sotho.103.fashion_NEW
Dipalesa di kene ka sekgahla lehlabuleng lena. Ho na le mebalabala e metle eo o ka kgethang hara yona le ditaele tse tla o tshwanela. O ka kgetha dipalesa tse kgolo kapa tse nyenyane. Chomee o tla o bontsha ka moo o ka bang motlotlo ka teng ka bosadi ba hao (a boele a o bolelle le se seng seo o neng o sa se tsebe ka yena)
Pale ka Patricia McCracken
BONA SESOTHO November 2008
motjeko
FESHENE YA DINALEDI
Setsebi sa
Mebala e perese
Mose o dipalesa di perese o nang le mabanta (R149,90), Meltz.
CHOMEE eo lebitso la hae la nnete e leng Thulisile Madihlaba o ne a se a ballwa hara batjeki ba kwano sehlopheng sa Arthur Mafokate mme a tjeka le sehlopheng sa mokaubere, mofu Brenda Fassie le Lebo Mathosa, ho tloha a le dilemo di robedi. O sa tswa hlahisa albamo ya hae ya bone, Queen Of Dance.
"Ke dilemo di 10 jwale ke le kgwebong ena ya mmino empa ha ke thabele ho dula ke etsa ntho e le nngwe," ho bolela yena. "O lokela ho hola mosebetsing, o bone menyetla e meng, ho jwalo le ho nna."
O ne a thabile a nka ditshwantsho tsa rona mane pakeng ya Jozi, a le motlotlo le ka mpho eo Modimo a mo fileng yona le lefutso la mmae, la seemo se setle.
"Ke qetetse neng ho tena mose? Empa ke utlwa ke le motlotlo. Mese ena ebile e a ntshwanela!
"Ke rata mese ena haholo, e mebala e metle, e phodile ha monate. Ke bona ekare ke tla ithekela e meng ya yona!"
Marikgwe a makgutshwane, di-vest, dieta tse bulehileng le dikepisi, diaparo tsohle tse phodileng, Chomee o di rata haholo. O rata le mabenyane.
O ne a fihle a kentse sefaha se setle se bileng se nang le sefapano le lebanta le benyang mohla a neng a tlilo nka ditshwantsho le rona, a rwetse le dibutshi tsa maemo.
"Maikemisetso a ka ke ho ba sebini se hlwahlwa haholo. Ke lakatsa ho bona ka le leng batho ba tla ka bongata meketeng ya ka ya mmino, ho lluwa ka Chomee ka mahohle," ho bolela yena. O re o batla ho tshwana le Madonna."
Ho ya ka moo a sebetsang ka thata ka teng, ho a totobala hore o tla se fihlela seo a se labalabelang. Athe hape Chomee o ikemiseditse ho ba kgwebong ena nako e telele... Ke ka hona a iphang nako ya ho etsa dithuto tsa boqolotsi ba ditaba tsa dilemo tse nne ha nakwana.
O a tjeka ho tloha ka 11 hoseng ho ya ho 4 thapama, a ithuta mekgwa e metjha, a ntlafatse ya kgale pele a fetela dithutong ka 6 ho ya ho 8 bosiu, a fihle hae a kgathetse a sitwa le ho phahamisa monwana. Empa tseo tsohle ha di etse hore Chomee a tswe melomong ya batho.
"Ha ke sa kgona le ho ya le meketjaneng," ho bolela yena. "Hara beke dithuto tsa ka ke tsa bohlokwa. Matsatsi a mararo kapa a mane bekeng o bina meketjaneng, dibakeng tse fapaneng naheng ena."
Leha ho le jwalo, o re o thabela ho ba lapeng la habo Soweto le mmae le bana babo. Ka nako e nngwe o romella metswalle ya hae di-SMS hore e mo tjhakele mane Midrand ka mafelo a beke.
Chomee o re Charlize Theron ke mohlala ho yena wa ka moo motho a ka bulang mapheo ka teng mosebetsing wa matjhaba.
"Charlize o ne a qale e le setjeki mme eng kapa eng e tswakilweng le motjeko, e beha motho mmapeng wa lefatshe," ho bolela Chomee ya neng a tlohe habo a le dilemo di 16."
O kile a bapala sehlopheng sa Kaizer Chiefs sa basadi a le mmoho le Kelly Khumalo le Sonia Sedibe.
O tseba hantle ka moo batshehetsi ba natefelwang ka teng ke mmapalo o motle. Empa o re ka nako e nngwe ha a se a ja methinya, o ke a imakatse ka boyena.
"Ha ke sa tla lebala mohla ke neng ke hlaba ntlha ya ka ya pele papading!" ho boletse yena ka thabo. [s]
O motle o bobejana
Mose wa silika o molelele (R650), Foschini Collection.
BONA SESOTHO November 2008
BONA SESOTHO November 2008
O se nang matsoho
Mose o mmala o motsho le bosweu (R360), Truworths.
O mosehla
Mose o motle
o mosehla
(R79,99), Jet.
BONA SESOTHO November 2008
BONA SESOTHO November 2008
Chomee o re bontsha tse ding tsa dintho tsa ho ikgabisa tseo a di ratang ...
O phodileng o mebalabala
Mose o dipalesa o kgabisitsweng hantle (R199,90), Meltz. (sefaha ke sa sebontshi.)
Bolou bo botle
Mose o bolou o dipalesa tse tshweu, o bileng o nang le dikonopo (R199,90), Meltz.
BONA SESOTHO November 2008
Ke eo Chomee a se a qala tseo a tummeng ka tsona. "Ke qala ka ho ikotlolla pele ke hlwella kalaneng," ho bolela yena. (Mose: Foschini; sefaha: Woolworths; masale: Ruby In The Dust.)
Ditshwantsho tsa pakeng Peter Whitfield; setaele:Leana Schoeman; moriri le mokgabiso wa sefahleho: Bianca Burns. Ditshwantsho tsa studio Ivan Naude; moriri le mekgabiso ya sefahleho: Faith Seuoe; setaele: Marina Walsh
