sotho.1312.motoring
Koloi e ntjha ya ha
HYUNDAI
Hobaneng i10 e loketse tjhelete ya hao... Pale ka Gavin Foster
HYUNDAI i10, e fihlile hantle nakong eo lenane la mafura le hlweleng mekwalaba le moruo o thekeselang. Jwalo ka ha le sephethephethe se ntse se subuhlellana haholo mebileng ya rona, dikoloi tsena tse nyane ke tsona tse tswang pele.
Koloi ya i10 leha e le nyane, e se matla hakalo, empa e bitsa hantle le ho feta Hyundai Getz. Leha ho le jwalo, yona e kgolwanyane ha e bapiswa le Atos.
Leha ho ne ho le bobebe hore Hyundai e kenye koloi ena e nyane bakeng sa Atos, empa khampane ena e ratile hore e di rekise ka bobedi ka nako e le nngwe jwalo ka Opel e entse jwalo ho Corsa e ntjha le ya kgale mmoho le Volkswagen mefuteng ya yona ya Golf le Citi Golf.
Atos le i10 dienjini tsa tsona di a lekana ke 1,1 mme hape di baballa mafura ka tsela e tshwanang, le ka lebelo di a lekana. Leha di tshwana ka dintho tse ngata, ena e ntjha yona e setletse betere e boetse hape le bokare ba yona bo ntlafetse haholo.
Koloi ena e ntjha yona e itse ho ba boima hanyane ho feta Atos mme ka lebaka leo, Hyundai e entse hore ena e nyane e be le matla a fetang a Atos ka 10 lekgolong.
Mofuta wa i10 wa five-speed manual gearbox, e ka finyella lebelong la 152km/h, ha ya four-speed automatic yona e ka finyella ho 144km/h.
Hyundai ena e ntjha e bitsa betere hobane e fokoditse dintho tse ding tsa bokgabane le tsa polokeho.
Koloi ena e na le standard air conditioner, difenstere tse ka pele di sebetsa ka motlakase, e na le rev counter le spare wheel se lekanang le mabidi a mang. Ka R2 500 feela ka hodimo, o fumana radio CD le MP3 player tse aheletsweng le yona. Di-airbag le ABS brakes e etsang hore mabidi a yona a se tlame ha o tshwara mariki.
Mohla i10 e neng e hlahiswa semmuso mane Gauteng, o ne a fumane monyetla wa ho e kganna sebaka se ka bang 100km, tjhe a e utlwa, hore e a dumela - o hopole hore moya wa Gauteng o matla ka 17% dikoloing.
E tsamaya sebaka sa 100km ka dilitara tse ka hodimo hanyane ho tse nne ka lebelo la 60km/h, mme ha o hlile o bapalla mafureng, e ka sebedisa tse hlano ho ya ho tse tsheletseng.
Sena se bolela hore haeba o le motho ya ikgannelang ka 60km/h ka letsatsi koloing e nyane jwalo ka ena, o ka boloka tjhelete e ka bang R600 ka kgwedi ha ho bapiswa le motho ya tsamayang ka koloi ya boholo ba 1,6 litre.
Hyundai i10 e bitsa R89 900, e tjhentjhwang mme e itjhentjhang yona e bitsa R99 900.
Koloi ena e bulehile ka hare. Ena ke koloi e tswang pele khampaneng ena ya Korea jwalo ka ha e tla le warranty ya dilemo tse hlano kapa 150 000km. [s]
BONA SESOTHO October 2008
DIKOLOI
DIKOLOI TSA KOREA
E fetile nako ya hore dikoloi tsa Korea di shejwe ka mahlo a sele jwalo ka ha Hyundai le Kia di se di ahile dikoloi tsa boleng tse tshwarellang jwalo ka tsa Japan, tse bileng di bitsang hantle. Re kgannile koloi tse pedi tsa ha Kia tseo bobedi ba tsona di neng di re kgotsofatse.
Re ne re qale ka Kia Picanto EX Auto e bitsang R118 995, e nang le dintho tsohle eo ka yona o tsamayang ha monate.
Enjini ya EX e tshwana hantle le ya dikoloi tsa ha Hyundai - Hyundai e itshwanela le Kia - haholoholo dinthong tse kang dual airbags, ABS brakes, seyalemoya, alloy wheels, aircon esitana le difenstere tse sebetsang ka motlakase. Haeba o bona koloi ena e bitsa haholo, ka R91 995, o ka fumana Kia Picanto e itjhentjhang, tsohle di a tshwana ntle le hobane yona e na le central locking.
Haeba o le motle ditjheleteng, 1,6 litre Kia Rio Sport e ntse e o loketse.
Ho ka etsahala ba bang ba se ke ba e rata ka hare, empa rona re bone e le bokgabane.
Ka lenane, e bitsa R133 995 mofuteng wa 1,4 ho ya ho R164 995 mofuteng wa Sport.
Mofuta wa sport o na le airbags, central locking, aircon, difenstere tse sebetsang ka motlakase, lebidi la ho kganna o kgona ho le nyolla le ho le theola.
Dikoloi tsa ha Kia ha di na mathata, bomadimabe ba tsona feela ke hore thaka ena e ntjha ha e di rate jwalo ka tsa ha Volkswagen, Opel le Ford.
DINTLHA TSA YONA
ENGINE: Four cylinder inline 1086cc, e na le overhead camshaft e le nngwe
GEARBOX: 5-speed e tjhentjhwang kapa 4-speed e itjhentjhang
BOHOLO BA TANKA: Dilitara tse 35
LEBELO: 152km/h (e tjhentjhwang) 144km/h (e itjhentjhang)
TANKA E NKA NAKO E KAE: Sebaka se ka bang 600km
LENANE: R89 900 (e tjhentjhwang); R99 900 (e itjhentjhang)
WARRANTY: Dilemo tse hlano kapa 150 000km
BONA SESOTHO October 2008
A MANG MAIKUTLO
LERATO MATEBESE
Lerato Matebese e se e le selemo sa boraro a ngola ka dikoloi, mme le yena o ne a rorise koloi ena ya i10 ka mora ho e kganna. "E feta Kia Picanto hanyane," o boletse jwalo moqolotsi enwa wa ditaba wa Gauteng. "Koloi ena ke ya boleng mme le lebelo la yona le e tshwanetse, haholoholo ha o shebisisa bophahamo ba yona."
