sotho.1333.motivation
Fumana
mosebetsi wa ditoro
Ha selemo sa 2008 se ne se sa o dumela, o hlophise ditoro tsa hao hantle ka nako ya diphomolo o tsebe ho di fihlela selemong se setjha
HO nkukile dilemo tse nne ho fumana mosebetsi ditoro tsa ka - ka mora hore ke hlolwe kgetlo la pele. Ke ne ke ena le mangolo a thuto mme ke ne ke etse diteko tsa bokgoni. Ke ne ke rata le batho ba neng ba sebetsa moo, empa ka bomadimabe, ka se o fumane mosebetsi oo, o ne o nehwe e mong eo ke neng ke bala le yena.
Leha ho le jwalo, tlhase ya tshepo, ha e kaba ya fela ho nna.
"O ne o sa lebale ho otla mohala nako le nako ho utlwa hore ha ho so be le sekgeo," o boletse jwalo Dumisani Ntshentshe, mohlophisi wa BONA ya Sexhosa, eo jwale e seng e le mohlophisi wa hae. "O ne o ntetsetse mohala ka mora dikgwedi tse tsheletseng, o batla ho utlwa hore ha ho so ka ho hlaha sekgeo - ho ba bonolo ho mo letsetsa ha ho hlokahala empa o ele hloko, o sa tene batho!"
"Ka nako eo mofetoledi wa rona Ntombikhona Kwebulana a neng a fetela makgulo a matala, e ilo ba mohlophisi wa Hansard mane Kapa Leboya," o boletse jwalo motlatsi wa mohlophisi wa BONA Patricia McCracken, "Dumi a nkopa ho bitsa le Neli hara bao re neng re tla ba bitsetsa diteko tsa mosebetsi.
"Empa ho fumana mosebetsi kapa tjhe, ho ne ho le matsohong a hae - Dumi a hatella hore le yena a qale ka ho etsa diteko jwalo ka ba bang. A thabela ka moo a neng a se a ntlafaditse bokgoni ba hae ka teng, ha totobala hore Neli o ne a sebetse ka thata dilemong tseo tsohle ho ntlafatsa bokgoni ba hae hore a fumane mosebetsi ona wa hae wa ditoro."
Nkile ka ikutlwa eka ke lahlilwe, dilemong tseo. Ke ne ke batla mosebetsi oo ke ithutetseng ona empa ke sa o fumane. Ka ithaopa ho sebetsa radiong ya setjhaba. Ke tsoha ka matjeke ke itokisetsa ho ya bala ditaba tsa hoseng empa ke sa fumane moputso.
Ho ne ho le bohloko ho hlokomelwa ke ba lelapa leso. Ke ne ke fumane mosebetsi wa ho tlanya kantorong ya lekgotla la maseterata, Mthatha. Ha re qala, motho o ne a fumana moputso ha a bitsitswe kgotla!
Ka le leng ke ne ke fumane mohala o tswang ho Dumisani, eo jwale e seng e le mookamedi wa ka - mme ka hlokomela hore o hloka ho ba le tshepo ha o batla ho fihlela katleho bophelong. Bophelo bo isang katlehong bo atisa ho ba boimanyana,ke ka hona ho hlokahalang hore motho a be le mamello e kgolo.
O tlameha ho dula o kgothetse moyeng, o nahana ka tse tla o tswela molemo feela. Seo ha se bonolo haholoholo ha o le mathateng, o bile o sa itshepe hantle. Empa ho se itshepe, ho nyopisang ditoro tsa rona. Amohela ditshitiso tseleng e lebisang bophelong bo botjha bo o sa bo tsebeng hohang. Batho ba lokela ho itshepa ha ba batla ho dula ba thabile, ho ya ka T.D. Jakes, sengodi sa Mama Made A Difference. Athe Julie Silverthorn le John Overdurf, dingodi tsa Dreaming Realities bona ba re bohato ba pele ke ba ho itshepa. Re rata ho itshwantsha le ba bang, re lebale hore re mokgelo ho bona.
Ka bile le kgotso moyeng mohla ke bonang katleho ya ka, ka hlokomela hore ha o dutse o sheba ka moo ba bang ba atlehang ka teng, o tla dula o lelekisa ditoro tsa bona. Ha o se o tsepamisitse mahlo ho seo o se batlang, ditshitiso o tla di sebedisetsa molemong wa hao. Ke tseba hantle seo ke buang ka sona!
Pale: Neliswa Mzimba
Mohlophisi wa Sexhosa Dumisani Ntshentshe o amohela Neliswa Mzimba sehlopheng sa BONA.
KGOTSOFALO
bophelo bo botjha
HO HLAHISA maikutlo ho thusitse Andiswa Mlisa, moithuti wa Kapa Botjhabela, ya neng a kgaohane le ho ya etsa toyi-toyi le ba bang mme a fumana maemo a ho ba molaodi khampaneng ya matjhaba ya saense, ya Umvoto, e nang le batshehetsi ba kang SA Department Of Water Affairs, United Nations le World Bank.
"Pele ke ngola ditlhahlobo tsa selemo sa bobedi mane Fort Hare University, ho ne ho se titjhere ya thuto eo ke neng ke e rata haholo, eo ke neng ke tla e qala selemong se latelang seo!" ho bolela yena. "Ke ne ke itima nako ya ho ya etsa toyi-toyi le ba mophato wa ka ke tlameha ho ya ho mookamedi wa lefapha. "Ke ne ke mo hlalosetse hore ke ne ke batla ho tla qetela selemong se tlang, empa nka nna ka tlameha ho senyehelwa ke sona mme yunivesithi e tla tlameha ho ntefella moputso wa ka wa selemo o tla beng o ntahlehetse."
A utlwisisa hantle molaetsa wa Andiswa ya ileng a qeta BSc ya hae ka 1999. Thuto eo a e ratang haholo ke Geographic Information Systems, e thusang hore a tsebe ho toloka le ho sebedisetsa moruo wa lefatshe la rona molemong wa rona bohle.
Eo a kgothaletsa hore Andiswa a hirwe ke khampane ya Umvoto, e Kapa. Ka mora dilemo tse robedi, a tla etsa dithuto tsa honours ka 2002, mme e se e le mookamedi wa karolo e nngwe ya GIS ya Umvoto. "Ho monate ho sebetsa tegniking ena e ntjha e holang ka matla le ho ba le seabo tharollong ya mathata a lefatshe," ho bolela Andiswa.
Umvoto e shebisisa mohlodi wa metsi kapa dikotsi tseo a tobaneng le tsona. Empa hangata yena o batla ditsha tsa ho rafa mane Angola le Brazil, a ntse a le kantorong ya hae, a sheba tsena ditshwantshong tsa satellite.
O etsa dithuto tsa PhD - jwalo ka mmae, ya qetelang tsa hae dithuto tsa PhD. "Mme wa ka Lily ke mohlala ho nna. O ne a qale e le titjhere, a tjhentjhela booking, a fetela lekaleng la kalafo ya kelello pele a etsa degree ya boruti - tseo tsohle o ne a di etsa a ntse a re hodisa a bile a lefella le dithuto tsa rona, a ikemetse."
Ke tsena dikeletso tsa Andiswa tsa katleho:
Batla motshehetsi
"Mothehi wa Umvoto, Rowena Hay o ne a nketse makgwebo ha ke ne ke batla ho ba setsebi sa tegniki. Yaeba mohlala le motshehetsi wa ka e moholo hantle jwalo ka mme wa ka ya hole le hae."
Eba motlotlo
"Rowena o ne a nthute sohle ho tloha tshebedisong ya tjhelete ho ya melaong ya mesebetsi," ho bolela Andiswa. "Empa sa bohlokwa haholo, o nthusitse ho theha khampane eo ke leng motlotlo ka yona."
Atolla tsebo
Ke modulasetulo wa SA Group on Earth Observation Capacity-building Committee mme ka thuso ya Lefapha la Saense le tegniki o ne a emele SA komiting ya Global Group on Earth Observation.
Matsoho a a hlatswana
Ke motshehetsi wa barutwana ba yunivesithi ya Fort Hare le ya Cape Peninsula ba neng ba ithutela mosebetsi khampaneng ya Umvoto. Ba ne ba qalwe ka moputso wa R6 000 ka kgwedi.- Patricia McCracken
Mthunzi fo sho!
Mthunzi Gumede (24) wa Thekong o fumane mosebetsi wa hae wa ditoro wa ho ba mohlahisi wa lenaneo la bana, Kids News ho SABC 1, mane Joburg - "Ke rata mosebetsi wa ka haholo," ho bolela yena.
O dutse a batla ditaba tse monate tsa thuto ya bana bakeng sa lenaneo la hae. A di nahane hantle mme a etse le dipatlisiso, ka ho bua le batho kapa hona ho Internet.
A bone pale ya hae ka mahlo a kelello hore e tla kgahla bana bao a batlang ho ba hohela pele a ka e hlatisa. O bua le bohle, bana le ba baholo mme a laele le raditshwantsho hore a hatise jwang, a qete a hlophise video eo.
Mthunzi o entse tjena:
Kwetliso
O entse dithuto tsa dilemo tse nne tsa diploma ya boqolotsi Durban University Of Technology mme a tswelapele ho etsa BTech. O qadile ka moputso wa R8 000 ho ya ho R10 000 ka kgwedi.
Boetapele le kgokahanyo
"Theha setswalle mme o tiise dikamano tsa hao le bao o ka nnang wa ba hloka mosebetsing wa hao," ke keletso ya Mthunzi eo. E ne e le modulasetulo wa Khasho Journalism Society, PRO le mongodi wa lekgotla ya barutwana ya SASCO mane DUT hape e le setho sa Black Management Forum le mohokahanyi wa ANC Youth League.
Maikemisetso
"Se tlohele ho rapela le ho etsa dikopo tsa mosebetsi wa hao wa ditoro," ho bolela Mthunzi. "Itshepe - ke bokamoso ba hao boo, ha ho motho ya ka o emang ka pele."- Patricia McCracken [s]
Ha o shebane le katleho ya ba bang, o tla qetella o lele-kisana le ditoro tsa bona
Mthunzi Gumede.
Mookamedi wa Umvoto GIS, Andiswa Mlisa o hlalosetsa barutwana ba etsang diteko ka moo mosebetsi wa letsatsi o tsamayang ka teng, o sebetsa ka ditshwantsho tsa satellite.
