sotho.1296.cyclists
BA atlehile
HO ne ho bonahala e ka ditoro tsa bona di ne di ke ke tsa phethahala. E seng hobane ba bapala papadi e sa tumang, empa hobane ba ne ba bapala papadi e neng e se na tshehetso ya ditjhelete. Leha ho le jwalo hobane Modimo ke Radimakatso, bana bana ba tsheletseng ba Kapa, ba ne ba kgone ho ya tonamenteng ya Tour De France ya 2008 e tshwantshwang le ya Mohope wa Lefatshe e tshwarelwang naheng ya Fora!
Ho kenela tlhodisano ya papadi tsena ho ne ho kgothatse bana
bana haholo.
Mona re bua ka, Yoliswa Maseti (15), Nkosinathi Nohesi (15), Songezo Jim (18), Verdi Farao (23), Emile Jacobs (15) le Chumisa Mkhunqwana (19), mme ba ne ba kgethwe ka mora ho bontsha boinehelo bo babatsehang papading ena.
Ke ditho tsa Life Cycling Academy (LCA), mokgatlo o seng tlasa mmuso o tlisang diphetoho papading ya mejaho ya dibaesekele bathong bao pele ba neng ba tinngwe menyetla.
Mananeo a LCA a kenyeletsa polokeho papading ya dibaesekele, ho ruta papadi ena dikolong esitana le ho kgothaletsa bana ho kena ho yona esitana le ho ntlafatsa ba seng ba le maemong a hodimo.
Yoliswa Maseti, ya dulang Khayelitsha o ne a qale papadi ena ka 2005. O re o ne a sa nahane hore papadi ena e ne e ka mmeha maemong ao a leng ho ona kajeno.
O re o ne a thabile haholo ha a ne a utlwa hore o tla ya Fora.
"Ke ithutile tse ngata tse tla nthusa papading ena," o boletse jwalo ka pososelo. "Ke fumane dikeletso tse ngata tsa ka moo nka atlehang ka teng ditlhodisanong."
Verdi Farao eo ba nang le yena sehlopheng, o paka hore ba ithutile leholo mohopeng ona.
"Ho hlwa thaba ya Table Mountain le lekgalo la Sir Lowry ho itshwanela le ho hlwa tutudunyana feela ha re
se re di bapisa le dithaba tsa
Fora tse kang ya Alps," ho hlalosa yena.
Songezo Jim yena o dula mekhukhung ya Masiphumelele, haufi le e nngwe ya ditsela tse sebedisetswang ho matha mejaho e
pele ya dibaesekele Afrika Borwa -
Cape Argus Pick 'n Pay Cycle Tour.
O ne a ikamahanye le sehlopha sa lehae ka mora hore a ne a ile a shebella mojaho oo o feta haufi le habo ka Sontaha sa mohla la 25 Hlakubele 2005.
O re o ne a be motlotlo ho kopana le dibapadi tse ding Fora. Ha ba ne ba le Fora, bana bana ba ne ba fumane monyetla wa ho ya ditekong mane Bourg-d'Oisans, moo ba neng ba tsamaiswe tseleng e tummeng ka methinye e 21, e nngwe karolo ya tse nyolosetsang haholo dithabeng ya Alps mmoho le tonamenteng eo.
Songezo o ne a qete bolelele ba 14km ka metsotso e 52 feela.
Sebapadi se pele se nang le rekote ya moepa oo, ke Marco Pantani wa Italy ya neng a se qete ka metsotso e 37 le metsotswana e 35. [s]
BONA SESOTHO November 2008
Ho etela ha batjha bana Fora, ho ba nehile maele a mangata katlehong ya papadi ena... Pale ka Vuyisile Mdoda, ditshwantsho ka Debbie Owen
DIPAPADI
"Ke se ke tatsetse ho etsa sohle seo ke ithutileng lona mona!"
Ho tloha ho le letshehadi: Songezo Jim, Yoliswa Maseti, Emile Jacobs, Nkosinathi Nohesi, Verdi Farao le Chumisa Mkhunqwana.
Bapalami ba dibaesekele ba ha LCA ba thabetse ho ba ho Tour De France jwalo ka ha o ba bona mebileng ya Bourg-d'Osians.
Carlos Sastre, mohlodi wa 2008 Tour De France, mona o saenela batshehetsi ba LCA lebitso la hae.
