sotho.1342.yourfood_fff
Bohobe bo bosweu
le dirolo
Basic white dough
Ena ke hlama e ka sebedisetswang ho etsa dilofo tsa bohobe kapa dirolo tsa dibopeho tse fapafapaneng, hape o ka kenya filling kapa topping ho tsona.
Nako ya ho lokisa: Hora
Nako ya ho baka: Metsotso e 45
E etsa: Lofo
* 625g white bread flour
* 40g tswekere
* 5ml (kgabana) letswai
* 10g instant yeast
* 65g majarine kapa botoro
* 500ml (2 dikopi) lebese
Ho kgabisa
* 1 lehe
* 15ml (1 kgaba) metsi
* bohashana ba letswai
1. Hlama. Sefela folouru, tswekere le letswai sejaneng. Tshela tomoso lehlakoreng. (Letswai le se ke la thetsa tomoso hobane ha e na kokomoha.)
2. Qhibidihisa majarine pitseng, tshela lebese o fuduhe ho fihlela di futhumala. (Mofuthu o nepahetseng ke 27°C. Motjheso o moholo o ka tapisa tomoso, ka hoo, hlokomela hore mokedikedi oo, o futhumetse feela.)
3. Bula sekoti bohareng ba folouru, tshela motswako wa lebese. Duba. O ka eketsa folouru haeba e le bonolo haholo.
4. Ntshetsa hlama letlapeng le fafaditsweng ka folouru, o e dube ho fihlela e kopana e benya (metsotso e ka bang 10).
5. Kwahela ka clingwrap e tlotsitsweng ka mafura. E behe moo ho futhumetseng hore e kokomohe.
6. Boela o duba hlama letlapeng le fafaditsweng folouru ho e ntsha moya. E kwahele ka clingwrap e tlotsitsweng ka mafura, e tlohele metsotso e 10.
7. E bope e be lofo kapa dirolo.
8. Ho kgabisa. Pshatlela lehe jekeng, o tshele metsi le letswai o fehle. Tlotsa hlama. Kwahela ka clingwrap e tlotsitsweng ka mafura, o e tlohele e kokomohe.
9. Baka ontong e seng e le mofuthung wa 200°C metsotso e 45. Ha bo se bo butswitse, bo ntshetse rakeng ya terata.
BREAD ROLLS
Nako ya ho lokisa: Hora
Nako ya ho baka: Metsotso e 20
E etsa tse: 12
* 625g white bread flour
* 40g tswekere
* 5ml (kgabana) letswai
* 10g instant yeast
* 65g majarine kapa botoro
* 500ml (2 dikopi) lebese
1. Latela mehato ya resepe ya White Dough ho fihlela mohatong wa 5.
2. Arola hlama dikarolo tse 12 tse lekanang. O tlameha ho etsa kapele, ho seng jwalo, dirolo tsa pele di tla kokomoha ho feta tsa ho qetela. Bopa rolo ka nngwe e be bolo letlapeng le fafaditsweng ka folouru, o e phaphathe ka menwana hore e be sepharanyana ka tlase. Beha ho baking tray e tlotsitsweng ka mafura, o e hatelle hanyane ho fihlela e kokomoha.
3. Baka ontong e seng e le mofuthung wa 200°C metsotso e 20.
KA HODIMO
Fafatsa sesame seeds kapa black poppy seeds hodima dirolo kamora ho tlotsa glaze. Ho etsa Portuguese-style rolls, sebedisa sekere ho seha dirolo ka hodimo mme o fafatse folouru haholo.
Portuguese Loaf
Nako ya ho lokisa: Hora
Nako ya ho baka: Metsotso e 20
E etsa: Dilofo tse 2
* 625g white bread flour
* 40g tswekere
* 5ml (kgabana) letswai
* 10g instant yeast
* 65g majarine kapa botoro
* 500ml (2 dikopi) lebese
* folouru ho fafatsa
1. Latela mehato ya resepe ya White Dough ho fihlela ho wa
bo 5.
2. Arola hlama habedi hodima letlapa le fafaditsweng ka folouru mme o etse dibopeho tse motopo. Pele o kwahela, e sehe hararo kapa hane ka hodimo ka thipa o tshekalatsa. Fafatsa folouru.
3. Tshela ho baking tray e tlotsitsweng ka mafura o bake metsotso e 20 ontong e seng e le ho 200°C.
Olive Loaf
Nako ya ho lokisa: Hora
Nako ya ho baka: Metsotso e 35
E etsa: 2 dilofo
* 625g white bread flour
* 40g tswekere
* 5ml (kgabana) letswai
* 10g instant yeast
* 65g majarine kapa botoro
* 500ml (2 dikopi) lebese
* 100g di-olives tse mintsweng lero, tsa kgabelwa tsa ntshwa ditholwana
Ho kgabisa
* 1 lehe, le fehlwe
* bohashana ba letswai
* 30ml (2 dikgaba) metsi a batang
1. Latela mehato ya resepe ya White Dough ho fihlela ho wa 4.
2. Arola hlama habedi. E ale letlapeng le fafaditsweng ka folouru o sebedisa rolling pin e nang le folouru, o bope karolo ka nngwe e be motopo e be morumo wa 25mm. Fafatsa di-olive o tswelepele le ho e ala.
3. E thethe mahlakoreng o e tshele ho baking tray e tlotsitsweng ka mafura.
4. Ho kgabisa. Pshatlela lehe jekeng o tshele letswai le metsi o tlotse hlama. E behe moo ho futhumetseng hore e kokomohe.
5. Baka ontong e seng e le mofuthung wa 200°C metsotso e 35. Ha e butswitse, e ntshetse rakeng ya terata. [s]
Olive Loaf
Motho ohle o rata bohobe bo foreshe bo bakilweng. E re BONA le Food For Fun And Funds di o bontshe ka moo o ka iketsetsang tjhelete ka teng ka bohobe
BREAD ROLLS
O KA IPONA JWANG HORE O ETSA HANTLE KGWEBONG
Kgatisong ena re rata ho bua ka dintlha tse hlano tseo o ka bonang ka tsona hore khampane ya hao e a atleha - e etsa phaello kapa tjhe. Nahana ka resepe, moo o tshelang metswako ka ditekanyetso tsa yona ho etsa dikuku. Ke yona resepe ena e tla o bontsha ka moo o tlang ho iketsetsa phaello ka yona. Jwale re tla ke re lekole "metswako:"
1 PAPATSO: O nka nako e kae ho fumana bareki ba batjha? O etsa eng ho eketsa palo ya batho ba tsebang ka dihlahiswa tsa hao? Lentswe la molomo ke e nngwe ya mekgwa e matla ya ho bapatsa, empa ho ka ba kotsi haeba o emela ba bang hore ba bue ka dihlahiswa tsa hao. Pinyane ya katleho e bokgelekeng ba hao ha o bua ka dihlahiswa tsa hao bathong. O mong mokgwa o sa bitseng wa ho bapatsa kgwebo, ke hore batho ba bolellane ka yona.
2 TJHENTJHA MAWA: Ho na le mekgwa o sa atiseng ho sebediswa dikgwebong tse nyane. Jwalo ka wa ho lekola lenane la batho ba tsebang ka dihlahiswa tsa hao, le ba di rekang. Ka mokgwa ona, o tla bona katleho ya kgwebo ya hao. O mong mokgwa ke ho kenya dinyehlisetso tse itseng mekgweng eo o bapatsang ka yona. Ha batho ba tlo reka ha o entse dinyehlisetso, seo se tla etsa o tsebe hore ke mofuta o fe wa ho bapatsa o sebetsang. Re ka etsa mohlala ka hore o ka hlokomela hore ho bapatsa ka dipampitshana ho molemo ho feta ho bapatsa koranteng ya lehae. Nke ke bone ho bapatsa dikgwebong tse nyane ho itshwanela le ho lahla tjhelete hobane ha ba shebe hore mokgwa oo ba o sebedisang wa ho bapatsa o a ba sebeletsa kapa tjhe.
3 BAREKI: Bana ke batho ba rekang dihlahiswa tsa hao kgafetsa. Ba boetse ba o thusa ho bapatsa kgwebo ya hao ka molomo. Ka lebaka leo, o ka ba leboha ka hore o ba fe dinyehlisetso jwalo ha motho a rekile makgetlo mohlomong a mararo. Ha ho bitse ho boloka bareki ba hao ba thabile ho ena le ho qala fatshe o fumane bareki ba batjha.
4 DINYEHLISETSO TSE ITSENG: E nngwe taba ya ho sheba hore o ntse o le motjheng, ke ho sheba hore na moreki ka mong o sebedisa bokae kgwebong ya hao. Maikemisetso mona ke ho nyolla tjhelete eo moreki eo a e sebedisang kgwebong. Re ka etsa mohlala ka hore mohlomong o rekise dikuku le di-serviette. Mona moreki o tla ya le kgongwana hodimo a reke haholo hobane a nahana hore o fumana tse ngata.
5 TJHELETE E KENANG: Ena ke tjhelete o e fumanang kgwebong pele o ntsha ya ditjeho. Maikemisetso ke ho nyolla tjhelete ena kgwedi le kgwedi, empa hlokomela - dikgwebo tse ding di tsepamisa kelello tjheleteng ena, ba lebale ka phaello. Dikgwebo tse ngata di etsa tjhelete e ngata, empa ha o bala phaello, e nyane haholo, ka hoo, netefatsa hore o bala ditjeho tsa hao ka nepo.
Lluwellyn Diedericks
