Sotho.1300.yourceleb_10ques
DIPOTSO
Nomathemba "Thembsie" Matu
1. O ne o etseng dipontshong tsa ha Cell C"
Ke hopola hantle, ekare ke sa tswa kgutla ho tsona. Ke ne ke fihle ka mora nako mme ka tlameha ho ema ho fihlela eba tinare. Ba re ke hwelehetse batho ba fetang ka tsela ke re ho bona: "Cell C Talk For Free On The Weekend!"
2. Batho ba ke ba o kope hore o bue jwalo ka ha o bua dipapatsong tsa Cell C"
E! Bang ba batle hore ke hwelehetse jwalo leha ke ile lefung.
Ho a thabisa ho bona hore batho ba a kgona ho o hlokomela leha o le hara batho empa meedi e lokela ho ba teng. Nke ke ka kgona ho thabisa batho ka dinako tsohle. Ba lokela ho utlwisisa seo hobane le nna ke tshwana le bona ha ke dule ke thabile kamehla!
3. Na o ke o romelle batho please-call-me kapa o ba s"
Ke kgetha ho founa empa ha ke le tsietsing, nka mo bhaza motho.
4. Ke mang eo o ka mo romellang please-call-me ntle le hore o ipone o phoqehile o bile o tseba hantle hore o tla o founela"
Ke monnaka, akgente ya ka, le moraka. Ke bona bao ke tsebang hantle hore ba tla ntetsetsa.
5. Ke mang eo o buang le yena kgafetsa mohaleng"
Ke akgente ya ka.
6. Mohala wa hao ke wa mofuta ofe"
Ke Nokia N70 eo e sa leng ke e sebedisa, ke na le LG Bombshell eo ke sa tswa e reka dibekeng tse pedi tse fetileng.
7. Na o buela hodimo mokgwa wa hao"
E, empa e seng ka dinako tsohle. Ke buela hodimo haholo ha ke le hara batho bao ke ba tlwaetseng.
8. Ke sefe seo o tenang bathong ba bang"
Batho ba a iketsisa, ba etse eka dintho di tsamaya hantle empa ho senyehile mme ke a kgathatseha ke hona. Ke rata batho ba sa iketsiseng, ba sa tsheheng hobane ba kgahlisa feela. Ba be seo ba leng sona!
9. Ke lefe lenaneo la TV leo o ka thabelang ho ba ho lona ho a SA"
Ke la Bodumedi leo e leng la ka.
10. Re tla o bona kae hape monongwaha"
Ho Nomzamo Three le filiming e bitswang Finding Lenny. [s]
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
TSA DINALEDI
Sebapadi sena sa Rhythm City - le mofumahatsana wa Cell C se bua ka papatso ya TV eo se entseng hore se tume le tse ding tsa bophelo ba hae
