sotho.1327.sib
Ho tloswa bana mebileng - ba rutwe ho bapala dipapadi tsa sebaya...
Sibikwa Arts Centre
Ho utullwa neo ya mofuta!
SIBIKWA Arts Centre e Benoni mane East Rand, e thehilwe ke Bra Smal Ndaba le Phyllis Klotz dilemong tse 19 tse fetileng. E se e tjhentjhile maphelo ba batjha ba bangata, e seng ba Gauteng feela empa le ba dibakeng tse ding tse hole ho ya fihlella le Lusikisiki, Kapa Botjhabela.
Mona ho na le bana le batho ba baholo ba tswang setjhabeng se futsanehileng, bao kaofela ba batlang ho ithuta bokgoni ba bonono, ho tshwantshisa, ho tjeka le hona ho bina.
Sibikwa ebile yona seikokotlelo sa Andries Mbali ya sa pasang materiki. Mbali, le yena ke molaodi wa papadi ya sebaya, Ntombi Nto, o tswile sekolo ho Grade 8 ka mora hore titjhere e nngwe ya hae e mo rohake.
"Titjhere e nngwe ya monna e ne e ntlotlolle hara barutwana a re ke leqaba le nkgang, a re ke kgutlele hae ke lo hlapa. Ka etsa qeto pelong ya ka ka ona motsotso oo hore nke ke ka hlola ke kgutlela sekolong seo lekgale," ho bolela yena. "Lelapa leso le ne le futsanehile, re dula le mme mekhukhung ya Daveyton, thohako eo e ile ya ntetebetsa moya ha bohloko."
A etsa qeto ya hore o tla ikela sebakeng seo le yena a tlang ho hlontjhwa jwalo ka bohle, a tataiswe mme sebaka se jwalo seo a neng a se bona ebile Sibikwa feela.
"O ne a le dilemo di 15 ha a fihla Sibikwa," ho bolela Bra Smal Ndaba, eo le yena e leng molaodi wa Ntombi Nto. "Ka hlalosetsa Bra Smal hore ke batla ho ba sebapadi mme ka thaba haholo ha a nkamohela," ho bolela Mbali.
"Ka amoheleha!"
Menyetla
"Sibikwa ke sekolo sa setjhaba," ho hlalosa Bra Smal. "Re neha batho ba dulang mekhukhung le bana ba mebileng monyetla wa ho hlahisa bokgoni." Ka mora ho rupellwa ka thata, Mbali o qadile ho atleha hantle a le Stellenbosch. "Ke ne ke bapala papadi ya Bibeleng, The Mysteries, ke bapala karolo ya Lusifa," ho bolela Mbali.
O se a tswa mose ka papadi eo, a ya bapala USA, UK le Canada.
E mong ya atlehileng, ke sebini sa Afro-jazz, Siphokazi Maraqana, ya hapileng kgau ya setlabotjha le ya albamo ya sebini sa motho e moholo ya mmino wa Seafrika dikgaung tsa Mmino wa Afrika Borwa ka mora ho rupellwa Sibikwa.
"Nke ke ka lebala Sibikwa," ho bolela yena. "Hoja e se ka yona ke na le tshepo e tiileng ya hore nka be ke se sebini seo ke leng sona kajeno." Nkgonwae le ntataemoholo ba neng ba kile ba dula Vosloorus, ba ne ba sa mo kgothalletse hore a ye Joburg ho ya batla makgulo a matala.
"Ba ne ba mpolelle ka dintho tse tshosang le tse mpe tse etswang ke dibini. Leha ke ne ke tshaba, empa ke ne ke ipona ke tlamehile. Ka lehlohonolo, ka kopana le batho ba neng ba nkeletse ho ya Sibikwa!"
Thuso
Ka nako eo a neng a kena sekolo sa poraemari, Siphokazi o ne a qapa dipina tseo a neng a di bina hang ha titjhere ya hae e etswa.
"Ke ne ke ke ahlolwa ka hore ke binele matitjhere a 14 a sekolo," ho bolela yena. "Ke ne ke bina ke lla mme ke makale ha ke qeta ho bina ba mpha lehofi leha ba ne ba sa bue letho."
Sibikwa e entse hore a hlokomele le bokgoni ba hae ba ho tshwantshisa. Ke seo leano lena le batlang ho se fihlela - ho hlokomedisa le ho thusa batho hore ba utulle bokgoni ba bona.
Ho thuswa batswadi ba tletlebang ka bana ba bona ba sa fumaneng thuto e maemong a matle, ba sa yeng sekolong ka tshwanelo hape ba sa mameleng leha ba se ba fihlile sekolong.
"Re thusa bana hore ba nke boikarabelo maphelong a bona mme ba ikahele le bokamoso bo botle," ho bolela Bra Smal. [s]
BONA SESOTHO - December 2007
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka SIPHO MCHUNU
KA HO LE LETSHEHADI: Sebapadi, Florence Sambo se lokisa mantswe a sona bakeng sa papadi ya The House Of Zombies ho Sibikwa.
HODIMODIMO KA HO LE LETSHEHADI: Bra Smal Ndaba le Andries Mbali.
KA HODIMO HO LE LETSHEHADI: Clara Vaughn, molaodi wa The House Of Zombies.
KA HODIMODIMO: The House Of Zombies e hlahisa lethathama la neo e babatsehang ya batjha.
KA HODIMO: Karolo e nngwe ya sebaka sa boithabiso ho Ntombi Nto.
BONA SESOTHO - December 2007
