SOTHO.1314.surfer e
BONA - August 2005
TOSTEE.COM
BONA SESOTHO - October 2005
LUNGANI Memani ya dilemo di 16 feela wa Lekeisheneng la Nelsona Mandela, Kapa Botjhabela, batshehetsi ba mmatla ka hohle.
Lewatle le haufi le sebaka seo, ke la Port Alfred. "Re na le lewatle le letle le maqhubu a maholo mme batho ba bangata ba tshaba ho sesa, ha ke bue letho ka ho sesisa." ho bolela morekise e mong wa mebileng eo hape a pentang.
"Batho ba bangata mona ba na le tumelokgwela mme le batswadi ba ka ba ne ba hanyetsana le nna ha ke qala ho ithuta ho sesisa ba re ke tla iqabanya le badimo."
Kajeno batswadi ba hae e se e le bona batshehetsi ba hae ba baholo.
Ba re Lungani, o phela bophelo boo ba neng ba sa bo lore le ho bo lora.
"Re thabile haholo ho utlwa hore Lungani ke motho wa pele e Motsho wa ho kenngwa sehlopheng sa naha sa basesise. O fumana tjhelete ya hae mme ke mohlala ho batjha ba bang ba lekeisheneng. O hahlaula le lefatshe, a robale dihoteleng - dintho tseo rona re so kang re kgona ho di etsa empa re le baholo ba hae.
"Hoja o ne a sa bapala papadi ena ya hae, ha ke kgolwe hore o ne a tla le beha leoto la hae mose," ho bolela ntata Lungani, Tiny.
Ho kena sehlopheng sa naha ho bontsha hore Lungani o na le bokgoni - mme ho ya ka ditsebi o maemong a ho ba mosesise ya hlwahlwa ka ho fetisisa ho ba kileng ba eba teng naheng ena. Ho ya kenela ditlhodisano tsa makgaolakgang a World Junior Championships mane Amerika ka Mphalane, ke sesupo sa bokamoso ba hae bo botle.
"Lungani ke e mong wa basesise ba hlwahlwa ba boemong ba dilemo tse ka tlase ho tse 16 mona Afrika Borwa," ho bolela mookamedi ya ka sehloohong wa Surfing South Africa, Robin de Kock, "empa o tla tlameha ho fallela toropong e nngwe e kgolo jwalo ka ya Thekong e le hore a tsebe ho ntlafatsa bokgoni ba hae."
Lungani o etsa Grade 10 Sekolong se phahameng sa Nomzamo mme o re o ikemiseditse ho phetha dithuto tsa hae tsa materiki pele a kena papading ena ka ho feletseng.
"Ke lakatsa ho ya hole le papadi ena, empa ke sa lebala ka thuto," ho bolela Lungani. Lungani o ne a kgethelwe sehlopheng sa naha ka Motsheanong.
Tlhase yona e ne e ntse e le teng, ke hopola dilemo tsa bo 1980 ha ke ne ke le Thekong, ke ne ke lakatsa ho sesisa haholo mme ke ne ke hlola ke dutse le Bheki Dlamini eo e neng e le mosesise ka nako eo mme ke bona maemo a hodimo ao a seng a a fihletse ka papadi ena feela. Ha ke ne ke eme mebileng ke emisa dikoloi tse lebang ka nqa ya lewatle, Bheki yena o ne a balehela meferefere ya lekeisheneng la Kwa-Mashu, a kgwaetse letlapana.
Ha a fihla lewatle, a kgethe sebaka se nang le maqhubu a maholo, e re ha ke mo sheba, lerato la papadi ena le tote.
Ho sa le jwalo ha hlaha "Black Seal".
Mokaubere, Tony Mbedeni a ithaopa ho ruta batjha ba lekeisheneng la Port Alfred ho sesa hobane a ne a kgathatsehile ke ka moo ba neng ba kgaqwa ka metsi ka teng mme a batla hore ba tsebe ho sesa ba tle ba pholose batho ba nkwang ke lewatle.
Hoja ese ka boinehelo ba Tony, neo ena ya Lungani e ne e sa tlo bonahala hohang. O sebeditse haholo ka nnete hobane o tlositse bana ba bangata mebileng, a ba ruta ho sesa le ho tshwasa ditlhapi mme ka nako e nngwe o ne a intsha le bona ho ya robala naheng.
"Ke rata lewatle mme ke ne ke batla ho ruta bana mosebetsi wa ho pholosa batho ba nkwang ke lewatle, ke ba rute hore ba be hlwahlwa mosesong," ho bolela Tony.
Erekaha le nna ke ne ke dula lebopong la lewatle la Port Alfred, ho ne ho se ka moo nke keng ka bona Tony ka teng. Eitse ha a re ho nna ho ruta batjha ba 20 ho sesa ho tla ba thusa hore ba tsebe le ho sesisa, ka bona hantle hore ona ke monyetla o moholo...
E se e le dilemo tse tsheletseng jwale Tony a bokeletse batjha bana.
Ba ne ba le 20 mme ke ba tsheletseng feela ho bona ba neng ba sesisa ka diboroto, kaofela ba ne ba laelwe ho tshela Noka ya Kowie - mme ba 12 ba tla tswa pele ke bona bao ho tla thehwa sehlopha ka bona.
"Le sa hopola ka moo le neng le tlala ka teng koloing ya ka ha le eya lewatle"" ho botsa Tony a bile a tsheha. "Ba tsheletseng ba ne ba sesisa metsotso e 20 mme ba adime ba bang diboroto, ho ne ho le monate haholo ka nako eo."
Tony le sebapadi se seng sa profeshenale sa hona sebakeng seo, Warwick Heny, ba lelapa la ka mmoho le nna, re nkile dilemo tse tharo re lokisa diboroto tsa kgale re bokella le diaparo tsa ho sesa bakeng sa batjha bana. Sehlopheng sena sa ba 12, ke Lungani le motswallae Luzuko Faxi ba neng ba tswelepele le ho sesisa.
Bobedi ba bona ba se ba kene sehlopheng sa naha mme ba bile ba fumane le dikhampane tse ba tshehetsang. Re o phethile wa rona mosebetsi mme jwale ho tswa ho bona hore ba ipehe maemong a matle mosebetsing wa bona esitana le ho iketsetsa metswalle e metjha. Ho tloha mohla a qalang feela ho kena metsing a batang a Port Alfred, Lungani o ne a le monyenyane a le dilemo di 10 feela, a tenne le diaparo tsa ho sesa tse kgolo ho yena mme o re o ne a ikutlwe a thabile haholo a rata papadi eo ka pelo yohle ya hae.
"Ha ke ne ke palama maqhubu a pele feela, ke ne ke ikutlwe hore ke batla ho ya ho a maholo ho feta ao. Leha ke ne ke tshaba ka nako e nngwe, empa ke ne ke ikutlwe hantle hore ena papadi ke eo ke e ratang ka ho fetisisa."
Warwick Heny ke motshwari wa Lungani jwale mme o se a kile a hlola ditlhodisano tse mmalwa tsa ba dilemo di ka tlase ho tse 16, o se a ballwa hara dibapadi tse tharo tse hlwahlwa tsa Afrika Borwa dithakeng tsa hae. Mosuwehlooho wa Sekolo se Phahameng sa Nomzamo, Thandile Mkele, o re sebapadi sena se pele se boetse hape ke morutwana ya hlwahlwa haholo ho Grade 10.
"O kgona ho arola nako ya hae hantle bakeng sa dithuto le dipapadi. Ke yena morutwana wa pele sekolong sena sa Nomzamo wa ho kena sehlopheng sa naha papading efe kapa efe mme re motlotlo haholo ka yena."
Ho etswa matsapa a ho ruta bana ba bang ba lekeisheneng leo ho sesisa, mme Lungani o thabile haholo ke hona. Jwale tjena re ikemiseditse ho fumana ngwananyana ya tla ba hlwahlwa haholo papading ena eo le yena a tla kgona ho beha sebaka sena sa habo rona mmapeng wa lefatshe!
"Re lokela ho etsa ho hong ntlafatsong ya papadi ena. Hoja le nna ka se ke ka fuwa monyetla dilemong tse mmalwa tse fetileng, nka be ke se maemong ana ao ke leng ho na kajeno, nka be ntse ke raha bolo mebileng ya lekeisheneng," ho bolela Lungani.
"Papadi ena ya metsing e monate haholo!" [s]
@LiveWire
Mampodi wa mankgonthe
O thella maqhubung!
pale ka DAVE MACGREGOR
ditshwantsho ka @LIVEWIRE
Motjha wa lekeisheneng o palama maqhubu mme o sa bile a kgethetswe ho kena sehlopheng sa naha se tla emela Afrika Borwa ditlhodisanong tsa ho sesa (surfing)...
KA HODIMO: Lungani le motswallae wa hlooho ya kgomo, Luzuko Faxi, eo le yena a keneng sehlopheng sa naha sa bosesise.
LE LETSHEHADI: Lungani o etsa seo a tummeng ka sona.
LE LETSHEHADI: Batswadi ba hae ba ne ba sa rate papadi ena ha Lungani a sa ntse a e qala empa kajeno ke batshehetsi ba hae ba baholo mmoho le kgaitsedi ya hae.
BONA SESOTHO - OCTOBER 2005
t
t
Ho tloha ka nako eo ke neng ke tlola maqhubu a pele, ke ne ke ikutlwe ke batla ho tlola a mang a mangata
KA HODIMO: Boroto ya hae ya pele ya ho sesisa... Lungani (le letshehadi) le Dave McGregor mmoho le basesise ba bang.
BONA SESOTHO - October 2005
KA HODIMO: Hoja ese ka boinehelo ba Tony, neo ya Lungani e ka be ntse e patehile le kajeno. O thusitse bana ba bangata a ba tlosa mebileng mme a ba ruta ho sesa le ho tshwasa ditlhapi mme ka nako e nngwe a intshe le bona ho ya robala naheng
KA TLASE: Dibaka tseo o ka di etelang, ho seswa hodima maqhubu...Lungani o ruta ba bang ba barutwana ba sekolo sa habo papadi ena eo a e ratang.
Ba a sesa!
Ka Bophirima ba ne ba qale ho utlwa ka papadi ena ya ho sesisa ka mora hore Mokaptene Cook a kgutle leetong la hae la Hawaii ka 1778. Ke hona moo Hawaii moo batho ba teng ba neng ba tseba ho ema hantle ba tsitse hodima boroto e sesang hodima maqhubu a lewatle.
Marena a teng esitana le bafo kaofela ba ne ba ithabisa ka ho palama maqhubu!
Marena a ne a sesisa maqhubung a maholo, ha bafo bona ba ne ba palama a seng kotsi.
Ka mora ho fihla ha makgowa, ho sesisa ho ileng ha theoha haholo. Baruti ba ne ba nyatsa ha batho ba tsamaya hara batho ba sa tena mme dilemong tse ka bang 50, Manyesemane a hlola ntwa ena ya kgohlahano ya serabe.
Dilemong tse ngatangata tse fetileng, papadi ena ya bosesise ya nyamela sehlekehlekeng sena. Ka 1905, sehlopha sa batho ba Hawaii sa theha mokgatlo wa ho sesisa o neng o etellwa pele ke Duke Kahanamoku - ya neng a hape dimetale tsa kgauta dithlodisanong tse ngata tsa ho sesisa tsa Diolimpiki - papadi ena e ne e qale ho tlalatlala le lefatshe mme ya fihlella Australia ka 1915.
Mora wa monna e mong ya neng a rata papadi ena, Duke, ene e be sebapadi sa Hollywood mme a bapala papadi ena ho isa boqhekung. Kajeno papadi ena e na le moputso o moholo
Kelly Slater, ke mampodi wa papadi ena, mme o se a hapile dikola tse ngata, a ba a ipokeletsa le ka dimilione tsa ditjhelete tsa didolara tsa US ka ho hlola ditlhodisano tse ngata esitana le hona ho saena le ditumellano tsa bohlokwa.[s]
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ho kopanya mafa
Lenyalo la ka le monnaka e ne e le la mofuta o kopantseng mafa. O ne a mpalehe a ya dula le mosadi e mong eo a neng a be le bana ba babedi le yena. O ne a sebeletsa khampane e neng e mo isa dibakeng tse ngata. Khampane ena e ne e rere taba ya hore nna kapa mme matsale re late halofo ya moputso wa monna enwa motsemoholo wa khampane ena mane Welkom.
O ne a sihe mosadi eo wa bobedi mme a ya dula le mong. Ka mora dilemo tse pedi, o ne a hlokahale a bolawa ke EITSI. O ne a se na ngwana le mosadi enwa wa boraro.
Mosadi enwa a nang le bana le monnaka, o ne a ye khampaneng ya monnaka ho ya fuputsa ka provident fund le tse ding ditjhelete tsa hae. Khampane e ne e mo neha tjhelete yohle. Manki o ne a nnehe lengolo le neng le ntumella hore ke nke qeto ka mafa a monna enwa. Ha ke ya khampaneng le lengolo lena, ba ne ba mpolelle hore sa bohlokwa ho bona ke tlhokomelo ya bana ba monna enwa.
Ke etse jwang"
LL, Randburg
Lengolo leo o le nehilweng ke manki, ha le etse phapang ya letho kabong ya tjhelete ya provident fund baneng ba monna enwa. Ka ho ya ka dintlha tseo o re nehileng tsona, ho hlakile hore monnahao o ne a ntse a lefa provident fund molemong wa hore a fumane tjhelete ya hae ha a beha meja fatshe mosebetsing kapa e fumanwe ke bana ba hae ha a hlokahala.
Ditjhelete tsohle tsa provient fund di laolwa ka ho ya ka molao wa teng o bitswang Pension Funds Act No 24 of 1956 mme di okamelwe ke moifo o bitswang board of trustees. Karolo ya bo 37C ya molao ona, e bolela hore haeba ho ka fumaneha pele ho fela dikgwedi tse 12 monga tjhelete (monnahao kgetlong lena) a hlokahetse, hore o na le bana, tjhelete eo e tla nehwa bana bao.
Moifo ona o na le matla a ho hlwaya hore ke mang eo a ka bitswang ngwana wa mofu le hore ba ka e arola ka mokgwa ofe.
Tabeng ya monnahao, moifo o ile wa tsebiswa hore bana ba mofu ke bao wena o hanyetsanang le hore ba fumane tjhelete ena.
Haeba o sa kgotsofala ka kabo ya tjhelete ena, o bona hore le wena o ne a tlameha ho fumana letho tjheleteng eo, karolo ya bo 30(a) ya molao ona, e bolela hore o ka ngola lengolo la tletlebo leo ho lona o tlamehang ho hlakisa lebaka le etsang seo.
Haeba moifo ona o sa sebetse taba ya hao pele ho fela matsatsi a 30, kapa o sa kgotsofala ke qeto ya ona, o ka fetisetsa tletlebo ya hao ho Moahlodi wa ditaba tsa Penshene.
Moahlodi o tla kgona ho sebetsa taba ya hao haeba ho so ka ho fela dilemo tse tharo tjhelete eo e abilwe.
Rona ba ha Scorpion Legal Panel, re o eletsa hore o ipatlele leqwetha le tla o thusa ho kenya tletlebo ya hao mabapi le tjehelete ena.[s]
Ke ya Hao ka Molao
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
BONA SESOTHO - October 2005
Romela mathata a hao ho: BONA Ya hao ka molao, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion Legal Protection e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
