sotho.1337.yourlifeguide_muthi
Ha meya e mebe
E O FEiDISA
Batswadi ha ba a lokela ho iphapanyetsa dintho ha ba fuputsa mathata a ngwana ya sa sebetseng hantle sekolong
MOTSWADI e mong wa Soweto ya kgathatsehileng o batla ho utlwa hore a ka thuswa keng, o re meya e mebe e hlasetse, e batla ho senya bokamoso ba mora wa hae. Matsatsi a mmalwa ka mora ho beleha mora eo wa hae, o re o ne a kopane le motho eo a sa mo tsebeng ya neng a re: "Morahao o tla ba sethoto sekolong."
"Seporofeto sa monna eo se a phethahala kajeno," ho bolela yena. "Moraka hohang ha a na tema sekolong. O dutse a feila ditlhahlobo tsa hae. Empa ha ke so lahle tshepo," o boletse jwalo ntate enwa.
Ha se yena feela. Lengolo le leng le itse: "Ke etsa selemo sa bobedi sekolong sa booki," ho boletse mobadi ya dilemo di 23 wa Queenstown. "Ke etsa matsapa ohle empa ha ho nko ho tswa lemina.
"Ke lebala dithuto tsa ka ho sa kgathallehe hore ke ithutile nako e telele hakakang le hore ke ne ke utlwisisitse hantle hakaakang, ha ke se ke botswa ditekong, ho re tsho!"
O tshaba hore sena se nyopisa toro ya hae ya ho ba mooki, o batla ho tseba hore ha ho moriana o ka mo thusang. Ba bangata babadi bao le bona ba llang ka mathata a batlileng a tshwana le ana. Batswadi ha ba a lokela ho nka dintho hanyenyane ha ba lokela ho rarolla mathata a ho se sebetse hantle sekolong.
Ke buile le Oupa Magosinyana, lethuela le nang le boiphihlelo ba dilemo tse 33, le lona le a dumela hore ho na le dintho tsa bohlokwa tse hlokang ho fuputswa tharollong ya mathata ana.
Badimo ba ka nna ba tima ngwanahao menyetla ya thuto hobane ba batla ho utlwisa wena bohloko. Se bolelang hore e ka nna yaeba tlhokomediso ya hore ho na le se sa tsamayeng hantle, se batlang ho lokiswa.
Ke tsena tse ding tsa dintho tse batlang ho shebisiswa haeba o nahana hore moriana o ka thusa ngwana wa hao (kapa wena ka sebele) hore o pase dithutong:
1 MAEMO A BADIMO. Hangata ngwana o hlokomelwa ke badimo ba kopane, ho tloha ho ba habo ho ya ho ba habomoholo, mme mathata a hlaha ha ho ka ba teng ba tenehang mme ba ngale ba siye ngwana a le feela.
2 LEREHELLO. Haeba a rehelletswe ka mofu, o lokela ho etsetswa ngwana eo mosebetsi wa ho tsebisa badimo hore lebitso la e mong wa bona le se le tsositswe ka lapeng.
Ntle ho moo ho ka nna haeba le mathata, badimo ba batla ho tseba hore hobaneng o kgethile lebitso leo bakeng sa ngwana wa hao.
Hape: na lebitso la ngwana le dumellana le fane ya hae" O lokela ho etsa diphuputso tsena ka pele. (Ha re etsa mohlala: Le haeba o sebedisa fane ya habo mmao semmuso hobane batswadi ba sa nyalana, fane ya habo ntatao le yona e lokela ho tsebisahala bophelong ba hao.)
3LESEKO. Badimo ba bang ba halefa haholo ha ngwana a sa ka a etsetswa mosebetsi wa ho tsebiswa badimong ka tshwanelo.
4 BOMADIMABE. Ho tella baholo le ho se phethe ditakatso tsa batswadi ho ka nna ha ba halefisa. Haeba ho sa kotjwe tshwarelo ho ya sitetsweng pele a ikela badimong, kgalefo eo e ka nna ya ama bana ba bona esitana le ditloholo. O tlameha ho fumana sesosa sa kgalefo eo ya bona e le hore o tsebe ho kopa tshwarelo ka tsela e nepahetseng. Haeba baholo ba hao ba sa ntse ba phela, kopa tshwarelo ho bona.
5 PITSO. Ho iphapanyetsa pitso ya badimo ya ho fehlellwa bothuela le hona ho ka o bakela mathata a maholo wena le ba lelapa la hao kaofela.
6 METSE YA LELAPA LE MABITLA. Ho na le malapa a lwanelang matlo a baholo ba habo ona. Hangata dikgohlahano tseo di etsa hore motse o qetelle o rekisitswe, e leng se halefisang badimo. Mabitla le ona a batla ho hlokomelwa. Ha re sa lebale bafu ba habo rona, le bona ba ke ke ba re lebala leha re se re le dikolong.
7 MEYA E MEBE. Re ke ke ra iphapanyetsa meya e mebe ka ha le yona e ka bakela ngwana mathata sekolong. O tla hloka lethuela le tla o thusa ho leleka meya e mebe ha e le teng. [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
KALAFO YA SETHO
O ke ke wa iphapanyetsa meya e mebe, le yona e ka nna ya bakela ngwana mathata sekolong
DITLHARE
