sotho.1030.teendec
BONA SESOTHO -December 2006
Etsa dintho di etsahale
Ho ba le ditabatabelo ke ntho ya bohlokwa bakeng sa katleho. Ipehele tsona e le hore o tsebe ho fihlela ditoro tsa hao...
SELEMO le selemo re tlwaetse ho swaswa ka ho botsana ditlhophiso le merero ya selemo se setjha, empa he ba mmalwa ba atisang ho ipapisa le seo ba ebe ba boletse ha ba se hlophisitse. Empa e seng ka mokgwa oo baena le dikgaitsedi. Mathwaso a selemo ke nako e nepahetseng ya ho lekola botjha bophelo ba hao mme o nahane botjha seo o se lakatsang bakeng sa dikgwedi tse latelang.
Ena ke ntho e etsahalang haholo batjheng hobane ba ebe ba rera bokamoso ba bona feela, empa ba ebe ba rera le ka moo ba tlang hoba batho ba baholo ka teng.
Eish! Ha ho e beha ka mokgwa oo, e a tshosa, ha ho jwalo"
Phuthulohang lona baena le dikgaitsedi!
Dintho tsena kaofela - tse kang ho rera hore ke di fe dithuto tseo o tlang ho di etsa sekolong le seo o tlang ho ithutela sona yunivesithing - ke ntho e tlwaelehileng.
Ho ba le ditabatabelo ho bebofatsa tsena kaofela...
PDitoro ke eng" Ditoro ke ditepisi tse o nyollelang hodimo. Ditoro ke mehato ya pele ya leeto leo o le nkang, o kgona ho ema o shebe morao moo o tswang o lekole hore a na o ntse o le motjheng wa moo o pheheletseng teng kapa tjhe.
Ditoro ke tsela eo re laolang maphelo a rona lefatsheng lena le tshosang ka yona.
Ho bolela ntho e kang hore "ke rata ho theola boima ba mmele monongwaha" ha se toro. Ditoro ke maano ao o tlang ho a sebedisa ho theola boima boo ba mmele.
"Ho fihlela seo o se labalabelang bophelong, o tlameha ho sebetsa ka thata ho feta lentswe le reng ho sebetsa ka thata," ho rialo ngaka e nngwe ya kelello.
"E nngwe ya dintho tse hlokehang bakeng sa katleho ya ditoro tsa hao: ke ho ba le tsela ya ho di fihlela!"
PDi ngole fatshe. Bona ke bohato ba pele ho phethiseng ditoro tsa hao. Ka ho di ngola fatshe, o etsa moralo o tla o bontsha ka moo o tlamehang ho di fihlela ka teng!
Ka ho di ngola fatshe, o bontsha ka moo o ikemiseditseng ka teng ka tsona! Ena ke yona ntho e etsang hore di fapane ho tsena tseo re tlwaetseng ho swaswa ka tsona mathwasong a selemo.
Ho di ngola fatshe, ho di etsa e be tsa nnete, ha e se e le tsa nnete di a phethahala!
Hape o tla bona - ho tshwaya tseo o seng o di fihletse ho thabisa jwang.
Ho ngola ditoro fatshe hape ho re qobella ho di hlakisa e leng se re fetisetsang sehloohong se latelang...
PDi netefatse. Ha re ke re shebeng mohlala ona wa ho theola boima ba mmele. Ho bolela feela hore o rata ho theola boima ba mmele ha ho a anela. O tlameha ho etsa le dintho tse kang dipatlisiso. O tlameha ho tseba hore na o rata ho theola boima bo bo kae - ntle le ho thefula bophelo ba hao - mme o sebedise leano le itseng.
Ha re nke ka hore o rata ho theola boima ka dikilograma tse 24. O ka ipeha kotsing ha o ka nahana ho etsa seo ka beke feela kapa yona kgwedi e le nngwe feela. O tlameha ho etsa seo ka selemo, o theole tse pedi jwalo ka kgwedi.
PDi hlakise. Ha o re o rata ho theola dikilograma tse pedi ka kgwedi ke ntho e hlakileng eo. Empa leha ho le jwalo, o tlameha ho hlakisa hantle hore na o tla etsa seo jwang. Re ka etsa mohlala ka tse latelang:
Ke tla ikwetlisa hararo ka beke.
Ha ke na ja haholo.
Tjhokoleiti ke tla e ja ka mafelo a beke feela.
Nahana ka ntlha eo ya boraro lona baena le dikgaitsedi. Ke mohlala o motle ho bua nnete. Se ka re "o tla tlohela tjhokoleiti," bua nnete mme o iputse ha o fihletse toro ya hao.
PItshepe ka tsona. Ntlha ena ya boraro ke o mong wa mehlala ya ka moo re ka bontshang ho itshepa ka ditoro tsa rona. Se tsepamise maikutlo ho seo o se nang ho se etsa, empa ho seo o tlang ho se etsa.
O mong mohlala... Bakeng sa hore o nne o re "ha ke no senya nako," ngola fatshe seo o ratang ho se etsa ka nako ya hao ya kgefutso. Seo o ka bolelang o ka re "ke tla etela nkgono hora habedi ka beke."
Na o a bona hore dintlha tsena ha di bolele seo o tlamehang ho se etsa, empa hore na o di etsa jwang.
"Empa Fat Charlie, ke utlwile o re ho lokile - empa jwale ke ferekane. Ha ke tsebe seo ke se batlang bophelong, nka iphehela jwang toro" Ha ho ntho e ntlelang hantle, jwale tlhokeho e kae ya ho ipehela ditoro"
Ho LOKILE ho ikutlwa ka mokgwa oo lona baena le dikgaitsedi - empa he ke ka hona ho leng bohlokwa ho ipehela ditoro e sa le jwale. Jwalo ka ha o ntse o hola, ho molemo ho ithuta ho ikemela.
Empa he ho boima! Ehlile ho jwalo. Ka hoo, seo o lokelang ho se etsa ke ho fetola mathata phephetso!
Ke tsena dintlha tse tharo tse tla o thusa ho kgatholla kelello ya hao mme o tsebe ho ipehela ditoro...
Ke tlameha ho ba le mamello. Butleng le se tate, e sa le qalong ya bophelo lona baena le dikgaitsedi. Haeba batswadi ba dutse ba o setse morao, le baena ba hao ba dutse ba o kgathatsa, iphapanyetse bona. Se nke bohato, ithute ho iphapanyetsa bona ka nako e nngwe - kapa o mamele batswadi ba hao.
Haufinyane o tla be o "ikemetse" - ka nako eo o seng o ikemetse ka bowena, o tla hlokomela hore ho ne ho se sehloho sa letho batswading ba hao!
Nnete ke hore, ha o dutse o tenehile, o kwatile, o ke se kgone ho nahana ka nepo.
Ha o inehetse tabeng ka mamello, o tla kgona ho hlokomela hore na o fokollwa ke mamello kae. Sena se tla etsa hore o kgone ho ipehela ditoro tse nepahetseng.
Re ka re mohlomong ngwaneno o dutse a o kgathatsa, sebedisa seo jwalo ka toro, iphe nako tsatsi le leng le le leng o leke ho mo mamela.
Ke tlameha ha laola maikutlo a ka. Hlahloba dintho tse ka bang di a o nyedisa. Di ngole fatshe tseo tsohle mme o leke ho di qoba. Mohlomong ha o bala o balla hodimo mme o phatsamiseha - ho molemo hore o bale o kgutsitse.
Ke tlameha ho itlhokomela. Tlohela boitshwaro bo bohlaswa jwalo ka ho sebedisa dithethefatsi kapa hona ho tshwarella dikamanong tse seng monate. Dintho tse kang tsena di tla o diehisa o se kgone ho bona bokgoni ba hao.
Ho itlhokomela ho bolela hore o kgona ho bona ditsela tseo o ka intlafatsang ka tsona. Sena se ka nna sa etswa kgafetsa kapa o ka nna wa kopa wa mphato wa hao ho o thusa ka dithuto tse o hlolang! [s]
BONA SESOTHO - December 2006
Mahlo mahlong le Fat Charlie
u
t
Etsa qeto ka yunivesithi
Etsa leano la ho ithuta
Iphe nako ya ho ba le metswalle
Theola boima ba mmele -
- Eja ka nepo
- Ikwetlise hararo ka beke
- Ke batla ho theola 5kg ka Hlakola 2007
Eba le mamello
Laola maikutlo a hao
Itlhokomele
Ho bohlokwa ho atlehisa ditoro tsa hao
BONA SESOTHO - December 2006
HOPOLA!
Nnete ke hore ha ho mang ya tla o behela ditoro, ke wena ya tlamehang ho etsa seo. Ba bang ha ba na bona bokgoni, ditlhoko kapa bona bokgoni boo wena o nang le bona. Hopola hape hore ditoro di tlameha ho bontsha maikemisetso a seo o se kgonang le seo o se labalabelang. Leeto le leng le le leng le simolla ka mohato wa pele - ka hoo, leeto le rerilweng ka hloko le ka nepo mehato e nepahetseng e a le tiisa le hona ho netefatsa seo o se pheheletseng.
