sotho.131.project page
Maqephe a projeke
ya Bona
Letsatsi le lefatshe ke tshupanako e kgolo ya tlhaho
BONA SESOTHO - April 2006
As tron o mer - ke setsebi sa dinaledi le dipolanete
Kajeno re se re tseba hore, nako e a bitsa, ke siuuwa ke nako le hore nako e bohlokwa. Kgatisong ena re tla lekola mekgwa ya mehleng ya kgale ya ho kala nako le hore o iketsetsa jwang tshupanako ka letsatsi.
Dintlha tsena di qotsitswe bukeng ya Maths TODAY lethathama le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman.
Lethathama lena la TODAY ke la bana ba Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Ho kala nako
Mehleng ya pele ho ne ho sebediswa dintho tse kang matsatsi, masiu, dinako tsa selemo kapa tsona dinaledi bakeng sa ho kala nako.
Dilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, Maekgepeta a ne a be le monahano wa ho jala dijalo hang ka mora ho tlala ha Noka ya Nile, mme ka mora moo, ba ne ba hlokomele hore kgwedi e ne e toloka makgetlo a 12 pele noka eo e ka tlala hape. Ba ne ba hlokomele hore pele ho fihla dipula tseo tse tlatsang noka, ho ne ho bonahala naledi e bitswang sirious pele letsatsi le tjhaba. Ba ne ba bale matsatsi ho tloha mohla naledi e hlahileng ho fihlela e hlaha hape mme ba fumana matsatsi a 365. Ka hoo, ha bonahala hore letsatsi le lefatshe di bonahala e le tshupanako e kgolo ya tlhaho.
Boradinaledi ba Matjhaena ba ne ba fumane hore lefatshe le nka matsatsi a 365¼ ho potoloha le letsatsi. Ka mora moo, ba ne ba dumellane hore selemo se tlameha ho ba le matsatsi a 365 mme sena se etsahale dilemo tse tharo ho latelana, e re jwalo ka mora tseo tse tharo se latelang sona se be le a 366 ho leka ho tlatseletsa nako e lahlehileng dilemong tsena tse tharo tse fetileng.
E loketse bana ba dilemo di 8-14
Na o ne o tseba?
AM - Ante meridiem, ke lebitso la Selatini le bolelang "hoseng"
PM - Post meridiem, ke lebitso la Selatini le bolelang "Mantsiboya"
Ho kala nako ka tshupanako
Maekgepeta ao a kgale a ne a sebedisa hape dintho tse tsamayang ho kala nako jwalo ka seriti letsatsi, metsi kapa dikgalase. Ka letsatsi ba ne ba hloma thupa mme ba tla kala nako ka seriti sa thupa eo ha se ntse se tsamaya. Mokgwa ona o tshwana hantle le tshupanako e tlwaelehileng.
Ho tloha mehleng ya boholoholo haesale batho ba ntse ba hlaha le ditsela tse fapaneng tsa ho kala nako
Ho iketsetsa tshupanako ya letsatsi
1. O tla hloka thupa e bolelele ba 1 100cm le majwe a 12.
2. Hloma thupa eo letsatsing mme lejweng ka leng o ngole nomoro e nngwe ho tse latelang: 7, 8, 9, 10, 11, 12, 1, 2, 3, 4, 5 le 6.
3. Sheba tshupanako, ka hora ya bo 7, nka lejwe le ngotsweng 7 o le behe moo qetellong ya seriti.
4. Etsa sena hora le hora ho fihlela horeng ya bo 6 mantsiboya. Horeng e nngwe le e nngwe o ntse o beha lejwe le dumellanang le hora eo qetellong ya seriti.
Ditshupanako tsa sejwalejwale
Borasaense le borategniki ba ne ba hlahise tshupanako e neng e sebetsa ka seporeng. Tsena di ne di le betere ho feta tsa mehleng ya pele, empa kamehla di ne di ba morao jwalo ka metsotswana e itseng. Tsa mehleng ya kajeno tsona di se di sebetsa ka mokgwa o
ntlafaditsweng haholo jwalo ka ha di tseba ho kgema le dinako, ha di lahle le motsotswana selemong.
Tshupanako
1500 BC
Tshupanako ya seriti
Sandglass Obelisk Sundial Burning candle
1300 BC
BONA SESOTHO - April 2006
Tshupanako ya metsi
e neng e qalwe ke Maekgepeta
400 BC
Tshupanako e bitswang Pendulum ya hlahiswa ke Makreste a kgale
1656
Ha hlahiswa tshupanako e bitswang Quartz crystal
1920
Tshupanako e bitswang Atomic
ya hlahiswa
1967
