sotho.1315.health
tsa bophelo bo botle
Borashe ba meno!
Ekaba dikokwanahloko tse 750 000 tse tlalang moyeng nako le nako ha ho otlwa ntlwana ka mora ho sebediswa, ho ya ka dipatlisiso tsa Britain. Ka hoo, ho molemo ho boloka borashe ba meno ka kitjheneng ho ena le ka phaposing ya ho hlapela e nang le ntlwana - kapa o e inele ho bolaya dikokwanahloko jwalo ka botlolo ya lesea.
Ratisa bana ditholwana
Tshepo e teng batswading ba neng ba se ba kgathala matla ha bana ba bona ba hana meroho le ditholwana ho ya ka setsebi sa phepo sa SA Sugar, Priya Lalla.
Baetsi ba dipatlisiso ba sebeditseng dikolong tse pedi tsa Amerika ba fumane hore seo o ka se etsang feela baneng ke ho ba fepela ditholwana le seno sa tsona hane ho ya bohlanong ka letsatsi," ho bolela yena.
O re ha o batla ho leka sena, qala ka ho seha ditholwana dikotwana tse nyenyane hore ba tle ba di je ka bonolo.
BONA SESOTHO - September 2007
Qala dijo tse thata
NNETE: Motho o nka metsotso e 6 feela a lla pele o meokgo e fela.
Lebala ka dijo tsa masea tse thumisehileng, eo ke keletso ya Gill Rapley wa Friendly Baby Institute ya ha UNICEF. O re ka mora dikgwedi tse tsheletseng lesea le nyanya, le ka qala dijo tse thata - tseo le ka itjesang tsona hore le itlwaetse ho iketsetsa dintho. Le a itjella ha feela ho sa ntse ho dumelleha, ka hoo le thuse hore le se pipitlelwe.
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Dibapadi tsa bolo ya maoto, dimathi tsa mabelo a malelele le a makgutshwane, kaofela ba atisa ho ba le mathata a athlete's foot, leha ba supileng hara ba leshome ba rona, re ntse re eba le mathata a mofuta ona neng neng maphelong a rona.
Sesupo sa mathata ana, se manganga haholo, se kenyeletsa le ho hlohlona, ho eboha ha maoto, ho peperana ka nako e nngwe a be a tswe madi. O ka e hlola ka ho:
n Boloka maoto a omme, haholoholo pakeng tsa menwana.
n Rwala dikausi tsa lesela kapa tsa ulu kapa tsa lesela le sa bolokeng mongobo.
n Tjhentjha dikausi kgafetsa.
n Rwala dieta tse otlang moya.
n Rwala dieta tse ommeng.
n Rola dieta ha o le lapeng, o sa ikwetlise.
n Rwala dieta tse bulehileng ha o hlapela dibakeng tsa setjhaba. [s]
Hlola athlete's foot
Buela ka ho le letshehadi
Na o na le mathata a hore ba lelapa la hao ha ba o utlwisise maikutlo a hao hantle" Ntlafatsa sena ka dithuto tsena tse fumanweng Sam Houston University mane Texas - ba re batho ba o mamedisisa ka hloko ho utlwa maikutlo a hao ha ba mametse ka tsebe e ka ho le letshehadi ho feta ka ho le letona!
Dumelang!
NNETE: Caffeine ya kofi e nyolla kgatello ya madi dihora tse yang borarong.
Ho nyekelwa ke pelo ho bohloko haholo baimaneng ba bang - empa ho thusa ho fokotse menyetla ya ho hlaselwa ke kankere ya letswele. Baetsi ba dipatlisiso ba US University Of Buffalo le bona ba hlokometse hore basadi bao ba nyekelwang ke pelo haholo boimaneng ba ba le menyetla e menyenyane ya lefu lena.
BONA - August 2005
