela a se a fetoha masisapelo. Ke ntho eo o tla e etsa jwang" BONA e buisane le mmuelli e mong ho utlwa hore re ka thusahalang jwang ha ho le tjena...
Ho bolelang
Ho tshwarwa ho bolela hore o a kwallwa mme ha o dumellwe ho tswa ka thato ya hao. O ka nna wa kwallwa ka molao nako e itseng, ha o sa ntse o botswa dipotso ha o belaellwa bonokwane.
Ntlha ya pele ke ho botsa hore o tshwerwe na kapa tjhe. Ha o tshwerwe, o na le tokelo ya ho tsebiswa lebaka.
Ha lepolesa le etsa qeto ya ho o kwalla, ho ya ka moo Khaya Zweni, mosebeletsi wa Komishene ya Ditokelo tsa Botho a bolelang ka teng, o na le tokelo ya ho itholela. Leha ho le jwalo, o lokela ho tsebisa lepolesa lebitso le aterese ya hao. Ho se etse jwalo le hona ke tlolo e nngwe ya molao!
Ha o tshwerwe, mapolesa a ka nna a o setjha mme a o kwalle hore o tsebe ho botswa dipotso. Pele a o hloma dipotso, a qala ka ho o hlokomedisa ditokelo tsa hao.
Hang ha o kopa thuso ya mmuelli, mapolesa a tla tlameha ho tlohela ho botsakaka dipotso.
Tokelo ya bohlokwa eo o lokelang ho e hopola ke ya hore o na le tokelo ya ho itholela le ya ho ba araba ka pela mmuelli wa hao, ho bolela Zweni.
O hatella hore setjhaba ha se a lokela hohang ho phehisana le hona ho tella mapolesa kapa ho a rohaka. "Se hane ha ba o tshwara leha o tseba hantle hore ha o molato. Seo o se buang mapoleseng, dula tseba hore ke sa bohlokwa haholo. Jwalo ka ha ho bolelwa - seo o se buang ho ona se tla nkwa e le bopaki kgahlano le wena lekgotleng la molao.
"Motho ohle ha a na molato ho fihlela a fumanwa a le molato lekgotleng la dinyewe. Ditokelo tsohle tsa hao di tiisitswe ke Molaotheo haholoholo wa Karolo ya 35."
Hatella hore ditokelo tsena di totobatswe ho wena mme hape di hlonetjhwe ho ya ka moo Zweni a bolelang ka teng. Ha mapoelsa a o tshwara, ha a lokela ho nahana hore o tseba ditokelo tsena, ho bolela yena, a lokela ho o bolella tsona.
Ke sefe seo motho ya tshwarwang a lokelang ho se hopola"
Hopola tokelo ya hao ya hore o bitse mmuelli wa hao. Hang ha o se o ipoletse hore o mang wa hokae, o ka nna wa hana ho bua ditaba tse ding tse maelana le qoso ya hao kapa hona ho buisana le motho e mong ka taba ena.
Athe, o ka nna wa kgetha ho araba dipotso tsa bona mme o be o saene kano. Empa o hopole hore sohle seo o se buang se tla sebediswa kgahlano le wena lekgotleng la dinyewe.
Mapolesa ha a lokela ho o hatella kapa ho o tshosa hore o arabe dipotso tsa ona mme hape ha a na tokelo ya ho o tshepisa dintho di hana ho fela ho o qekisetsa hore o arabe dipotso tsa ona, tsa molomo kapa tse ngotsweng.
Motshwaruwa o tlameha ho iswa kgotla neng"
O tlameha ho hlaha ka pela lekgotla dihoreng tse 48 o tshwerwe. Empa ha ho balellwe le mafelo a beke le matsatsi a phomolo. Ha o kwaletswe ka Labohlano, o ebe o le madimabe. Ka mora ho hlaha kgotla la pele, o tsebiswe qoso ya hao, o ka lebella hore o fumana beile kapa tjhe o tla dula moo ho fihlela nyewe e latelang e kena hape kapa o sutjwe ka monwana.
Lekgetlong la pele, o ka nna wa se ke wa botswa hore o dumela molato kapa tjhe. Ha o se na mmuelli, o ka kopa hore nyewe ya hao e kgutlele morao ho fihlela o mo fumana.
Ha o se na tjhelete ya ho lefella mmuelli teng"
Maseterata a ka o eletsa ho ikopanya le ba Legal Aid Board, ba tla o thusa ho fumana mmuelli.
Ho na le mosebeletsi wa kantoro ya babuelli ba mmuso dikantorong tsohle. Ha o bua le mmuelli wa hao, hopola hore ha ho bohlokwa hore o molato kapa tjhe tabataba ke hore na lekgotla le tla fela le fumane bopaki bo feletseng ba ho o bona o le molato kapa tjhe.
Ha mmuelli wa hao a o eletsa hore o dumele molato, o ka nna wa nonya maikutlo a batho ba bang pele o nka qeto. Rekote ya bonokwane e dula le wena bophelo bohle ba hao!
Ho bolelang ho lokollwa ka beile"
Beile e etseditswe ho neha motshwaruwa monyetla wa ho tswa tjhankaneng ka ho lefa tjhelete e itseng mme a nne a kgutle ho tla nyeweng ka matsatsing a yona.
Maemo a ho dumella motho ho tswa ka beile a kenyeletsa le: boima le maemo a qoso ya hae, menyetla ya hore a ka sitisa bopaki kapa tjhe, ho ba le aterese e tsetsitseng, ho ba le motse, lelapa, monyetla wa ho tswa ka hare ho naha (jwalo ka motho ya nang le pasporoto ya dinaheng tse ding) le hore motshwaruwa a ka belaetsa lekgotla hore a ke ke a phetha melao eo a tla e behelwa ya beile.
Sena sohle se bolela hore o ka nna wa qetella o sa shebella papadi eo o e ratang ya bolo hobane o sa etsa matsapa a ho ntsha motswallao ntlwanatshwana![s]
BONA SESOTHO - September 2007
Ho etsahalang ha o tshwerwe"
Nahana se ka etsahalang ha o ka tshwarwa - ho sa kgathallehe hore o molato kapa tjhe. Ke sefe se ka etsahalang ka nako eo" Hape ho tla nka nako e kae pele ho totobala hore o fela o se molato"
ka TEDDY GOMBA
