sotho.1299.rhoo
O di hlaba lenyelenyele
Ke kgorula lapeng labo mme le yena o ikahetse sa hae setumo bolong ...
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka MAC MOGOROSI
BA BANGATA ha ba utlwa fane ya ha "Radebe" feela, ba nahana ka bolo. Empa ho na le setho se seng lapeng lena la habo Lucas "Rhoo" Radebe se bapalang bolo ka mokgwa o makatsang - seo neo ya sona e ka bapiswang le ya sebapadi seo sa mehleng sa Bafana Bafana le Leeds.
Re bua ka yena Dikeledi "DK" Radebe, kgaitsedi e nyenyane ya Lucas, eo e leng mohlabadintlha papading ya netball.
Ho bua nnete, bokgoni ba hae papading ena bo se bo mo hapetse dikgau tse ngatanyana mme haufinyane, DK o sa tswa kgethelwa ho ba sebapadi se hlwahlwa seterekeng sa habo ditlhodisanong tsa mantshano tsa bomampodi.
Ebile yena sebapadi se hlabileng dintlha tse ngata ho feta, di ne di le 120 mme hape a etsa nalane ka tse 60 papading e le nngwe.
"Dikgaitsedi tsa ka tse supileng di bapala bolo mme dinaledi tsa bolo ya maoto di lokela ho leboha hobane ke ngwanana, ntle ho moo, ke ne ke tla ba jesetsa kgwebeleng," o boletse jwalo ngwana wa ho fela ka boswaswi, o hlahlama bana ba 10.
O dumela hore ke boinehelo feela bo etsang hore motho a atlele papading. "Ke sebapadi se hlomphang, se sa fetweng ke dinako tsa boikwetliso mme hape ke mamedisisa mokwetlise," ho bolela DK.
Mosebetsi wa hae le bophelo ba lenyalo ke tsona tse mo sitisang hore a kene lokong ya ditlhodisano tse kgolo. O bapalla sehlopha sa SA Revenue Services sa lekala la Tshwane moo a sebetsang teng, ke mongodi wa mookamedi wa teng.
O re o lakatsa ho emela naha ya habo ditlhodisanong tsa bompodi ba matjhaba.
Boitshepo
Dikeledi o kgothalleditswe ho rata bolo ke mmae, Emily, ya neng a ena le sehlopha sa bolo sa netball ka nako eo ba neng ba dula Diepkloof, Soweto.
"O ne a qale ho e bapala a le dilemo di robedi," o boletse jwalo mme Emily Radebe.
Maemo a DK bolong a ne a nyolohe haholo ka mora hore a kopane le Hazel Gumede, sebapadi se pele sa mehleng, eo kajeno e seng e le e mong wa bakwetlise ba pele ba Afrika Borwa.
"Ke ne ke sa itshepe pele ke kopana le Hazel," ho bolela DK. "O ne a nthuse hore ke itshepe mme ke tsebe ho hlaba dintlha lenyelenyele."
Ntle ho moo, Dikeledi o rata ho kwetlisa dibapadi tsa tenese, tsa rugby le boramabelo. Empa bolo ya maoto e bohlokwa haholo ho yena - ha ho makatse. "Ha ho papadi ya Lucas e kileng ya mpheta ka nako eo a neng a bapalla Chiefs kapa Bafana Bafana."
Ho ne ho boetse hape ho ena le ditlhodisano tse nang le kgatello haholo ha Chiefs e bapala le Pirates, Celtic kapa Sundowns.
"Ka nako e nngwe ke ne ke eya lebaleng," ho bolela DK.
Jwalo ka kgorula lapeng lena la ha Radebe, o a dumela hore o ne a tefiswa - mme Lucas le yena o ne a mo tefisa haholo.
DK o nyetswe ke Seun Nkosi, eo e leng sebini sehlopheng sa Bodumedi, Holy Rock, mme bona ha ba ya ikemisetsa ho tsamaya mehlaleng ya batswadi ba DK.
"Nke ke ka kgona ho ba le bana ba 10 jwalo ka batswadi ba ka," ho bolela yena. "Ke lakatsa ho ba le ba babedi feela, mohlomong ngwanana le moshanyana."
Empa ha jwale, o sa ntse a shebane le netball, o sa ntse a ena le matla mme hape le seemo sa hae se a mo dumella. Re a mo lebohela hobane o utlwa bohloko haholo ha ba hlotswe. [s]
BONA SESOTHO - October 2007
O hlaba dintlha jwale.
Kopana le Radebe e mong!
KA HODIMO: Monna wa Dikeledi, Seun, o bina sehlopheng sa mmino wa Bodumedi.
KA HO LE LETSHEHADI: DK le tse ding tsa dikgau tsa hae. Mona o na le kgaitsedi ya hae.
BONA SESOTHO - October 2007
DK le batswadi ba hae ba motlotlo, Johannes le Emily. Ke mme Emily ya neng a mo kgothalletse ho bapala netball.
