sotho.1341.name
BONA SESOTHO - March 2008
Lebitso le ka tjhentjha motho
Na lebitso lebe ke seromo"
Mabitso a Seafrika a monate empa na a fela e le seromo jwalo ka ha Basotho ba bolela" Na ha o le Matlakala, o se o ka fetoha ona matlakala a nnete" Bala o ikutlwele...
pale ka TEDDY GOMBA
LEBITSO le bolelang bophelong ba motho" Ba bang ba tjhentjha mabitso ba batla menyetla e metle ya mahlohonolo bophelong. Nahana hoja ebe le wena o ne o le Matlakala! Na ho monate ho bitswa matlakala" O ke ke wa batla hore le tjhentjhwe hanghang"
Palesa ya mofuta ofe kapa ofe e tla dula e nkga ha monate, ho ya ka Shakespeare, leha o ka e bitsa tapole, e tla dula e le palesa mme e be ntle. Na ebe seo e fela e le nnete le ka mabitso a rona" Ketsahalo e ntjha ya ho tjhentjhwa ha mabitso e ananetswe le ke Mopresidente Thabo Mbeki ha a re: "Ke mang ya tsebang hore Bafana Bafana keng""
E, ho batshehetsi ba bolo seo se ile sa ba nahantsha ka thata! O nahane hore batshehetsi ba bolo ba rata mabitso a direneketso jwang" Ba bang ba ne ba makale.
Hopola Sister Monica kapa Siyangapi, sebapadi sa bohareng ba lebala sa Jomo Cosmos. Jazzi Queen, yena o reng ka yena, lebitso le rehilweng Harris Legodi wa Sundowns"
BONA e buisane le setsebi sa saense ya tsa boithabiso sa Ireland, Ngaka Stephen Martin ka taba ena.
"Nako ena eo ke e dutseng mona Afrika ke ithutile bohlokwa ba mabitso. Ha re reha bana, re hlahisa maikutlo a rona a tshepo kapa a dipelo tsa rona tse bohloko.
"Mabitso a rona a etsa hore re be mokgelo bathong ba bang," ho hlalosa yena.
Ho tjhentjha
Na ha lebitso le tjhentjha, le monga lona o a tjhentjha" Na ho reha sehlopha sa naha lebitso le letjha ho ka se thusa ho hlaba dintlha" (Na ebe ke seo Mopresidente le yena a se nahanang)"
Ha! Ha ho le bonolo jwalo feela, dinaha tsohle di ne di tla tjhentjha mabitso a tsona ha dintho di qala ho senyeha. Na ka nnete mathata ao sehlopha sa naha se nang le ona a bakelwa ke lebitso la sona feela, kapa ke tsela e nngwe feela ya ho rarolla mathata"
Hoo ebang o nahana hore ha morahao Jabulani a sa o thabise ka letho, ho mo tjhentja lebitso ho ka thusa ho tjhentjha lehlohonolo la hae"
Kapa ho ka tjhentjha boitshwaro ba motho" Re thabetse ho tjhentjha mabitso a mebila, ho ntlafatsa maemo a dintho, hobaneng jwale re sa tjhentjhe le mabitso a batho ha ba sa phela ho ya ka moo re lebelletseng ka teng"
Ho kgetha
Charlene Smith, ya ngotseng buka ena, Baby Names For South African Babies, o re ho kgetha lebitso la ngwana ke ntho ya bohlokwa haholo hobane ka nako e nngwe ngwana a ka nna a phela ho latela moelelo wa lebitso la hae. Jwalo ka Motlatsi wa Mopresidente wa ANC, Jacob Gedleyihlekisa Zuma. Gedleyihlekisa, e bolela "maloma-a-fodisa" mme ha o ka botsa mang kapa mang ya sebeditseng le yena o tla o bolella hore o se ye le kgongwana hodimo ha o bona a o tshehisa - ke radipolotiki ya tebileng.
Lebitso le leng leo ho phehisanwang haholo ka lona ke lona lena la Matlakala. Ho na le ba bolelang hore ho na le bo Matlakala ba se nang katleho hohang bophelong ba bona, bongwaneng ba hotse e le ditlokotsebe tse tshabehang.
Ho bolelang hore o lokela ho kgethela ngwanahao lebitso le tla ba le moelelo o motle. Ka mora 1994, ho ya ka Smith, bana ba bangata ba Makgowa le batho ba Mmala, ba ne ba rehwe mabitso a Seafrika mme hara ona ho ne ho ratwa la Thandi, Lindiwe, Zinzi, Thabo le Sipho.
Dipale tsa marato
Ha se batswadi kaofela ba rehang bana mabitso ka kgopolo ya hore ba tla a latela ha ba hola. Ba bang ba rehellwa ka ba leloko la habo bona.
Ho boetse hape ho na le dipale tsena tsa marato tseo batho ba di ratang, tseo bana ba bang ba rehellwang ka dibapadi tsa tsona. Nahana feela ka la Karabo kapa Queen, dinaledi tsa Generations.
O reng teng ka diketekete tsa barati ba The Bold And The Beautiful, ba ratang Brookes le Ridges, mabitso ao a se a bitswa mebileng ya malekeisheneng.
Ntle ho moo
"Mabitso a mang a ratwa haholo," jwalo ka ha Ngaka Martin a bolela. "Ka nako e nngwe rona re itheha mabitso a monate..."
Mohlomong ke e meng ya melemo eo re e fumaneng tokolohong - baahi ba motlotlo ka hore ke Maafrika Borwa." Mabitso ha a bonolo jwalo ka ha re nahana, ho ya ka moo Ngaka Martin a bolelang ka teng. "Re ke ke ra re ha a bolele letho. Ha ho jwalo!"
Ho sa kgathallehe hore boradipolotiki ba reng, ho bohlokwa ho sheba ka nqane ho seo re se bonang mothong, re shebisise ka moo yena a itshwereng ka teng - re bone botho ba hae, re sa natse lebitso la hae. [s]
u
t
BONA SESOTHO - March 2008
