sotho.1301.Project
Maqephe a projeke
Masalla a batho ba pele a ne a fumanehe Afrika pakeng tsa 1924 le 1985
BONA SESOTHO - May 2006
Re tswa kae"
Kgatisong ena ya Maqephe a Projeke ya BONA re shebisisa mothapo wa tlhaho ya motho ho fihlela lelokong la kajeno.
Dintlha tsa rona di qotsitswe letotong la dibuka le bitswang Social Sciences TODAY le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman. Letoto la TODAY ke la dihlopha tsa Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Tlhaho ya botho
Mefuta e mmedi ya masalla a batho e fumaneha Afrika Borwa mme e bontsha hantle hore batho ba pele ba ne ba qale ho ba teng mona Afrika.
Ngwana wa Taung - ana e ne e le masalla a neng a fumanehe Taung, mona Afrika Borwa ka 1924. Ho ne ho bonahale hore e ne e le a ngwana ya neng a le dilemo di nne ya neng a phela dilemong tse ka bang halofo ya milione tse fetileng. Masalla ao e ne e le a pele a ho fumaneha lefatsheng ka bophara.
Mofumahadi Ples - ka 1936, Robert Broom eo e neng e le radipatlisiso wa dintho tsa kgale, o ne a fumane masalla a motho e moholo mane Sterkfontein, Gauteng mme a a bitsa Mofumahadi. Ples.
Hom i nid -- mefuta ya batho ba kgale. Mona re ka bala batho, diapi le ditshwene.
Ar chae ol o gist - motho ya etsang dipatlisiso ka dintho tsa mehleng ya kgale.
Na o ne o tseba"
Ho tsamaya ka maoto a mabedi o kgone ho ema hantle o otlolohe ke yona phapang pakeng tsa batho le diphoofolo tse ding.
E loketse bana ba dilemo di
8-14
Tlhaho ya motho -- tsela a hlahileng ka yona
Kelello ya motho wa kgalekgale e ne e feta ya api, empa e se tjhatsi jwalo ka ya motho wa kajeno. Batho bana ba pele ba ne ba phela dilemong tse pakeng tsa tse milione le dimilione tse tharo ka Botjhabela le ka Borwa ho Afrika.
Meno a batho ba kgale a ne a le manyane a kopane ho feta a diapi, empa a sa tshwane le a batho.
Ba ne ba sebedisa disebediswa tse neng di entswe ka majwe bakeng sa ho tsoma le ho bokella dimela. Ba ne ba bitswa Homo habilis, kapa handy man.
Homo erectus ke mofuta o neng o na le kelello e fetang ya Homo habilis, ka 25% hobane o ne o tseba ho tsamaya ka maoto a mabedi o otlolohe hantle. Masalla a teng a ne a fumanehe haufi le Krugersdorp ka 1948.
Leloko la kajeno ho nahanelwa ha le qadile ho ba teng dilemong tse 50 000 tse fetileng. Lehata la motho le ka tshela dilitara tse 1,4 tsa boko.
Tlhaho ya motho. Lebatowa la Gauteng le ne le kgethwe jwalo ka Setsi sa
dintho tsa Tlhaho ka 1999 hobane teng ho ne ho fumanehe masalla a mangata
a dintho tsa kgale.
Tse ding Ditsi tsa Dintho tsa Tlhaho tsa Matjhaba
Robben Island - Nelson Mandela o ne a kwallwe tjhankaneng ya Robben Island dilemo tse ka bang 18. Pele sehlekehleke sena se sebediswa jwalo ka tjhankana, e ne e le sebaka seo ho sona ho neng ho kwallwa batho ba neng ba na le lepera. Kajeno e se e le sebaka sa polokelo ya matlotlo a setjhaba.
Greater St Lucia Wetland Park - sebaka sena se na le dibaka tsa tlhaho tse kang mokoloko wa majwe, lehlabathe le lengata, matsha, jwanng le dintho tseo batho ba kgale ba neng ba ngolla ho tsona.
Drakensberg Park - mahaha a mona a na le ditshwantsho tse neng di akangwe ke morabe wa Masan dilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng. Sebaka sena ke hona moo ditshwantsho tse ngata di fumanehang teng Afrika ena e ka Borwa.
Re fana ka dibuka tsa mmapa tsa ha Let's Explore tse hlano!
Romela dintlha tsa hao ho:
Let's Explore Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396, Cape Town, 8000
Se lebale ho kenya lebitso, aterese, mohala le lebitso la sekolo
sa heno.
Batho ba pelepele Motho
BONA SESOTHO - May 2006
Motho wa pele
Motho
Ka 1871
Charles Darwin o ne a nahanele hore masalla a batho ba pele a ka fumaneha mona Afrika.
Ikgapele!
Na o ne o tseba"
World Heritage Site ke moo ho fumanehang dintho tsa meetlo le tlhaho tseo haeba di sa sireletswa di ka nna tsa fela.
