sotho.1329.parenting
Botswadi
tataiso ya ho hodisa bana hantle
Polokeho Mariha
SERAME se bakwa ke kokwanahloko e kenang mmeleng ka methapo ya ho hema. Se tshwaetsana haholo ke ka hona batho ba kulang ka bongata ka nako e le nngwe.
Mohlomong se nka matsatsi a yang bekeng mmeleng empa sesupo sa ona se ka nna sa tshwana le sa mafu a mang a kotsi a jwalo ka feberu le pneumonia.
Ha motho ya kenweng ke serame a thimola kapa a mina, metsana a tswang ho yena a ka nna a dula mothong e mong mme ebe ho tshwaetseha ha hae. Bana ba tshwaetseha ka bonolo ha ba bapala.
Se bonahala jwang
Ka mekgwa e mengata e kenyelletsang le ho opelwa ke mmetso, ho kwaleha dinko, ho thimola le ho kgohlela. Ho bonolo ho o hlokomela baneng ba banyenyane mme erekaha ha ba tsebe le ho o mamella ba phakisa ho bonahala ha ba sa phela hantle.
Phapang ke efe ho mokgohlane le serame"
Batho ba bangata ba nahana hore serame le mokgohlane ke ntho e le nngwe. Hobane bobedi di na le disupo tse tshwanang hape di tshwaetsana ka ho tshwana.
Empa serame ha se matla jwalo ka mokgohlane. Mokgohlane o ka nna wa iphetola feberu, motho a tjhese haholo, mmele o ope, a tshwarwe ke hlooho mme a fellwe ke matla.
Ho alafa serame
Serame se tlwaelehileng se atisa ho iphella ka mora beke, motho o alafa mathata a ho kwaleha dinko le mmetso o bohloko ka meriana e rekiswang mabenkeleng. (O ka buisana le rakhemisi wa hao.)
Leha ho le jwalo, ha ho kgohlela ho sa fela le ka mora dibeke tse pedi, ngwana o tla hloka ho iswa ngakeng hobane e ka nna yaba o na le tshwaetso e nngwe e kotsi.
Apesa ngwana diaparo tse mofuthu, o mo kgothalletse ho nwa dino tse futhumetseng le ho ja dijo tse nang le phepo hobane di tla matlafatsa masole a mmele wa hae.
Maemo a mabe
Serame se tlwaelehileng ha se atise ho sulafatsa bophelo empa leha ho le jwalo, se thethefatsa masole a mmele. Ho ruruha ha mahlo le ditsebe, ho thibana dinko le ho ba le feberu, ditemetwane le pneumonia di atisa ho bakelwa ke ho fokola ha masole a mmele wa ngwana.
Mo thuse hore a bolokehe. Masole a mmele ya masea ha a matla, ke ka hona a phelang ka tshireletso ya motswadi kgahlano le mafu. Netefatsa hore dibotlolo tsa lebese di dula di hlwekile hape di hlatsuwa ka sesepa se bolayang dikokwanahloko.
Ha bana ba baholwanyane ba tshwerwe ke mokgohlane, se ba dumelle ho bapadisa lesea.
BONA SESOTHO - June 2006
Ya bomme le bontate....
Hangata serame se tsamaisana le
le kokwanahloko e mpe...
GREAT STOCK!
5
HO BONOLO ho bana ho lebala ho etsa mosebetsi wa sekolo kapa ba dikadike ho fihlela ba kgaleha ba sa o etsa. Ke tsena dikeletso tse ka o thusang...
u Ngwana wa hao a ke ke a kgothalla ho etsa mosebetsi wa sekolo lapeng ha le wena o sa mo kgothatse. Batswadi ba na le seabo sa bohlokwa thutong ya bana ba bona, ka ho ba kgothalletsa ho etsa mosebetsi wa bona wa sekolo le ho ba hlokomedisa bohlokwa ba ona.
u Dula le bona moo ho seng lerata mme ba etse mosebetsi ona wa bohlokwa wa sekolo. Ha o ena le ba baholwanyane, dulang mmoho kaofela le etse mosebetsi ona hore ba banyenyane ba se bone eka ba senyetswa nako ya boithabiso kapa ya ho shebella TV.
u Hlahloba mosebetsi ha a qetile mme o ngole fatshe hore diprojeke di batleha neng. Ngwana ya etsang diprojeke ka metsotso ya ho qetela o atisa ho fumana matshwao a tlase.
u Se mo etsetse mosebetsi. Mo tataise. Mo bolelle moo a ka fumanang ditlhalosetso teng mme o mo kgothalletse ho bala dibuka, a iphumanele dikarabo. Ka mokgwa ona o tla tseba mekgwa e metle ya ho ithuta hore a iketsetse mosebetsi ka boyena.
u Buisana le titjhere ya ngwana wa hao haholoholo ha ngwana a sebetsa ka thata empa a sa pase hantle. Matitjhere a tla o fa dikeletso tsa bohlokwa tse ka thusang ngwana.
1 Mo bontshe hore o a mo rata. Ha ho ntho e bohlokwa jwalo ka ho hodisa ngwana ka lerato. Dintho tse nyenyane tse kang hore: "Ke a o rata," di etsa phapang e kgolo bophelong ba motho. Ngwana wa hao o tla itshepa ha a tseba hore o a ratwa le seo a se etsang se a ananelwa.
2 Mo kgothatse. Mo kgothalletse ho sebedisa neo ya hae le ho itshwara hantle. Bontsha lerato dinthong tseo a di ratang. Etsa hore a ipone e le motho wa bohlokwa ka ho mo kgothatsa le ho rata dintho tseo a di ratang mme o mo kgothatse ha a kgathatsehile. Mo kgothatse leha a hlolehile hore a tsebe ho boela a leka hape. Phema mantswe a bohloko a kang , "O sethoto!"
3 Tokoloho. Ho neha ngwana tokoloho ya ho tobana le mathata a hae a manyenyane, ho tloha ho qhwaeleng konopo ho isa dikgohlanong tsa hae le metswalle, ho mo thusa ho tseba ho ikemela. O tla hola a itshepa mme a bile a tshepa le diqeto tseo a di nkang.
4 Kgalema ka nepo. Ha a tsebe mabaka a etsang hore a ahlolwe. Ntle ho moo o tla tshaba ho leka dintho tse ntjha hobane a sa tsebe ka moo o tla di amohela ka teng.
5 Mo kgothalletse ho ba le boikarabello. Dintho tse bonolo jwalo ka mesebetsi ya lelapa eo o tla mo leboha ka yona, e ka mo thusa ho itshepa. Mo rorise nako le nako ha a phethile mosebetsi hantle ka nako.
Thusa ngwana hore a itshepe
ka NONHLANHLA KHUMALO
Netefatsa hore ngwanahao o etsa mosebetsi wa sekolo
GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - June 2006
u
GREAT STOCK!
JollyTots
HA Shoprite ho na le lethathama le letjha la bohlokwa la dietswa tsa ho fepa bana le masea tse theko e ntle tseo hape e le tsa boleng.
Lethathama la Jolly Tots le kenyeletsa le dibotlolo, dikopi tsa masea, ditami, dijana tsa bona le dikgaba le sejana sa diseneke.
Ditjeho di tloha ho R8,99 ho ya ho R25,99 mme dietswa tsa Jolly Tots di a fumaneha mebenkeleng ohle a ha Shoprite Checkers naheng ka bophara.
t
MAHLOKO a pelehi a bakelwa ke ho saroloha le ho honyela ha popelo ka nako eo lesea le hlahang. Leha mahloko a ke ke a phemeha empa ho na le meriana e ka a fokotsang.
Mekgwa ya tlhaho
Ho na le mekgwa ya tlhaho ya ho fokotsa mahloko a pelehi eo baoki ba e kgothalletsang bomme ba batlang ho beleha ntle ho dithethefatsi. Ha se dipetlele le ditliliniki tsohle tse nang le meriana ya mahloko jwalo ka o bitswang 'epidural.' Leka mekgwa ena ya tlhaho...
uHo sidila: Molekane wa hao a ka o thusa ka ho o sidila mokokotlo, hobane batswetse ba bangata ba opelwa le ke mokotlotlo ha ba beleha.
uHo hema: Ho hema ka tshwanelo ho a thusa. Tliliniking ya baimana, ho rutwa ka moo motho a ka hemang ka teng ha a se a beleha. O hula moya haholo ka dinko mme a o ntshe ka molomo. A heme ka mokgwa o tshwanang le hona ka pele.
Meriana ya ho thethefatsa mahloko.
E meraro mekgwa e sebediswang haholo. E fumaneha ho ya ka dibaka tseo o belehelang ho tsona...
uNitrous oxide (gas): E a fumaneha sepetlele mme mooki wa profeshenale o thusa moimana ho e sebedisa. O hula kgase eo ho kwalwang molomo le dinko ka yona. Nitrous oxide e tseba ho thethefatsa mahloko ha popelo e saroloha kapa e honyela empa ha e a fedise hohang.
u Pethidine: Ke nale ya ho thethefatsa mahloko e nkang dihora tse pedi ho ya ho tse nne mmeleng. E fumaneha sepetlele feela mme o ke ke wa e fumana ha o belehela lapeng.
uEpidural: Ke nale e thethefatsang mahloko e sebediswang ha motho a beleha ka opereishene kapa ka nako e nngwe le ka mokgwa wa tlhaho. Motswetse o hlajwa lesapong la mokolla mme e etsa hore mmele o shwe bohatsu ho tloha thekeng ho ya tlase. Epidural ke kalafo e matla empa eo motho a e fumanang ha a e beheleditse le hona dipetleleng tsa poraevete.
Tshehetso ya molekane
Tshehetso ya molekane wa hao ka nako ena ya pelehi e thusa ho theola kgatello. Eya le yena ditliliniking tsa baimana. Hona ho tla etsa a bone dintho tseo a ka o thusang ka tsona ha ho hlokahala ka nako ya pelehi.
BONA SESOTHO - June 2006
GREAT STOCK!
Ho emelana le mahloko a pelehi
Ya bomme le bontate....
tshwanang feela ke hore mme ka mong
Pelehi ka nngwe e a ikgetha, se
nako le nako ha a kena tlung.
o tla utlwa bohloko ba pelehi
Bala sohle ka hona...
O ke ke wa re o tseba sohle ka ho hodisa bana. Ho na le dibuka tse kgothalletswang hore o di bale bakeng sa maele a bohlokwa mosebetsing ona...
uFirst-Time Parents (Dr Miriam Stoppard, Penguin SA, R160)
Ha o nahana ho qala lelapa kapa o se o lebelletse lesea, buka ena e tla o thusa. E na le ditlhalosetso tsohle tseo o di hlokang le pele o ima. E tswelepele ho fihlela o ima ho ya ho hlaheng ha lesea le kgolong ya lona le diphetohong tsohle tseo lesea le di tlisang bophelong ba lona.
u All About Children (Tony Humpreys, Pan Macmillan, R160)
Sengodi sa buka ena ke 'clinical psychologist', mme mona o fana ka dikeletso tsa ka moo batswadi ba ka amohelang diphephetso tsa botswadi ka teng. O eletsa ka moo motswadi a ka buang le ngwanahae ka teng le ho utlwisisa diphetoho tse etsahalang boitshwarong ba hae. Buka ena e ngotswe ka mokgwa wa dipotso le dikarabo.
u He's Having A Baby (Jack O' Sullivan, Penguin SA, R170) Ke ya bontate. Sengodi se fana ka dikeletso tsa bohlokwa tse ka sebediswang boimaneng, maseeng, batjheng, sekolong le ditjheleteng. E eletsa ka moo motswadi a ka bapalang le lesea la hae ka teng, ka moo a ka kgonang ho laola motjha ya dilemo di ka tlase ho tse 20 ha a halefile le ho ba mohlala o motle baneng ba hao.
Ditshwantsho tsa buka: ROELENE PRINSLOO
Ho tseba puo
ha bana
NA o ne o tseba hore ho bua le bana ba hao ho bohlokwa jwang" Dipatlisiso tsa moraorao tsa UK, di bontshitse hore bana ba dilemo di tharo ba dieha ho tseba puo. Ba re bana ba bangata ba qala ho kena keretjhe ba sa tsebe hantle ho bua le batswadi ba bona.
Ba re batswadi ha ba iphe nako e lekaneng ya ho bua le bana ba bona mohlomong hobane bana ba se ba phela ka ho bapala ka dintho tsa ho bapala tseo ba kgonang ho ipapalla ka tsona ntle ho batswadi, ba shebella le TV. Bana ba lokela ho tlwaela ho qoqa le batswadi ba bona hore ba tle ba hole ba tseba ho bua hantle haholoholo ha ba se na bana ba bang ba habo bona bao ba holang mmoho le bona ka lapeng. Ela hloko hore ho qoqa le ngwana ho mo thusa hore a hole a tseba puo mme a qoqe le batho.
BONA SESOTHO - June 2006
Tsa phepo
PALO e ka hodimo ho halofo ya bana ba hlokahalang, sesosa ke ho se fepehe hantle, hobane sena se fokotsa matla a mmele a ho itshireletsa kgahlano le ho kula.
Ho se fepehe hantle ho boetse hape ho etsa hore ngwana a se hole hantle ho ya ka dilemo tsa hae, a be bobebe ho feta, mmele wa hae o hloke phepo e kang ya vitamin A, iron, iodine, zinc le folic acid.
Bofutsana le ho se be le metsi a hlwekileng mmoho le tlhokomelo e ntle ya tsa bophelo bo botle, ke tse ding tsa disosa tsa mathata ana.
Ha ngwana a sa fepeha hantle dilemong tse pedi tsa pele tsa bophelo ba hae, o dieha ho hola mmeleng le kelellong. Hona ha ho lokisehe leha a se a hodile - o tla ameha bophelo bohle ba hae.
Mathata ana a ho se fepehe hantle ha ngwana a kenyeletsa le ho se kgone ho sebetsa hantle, ho se be le kelello e tjhatsi sekolong, ho se bapale hantle le bana ba bang le ho ba le menyetla e meholo ya ho kenwa ke mafu a sa alafeheng.[s]
Phate e bolokehileng
e mabanta
PHATE ena e ikgethang ya masea e thusa hore lesea la hao le robale ka mokokotlo ha o le tjhentjha. E etse hore le se we betheng kapa moo o le tjhentjhelang.
(E a fumaneha mabenkeleng a masea le dikhemising ka R160.)
BONA SESOTHO - June 2006
