sotho.1318.sam
KA HODIMO: Samuel Eto'o le morahae ba dumedisa batshehetsi ka nako ya boikwetliso ba Spanish Formula One Grand Prix mathwasong a ngwahola.
NAHANA feela, o le dilemo di 17 o kgethelwa ho ya bapalla sehlopha sa Real Madrid. Toro ya hao e ne e le ho bapalla naha ya heno, Indomitable Lions, empa o fumana ho hong ho ka hodimo ho moo. Ke monyetla o babatsehang, wa ho hlahisa bokgoni ba hao ba bolo kgahlano le dibapadi tsa matjhaba. Monyetla wa ho ipokella ka ditjhelete. Leha o tloha maemong a tlase, tjhelete ya naha efe kapa efe e tla amoheleha naheng ya heno.
Ba lelapa la heno, metswalle le dibapadi di o hlophisetsa meketjana ya ho o fonanisa, bohle ba o thabetse. Ke dikeledi feela boemafofaneng mohla o tsamayang - o netefaletsa mmao hore o tla kgutla, le yena pelo e bohloko ha a o bona o furalla, athe le wena pelo e ka morao.
O kena sefofaneng, o thabile empa o tshohile. O leba naheng ya baditjhaba, eo o sa tsebeng le puo ya teng. Ha sefofane se tsepama, o a tswa le wena o a ba latela. Ke
lewerewere ha o utlwe le hore ba reng.
Ka mora ho nka diphahlonyana tsa hao, o emella ka thoko...
O ema moo ho be bohloko maqaqailana. Ha ho bonahale motho ya tlileng ho tla o lata. O eme le monna mateneng, hole le hae. Ekare o lahlehile.
Ke se neng se etsahale ho Samuel Eto'o ha a ne a qala ho fihla Spain. Ka mora nako e telele, a itela, a bua le motho e mong ya motsho ya neng a mo bona moo. Monna eo a mo hauhela mme a tsamaya le yena ho ya mabaleng a Real Madrid...
Seo ke sesupo feela sa ka moo sebapadi sena se neng se amohelwe ka teng sehlopheng seo.
S EBAPADI seo jwale ba reng ke "Roger Milla" wa bona wa kamoso, se ne se hlahele Nkon, Cameroon, mohla la 10 Hlakubele 1981. O ne a qale ho bapala sehlopheng se senyenyane sa UCB Douala. O ne a le dilemo di 16 ha palo ya dintlha tsa hae e tlamella sehlopha sa naha ya habo hore se mo kenye sehlopheng.
O ne a boetse hape a kene le dithutong tsa bolo mona moo a neng a bonwe teng ke baokamedi ba sehlopha sa Spain.
Dilemong tsena tse tsheletseng a bapalla Real Madrid, Eto'o o bapetse hararo feela Lokong ya UEFA Champions. O ne a hlahelle haholo ka nako eo a neng a adimilwe Real Mallorca selemong sa bolo sa 1999/2000.
Dintlha tsa hae tse tsheletseng dilokong tse robong di ne di susumetse sehlopha seo hore se mo saenise leha ba Madrid ba ne ba batle hore karolo ya konterata eo e laolwe ke bona.
Eto'o a bontsha Madrid seo e lahlehetsweng ke sona ka ho ipontsha hore ke mohlabadintlha ya kotsikotsi naheng ya Spain ho tloha ka nako eo a neng a bapalla Mallorca, o ne a kenye dintlha tse pedi ba hlola RC Recreativo de Huelva ka 3-0 ka 2003 ho makgaolakgang a Spanish Cup.
Selemong se latelang seo sa bolo, a kenya dintlha tse ntle kgahlano le APOEL FC ha Mallorca e fihlella mokgahlelong wa bobedi wa UEFA Cup.
SEHLOPHA SA naha sa Cameroon, se ne se bone neo ya Eto'o - a qala ho se bapalla a le dilemodi 17 papading ya setswalle kgahlano le Costa Rica. O ne a phomotse sebapadi se seng Ditlhodisanong tsa Mohope wa Lefatshe tsa 1998 kgahlano le Italy mane Montpellier, Fora, yaeba yena sebapadi se senyenyane ho di feta ditlhodisanong tseo.
Sehlopha sa Indomitable Lions sa hlolwa ka 3-0, empa eitse ho fela ditlhodisano tsena tsa Fora ka 1998, Eto'o o ne a se a bapala kgafetsa sehlopheng sa habo, a bapala hantle le mohlabadintlha Patrick Mboma. Bobedi ba ile ba etella pele Cameroon hore e nke mohope wa 2000 le 2002 Ditlhodisanong tsa Mohope wa Afrika.
Ke mokwetlise wa mehleng wa Cameroon, Pierre Lechantre ya neng a re Eto'o o na le bokgoni ba ho ipeha maemong a matle bolong mohlomong le ho feta mokaubere Roger Milla: "O na le tsohle tse hlokahalang. O tseba hantle seo a se batlang, o a se sebeletsa, o thella ha monate ka bolo mme kelello ya hae e tsitsa hantle ha a le ka pela mekwallo, o matla haholo ha a se a tobane le dipalo o bile o tseba seo a lokelang ho se etsa."
Athe ho Mallorca, Eto'o o ne a ratwa haholo ke batshehetsi - sekipa sa hae ke sona se neng se rekwa ho feta dintho tsohle lebenkeleng la tlelapo. Ha Mallorca e ne e bapala kgahlano le RC Recreativo, Eto'o a sebeletsa ho thabisa batshehetsi ba hae.
A lefella ditjeho tsohle tsa moketjana wa batshehetsi o neng o tla ketekwa ka mora papadi.
ETO'O ha a fetela sehlopheng sa Barcelona, ha qala diphehisano tse kgolo hobane Real Madrid e ne e na le taolo tumellanong ya hae mme ba bile ba re ke bona ba lokelang ho kgetha pele hore ba batla ho etsang ka yena - ha bonahala ekare ba batla ho hanyetsa sehlopha seo ho mo reka.
Modulasetulo wa Madrid, Florentino Pérez a re o se a ena le dibapadi tse ntle tsa ho hlaba dintlha lokong - Ronaldo le Raúl - mme ha ba na sekgeo sa Eto'o.
Ka hoo, Eto'o a lokollelwa FC Barcelona. A thusa sehlopha seo sa habo se setjha ho hapa Liki ya 2004/2005 Spanish La Liga mme yaeba yena sebapadi se nang le dintlha tse ngata ho feta, di le 24.
Ha ho ne ho ketekwa mane Nou Camp, ntlokgolo ya Barcelona, Eto'o o ne a bina a re: "Madrid, cabron, saluda al campeon" - kapa: "Madrid ke dimaumau, rona re bomampodi!"
Batshehetsi ba ka ballwang ho 100 000 ba mo dumella, empa ya tswa le Eto'o taba. A kena mathateng, a tlamellwa hore a kope tshwarelo setjhabeng phatlalatsa. "Ke kopa tshwarelo ho menahantswe ho batshehetsi ba sehlopha seo, ditho tsa sona esitana le bohle ba neng ba tshwarehe hampe ke taba eo," o ne a bolele jwalo sebokeng sa boraditaba.
"Ke ne ke sa nyenyefatse sehlopha seo. Nnete ke hore ke ne ke thabile haholo mme ka qala pina ka bina, yaba ke phetho ke tu!"
"Ke sebapadi se hlwahlwa empa ke motho ya makatsang e le ka nnete," ho boletse Fermin Calero, presidente ya mekgatlo ya batshehetsi, e kenyeletsang le Real Madrid.
"O kgotshe jwale o itebetse hore ke Real Madrid e neng e mo ntshe tlaleng. Yena seo a seng a se etsa feela ke ho butswela moya wa dikgohlahano."
Nnete ke hore le yena o ne a utlwile bohloko ka tlholo eo ya Barcelona! Seo Calero a lebetseng ho bua ka sona ke tlhekefetso ya kgethollo ya mmala eo Eto'o a tobanang le yona nako le nako ha a kena ka lebaleng - haholoholo ha a tlo bapala kgahlano le Real Madrid.
Ba hlahisa ditshwantsho tsa ditshwene mme ba mo tjeketjele ka matokomane. Dihlopha tse ding ha batshehetsi ba tsona ba etsa seo, di a ahlolwa empa ena e etswang ho Eto'o yona ha e tsotellwe. Ha Barcelona e ne e hlola Zaragoza ka 4-1, Eto'o o ne a bontshe batshehetsi ka ho tjeka hore ha a ba tsotelle hohang ka dipuonyana tseo tsa bona ka mora ho kenya ntlha.
"Hohang ha ke kgathatswe ke ho phoqwa ke batshehetsi. Ke kgathatseha ha e le bana ba etsang jwalo hobane bona ha ba tsebe hore eo ke thohako mothong e mong."
"Ba utlwa ha ho tjho batswadi ba bona ba nahane hore ke puo e ntle."
Ba ne ba etse lehouhou ba re Eto'o "o rohakile" Real Madrid empa ha ba tsotelle ha yena a rohakwa. Ka mora ho thusa sehlopha sena sa Barca ho hapa mohope wa pele wa La Liga eo e saleng ba o leka ho tloha ka 1999, dihlopha tsa batla ho mo reka.
Chelsea ya itlhoma pele - mme presidente ya Barcelona, Joan Laporta a leba Cameroon ha mothaka ona a le diphomolong hobane a batla ho ya buisana le yena mahlomahlong. "Chelsea ya batla ho lefa tjhelete e ngata empa leha ho le jwalo, tjhelete ha e reke thabo ya motho." Eto'o o ne a re ka mora nako: "Ke rata Barca mme ke batla ho e bapalla.
"Mohatsaka le yena o ne a kgathatsehile ka boemo ba lehodimo ba UK." Eto'o o na le tumellano e ntjha, o tla ba sehlopheng seo ho fihlela ka 2010.
Papadi e nngwe le e nngwe ke ya bohlokwa. "Re lokela ho itshupa ha re kena ka lebaleng hore re sehlopha se pele sa lefatshe." Haufinyane o sa tswa bitswa hore ke moromuwa wa United Nations Children's Fund, o batla ho etsa phapang maphelong a bana ba neng ba tinngwe menyetla pele, ke batla ba bone hore dintho tse ntle di a iketsetswa. Ha ho tse fumanwang di tonositse," ke yena eo.
Ho na le batho ba moya o motle ba ka o thusang. Jwalo ka ya neng thonake Eto'o bomafofaneng. "Ke maswabi hobane ke ne ke tshohile hoo ke neng ke hloke le ho mo botsa lebitso. Ke ikutlwa ke mo kolota teboho e mo loketseng," ho bolela Eto'o." [s]
BONA SESOTHO - February 2006
Moqapi wa motjeko wa "monkey dance"
Setaele sa
Ba mo betsa ka matokomane - ba mo kgetholla ka mmala - ha a kena ka lebaleng, empa hoo ha ho sitise Samuel Eto'o ho etsa seo a tummeng ka sona jwalo ka "Roger Milla" wa kamoso...
Afrika
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/TOUCHLINE PHOTO
Eto'o o nkankana le Xisco wa Real Betis ka nako ya Supercup Final mane Camp Nou ka Phato ngwahola.
BONA SESOTHO - February 2006
u
"Maikemisetso a ka ke ho hapa Liki ya Bomampodi"
KA HODIMO: O a potlaka, o matla le kelello e tjhatsi. Ke maikemisetso a Samuel Eto'o a mo fetotseng naledi bolong.
BONA SESOTHO - February 2006
Bolo le dipolotiki
E tsebisahala hape ka Barca, FC Barcelona, e toropong e bitswang Catalonia, le leng la mabatowa a Spain. Lebala la yona le leholo ke Nou Estadi del Futbol Club Barcelona, le tsejwang ka Camp Nou. Ho na le dikgohlahano tse kgolo pakeng tsa merabe ya Catalan le Castilian, tseo ka nako e nngwe di tsosang morusu o tshabehang. Erehaka FC Barcelona ke "sehlopha sa morabe wa Catalan," e hara mahlatsipa a meferefere ya dipolotiki le kgatello e tshwanang hantle le eo Afrika Borwa e tswang ho yona!
Sehlopha sena se thehilwe ka 1899 ke rakgwebo e mong wa Sweden, Hans Kamper, ya neng a rata setjhaba sa Catalan hona hoo a neng a tjhentjhe lebitso la hae a ipitsa ka la Catalan, Joan Gamper.
O ne a bapatse koranteng hore o batla dibapadi tse ka thabelang ho bapalla sehlopha sa hae se setjha. Tse 11 tsa tla kopanong eo. E le Mafora, Majeremane, Manyesemane le ba bang ba Spain, ya re di tloha feela sehlopha ya eba sa matjhaba.
Pele ho nako e kae ba qala ho hapa dikgau. Empa ho tloha dilemong tsa bo 1920, ha Spain e ne e buswa ke Miguel Primo De Rivera, ya hlooho e thata, Barca ya qala ho angwa ke mathata a dipolotiki. Presidente wa sehlopha, Josep Suñol, a bolawa mme ntlokgolo ya Barca ya qhomiswa ka seqhomane, ba tlameha ho tlosa karolo e itseng ya folakga ya Catalan.
Ha ho phetoho ebileng teng ha Franco a nka marapo, dilemong tsa bo 1930. Ke nakong ena moo sehlopha se phehisanang le Barca sa Real Madrid se neng se thehwe. Sehlopha sena se emetse Castilian Spain mme le Franco ka sebele a se tshehetsa. Ha ntshwa folakga ya Catalan mme le puo ya teng, FC Barcelona ya ikemela. Ka 1941, Barca ya laelwa hore e hlolwe ke Real Madrid. Sehlopha sena sa hwanta mme sa hlolwa ka 11-1, sethibathibane sa Barcelona sa ntshwa bolong bophelo bohle ba sona.
Dilemong tsa bo 1950, ha Barca e qala ho hapa mehope hape, mmuso wa Fora wa hatella naledi Alfredo Di Stefano, hore a lo bapalla Real Madrid!
Mokaubere ona wa Dutch, Johan Cruyff a kena sehlopheng sena ka 1973. Ya ba thotohatsi ho batshehetsi. FC Barcelona ya shashara Real Madrid ka 0-5 lebaleng la habo bona. Selemong se latelang seo, sehlopha sa ba le ditho tse 70 000 mme ya ba sehlopha se nang le batshehetsi ba bangata ka ho fetisisa lefatsheng lohle.
t
BONA - December 2005
