sotho.1308.yourceleb_winnie
LELAPA LA KA
Winnie Khumalo ditoro tsa hae di a phethahala jwalo ka pina ya hae Just Wanna Live My Life e bolela. Empa se mo kgathatsang haholo ke ho dula lapeng le leng le bana ba hae
Bana ba na le tsa bona dikamore tsa ho robala! Mona (ka hodimo) re bona Winnie a hlolwa ke Thando ho PlayStation le (le letona) o bapala le Retha le mootlwana wa bona, Meme.
RE LAPENG LE BONA
DINALEDI tse ngata di rata bophelo bo majabajaba, empa nna ha ke jwalo. Ke motho ya tlwaelehileng. Ke tswa lekeisheneng, ke hodisitswe ke nkgono!
Nna le bana ba ka re tswa hole; re ne re dula seterateng se le seng le nkgono, Sgod'Phola (hona Soweto) re dula ntlong e kamore e nngwe, ra boela ra ya dula ho e kamore di pedi tsa ho robala mane Dobsonville.
Kajeno re mona!
Re falleletse Protea Glen, Soweto, ka Pudungwana ngwahola hobane re batla sebaka se bulehileng!
Ke dula le moraka, Thando (17) le moradiaka Rethabile (13), ka hoo, ho bolela hore re hloka dikamore tse fetang tse tharo tsa ho robala hore re tsebe ho phuthuloha.
Nke se tjho hore ona ke ona motse wa ditoro tsa ka. Ntlo eo ke e lakatsang ke e ahilweng thabeng, empa jwale ke thabela seo ke nang le sona.
Nna ha ke na mathata, le mokhukhung nka dula, ha fela ke na le bana ba ka.
Empa ha jwale, ena e re lekane. Ke se ke qadile ho aha lebota ho teratela motse le ho ntlafatsa motse ka dintho tse kang dikgaretene le bethe e ntjha ya moradiaka.
Kamore ya ho robala ke yona eo ke e ratang haholo. Ke dula betheng ha ke kgathatsehile, ke nahana le ha ke rapela. Ke moo hape ke etsetsang merero ya ka ya bokamoso teng.
Leha bana bana e mong le e mong a na le kamore ya hae, empa ho ratwa ya Thando haholo hobane e na le TV le Playstation.
Le ya ho phomola le yona ke thatohatsi hobane ke moo re phomolang teng re shebelle difilimi re le lelapa. Re adima di-DVD tse ngata re shebelle e nngwe ka mora e nngwe.
Ke a bo rata bophelo ba lekeisheneng, ha ke kgolwe hore nka tsamaya mona. Ho lokile moo ke leng teng mme le bana ba ka ba thabile.
Dilemong tse mmalwa tse tlang ke tla be ke dula ntlong e betere, empa ke rata batho ba tsebe hore nke se lebale moo ke tswang teng hobane katleho ena ha e tswe marung.
Ha ke iketsise mona! [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho:PH Photography
Winnie ya dilemo di 36, o a dumela hore bana ba hae Rethabile (le letshehadi) le Thando ba ba lelele ho yena. O boletse jwalo nakong eo ba nkang difoto tsa rona motseng wa hae mane Protea Glen, Soweto.
Winnie sofeng a e ratang. Phaposi ya ho phomola ke moo lelapa le kgobokanang teng ho boha di-DVD.
Wardrope ya hae e mmala o lerotho e eketsa botle kamoreng ya hae ya ho robala. Ke tsona dintho tseo a di ratang kamoreng ena ya hae.
O ntse a phetla albamo ya lelapa. Sebini sena se dilemo di 36, se bolela hore se ke ke sa lebaka ka setso sa sona.
