sotho.1298.yourceleb_starstyle
APARA JWALO KA
MASUPATSELA
NALEDI
Seemo se setle sa Jada Pinkett-Smith se dumellana hantle le setaele sefe kapa sefe seo a se ratang
MATSATSING ana o tumme ka lenyalo la hae la dilemo tse 12 le Will Smith, empa ho ba mofumahadi le mmabana ha ho sitise Jada hore a be le tokoloho ya ho kgetha diaparo tsa feshene tse mo tshwanelang. Dilemo tsa bo 1990, e ne e se motho wa mabenyane, o ne a tena dihempe tse kgolohadi le di-jean tse neng di pata seemo sa hae se setle. Empa tseo tsohle di fetile. O se a tena hantle hape o kgahla bohle mane Hollywood. Sebapadi sena se hlwahlwa se kgona ho tena diaparo tse fapaneng - o tena ka bokgabane meketeng ya mabenyane leha a se a sa ye ho ona.
Ka moo o ka tenang ka bokgabane ka teng
Ka nako e nngwe ho thata ho fumana diaparo tse o lekanang hantle le tse o tshwanelang ha o le mosesane. Ke tsena dikeletso tseo o ka di sebedisang ha o ilo reka diaparo.
Phema diaparo tse kgolo, le tse se nang sebopeho. Kgetha tse o lekanang hantle hobane di tla shebahala hantle.
Dikete tse ka hodima lengole di tla hlahisa ditlhafu tsa hao hantle, o shebahale o le molelele. Phema tse telele tse fihlellang maqaqailaneng ka ha e tla ka o mokgutshwane.
Marikgwe a masesanyane a shebahala hantle. Phema a maholo maotong haholoholo ha o rwetse dieta tse folete.
Dieta tse phahameng di tla o phahamisa. Kgetha tse motsu ka pele ka ha tse sephara di ka etsa eka o mokgutshwane.
Ela hloko ha o kgetha dintho tsa ho ikgabisa - difaha tse tenya ha di shebahale hantle mmeleng o mosesane.
E nkilwe: www.ehow.co.za
Tjhebeho
1. Lesapo la letsoho (R75 sete), Foschini.
2. Mose o mosesane (R420), Foschini.
3. Lebanta (R140), Foschini.
4. Masale a kgauta (R35), Mr Price.
5. Tight e ntsho (R30), China Mall.
6. Dieta tse ntsho (R240), Foschini.
7. Reng (R299), Ruby In The Dust.
8. Mokotla o mekgabiso ya phoofolo (R240), Foschini.
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Mothusi: Keletso Modisakeng
Ditshwantsho: Peter Whitfield
DIAPARO: China Mall: Downtown Joburg mane Main
Street Foschini le Mr Price: Mabenkeleng ohle naheng
ena Ruby In The Dust: 011-325-5111
