sotho.1292.stranger
Itshepe o dule o
bolokehile
Ka moo o ka netefatsang hore ngwana wa hao o dula a bolokehile leha a le hara batho bao a sa ba tsebeng ba mo nahanelang bora
pale ka WALTON GOLIGHTLY
MAQALONG a selemo, naha ena e ile ya utlwiswa bohloko ke ho kwetelwa ha Michaela Ganchi (6) a ipapalla kantle ha nkgonwae mane Eldorado Park, Joburg. Setopo sa hae sa fumanwa ka le hlahlamang. Roland Jones (27), e mong wa banna ba lekeisheneng leo, a tshwarwa mme a ahlolelwa ho kwetelwa, ho beta le ho bolaya.
Haufinyane mapolesa a ne a hlokomedisa batjha ho itlhokomela ka mora hore ho kwetelwe bashanyana ba babedi ba dilemo di 11 le 16 ba sebakeng sa Germiston.
Ba ne ba le mabenkeleng a rekisang dikhomputara ha mohlankana e mong a ba bolella hore ha ba ka tsamaya le yena o tla ba fa di-CD tsa dikhomputara. Ba mo latela ho ya morafong o mong o seng o sa sebetse moo a fihlileng teng a ba supa ka sethunya.
Ho ya ka moo mapolesa a boletseng ka teng, bobedi ba ne ba pholohe ba kgona ho hlalosa hantle hore o jwang, le ona a hlokomela hore e feela e le yena monna eo e saleng ba mo batla ka diqoso tsa ho kwetela sebakeng seo.
Ke diketsahalo tsa mofuta ona tse re hopotsang kotsi eo bana ba rona ba phelang hara yona. Le batjha bao o ka nahanang hore ba se ba kgona ho nka diqeto tse nepahetseng ba kotsing. Se etsahetseng ho Ganchi ke sesupo sa hore leha ba se ba bapalla ka hara jarete, bophelo ba bona bo dutse bo le kotsing!
Ho ka etswa jwang"
Re ka sireletsa bana ba rona jwang dinokwaneng tsena" Batho ba hohellang bana ho etsa thobalano le bona ke ba swabisang ka ho fetisisa.
"Ho ba ruta hore ba se bue hohang le batho ba sa ba tsebeng ha ho a lekana, re lokela ho ba neha le melaetsa ya bohlokwa, ho ya ka moo ngaka ya bana, Daniel Broughton, eo hape e kileng ya eba mookamedi wa US National Center For Missing And Exploited Children.
"Bana ba hloka ho rutwa hore ba itshepe, e seng hore ba dule ba tshaba kapa ba leka ho phema dintho tse itseng."
Sa bohlokwa mona ke boitshepo. Erekaha re dutse re kopana le batho bao re sa ba tsebeng letsatsi le letsatsi, le bana ba rona ba lokela ho tseba ka moo ba lokelang ho itshwara ka teng ha ba kopana le bona, le ka moo ba ka buang le bona ka teng.
Ha se ho tseba ho bua hantle le batho feela ho hlokahalang, ba hloka le ho rutwa moya wa setswalle. Ha re rate hore bana ba dule ba tshohile ba tshaba batho bohle bao ba kopanang le bona - hoo ho ka ba sulafaletsa bophelo.
Hape o hopole hore ngwana o a ferekana ha a bolellwa hore a se bue le batho bao a sa ba tsebeng empa a bona batswadi ba bua le bona ka bolokolohi.
Ha ba tseba mekgwa e metle le e mebe, ba tla kgona ho bona ha motho eo a se a leka ho itlwaetsa bona ka nako eo batswadi ba leng siyo. "Batswadi ba se ke ba tshabisa bana ha ho ena le seo ba batlang ho ba ruta sona. "Ha re rate hore ba hole ba tseba hore motho ohle e moholo eo ba kopanang le yena ke senokwane."
Boitshwaro
Kenneth Wooden, setsebi sa polokeho ya bana, mothehi wa Child Lures Prevention, o re bana ba lokela ho hlokomediswa ka boitshwaro boo ba lokelang ho bo shebisisa bathong, e seng hore ba rutwe ho seolla batho feela.
Dinokwane di a tseba hore bana ba rutwa hore ba se bue le batho bao ba sa ba tsebeng. Di na le mekgwa e metjha ya ho ba hohela.
Ha re etsa mohlala, ba botsa tsela kapa ba kope ho batliswa phoofotswana e itseng. Ba bang ba ba thetsa ka ho re batswadi ba bona ba tsietsing mme ba tlo ba lata...
Eletsa ngwana hore a mathe a yo bitsa batho ba baholo ha monna ya makgethe a etla ho yena a mo bontsha setshwantsho sa ntja ya hae e mo lahlehetseng.
Hobaneng ho le bohlokwa hore bana ba se ke ba araba" Hobane motho e moholo ha a phehisana le ngwana, o tla qetella a mo hlotse
Ba atisa ho re:
Senokwane: "Ke kopa o mpatlise ntja ya ka e lahlehileng""
Ngwana: "Tjhe, ke tla omanngwa."
Senokwane: "Ee, mmao ke a mo tseba. O hlola a mpolella hore o dutse a le kgothalletsa ho thusa batho ba bang."
Kapa: "Tjhe, o shebehala o le ngwana ya lerato. Ke a tseba hore le nna o tla nthusa."
Kapa: "Tjhe ha re na nka nako e telele hape le ntja ya ka e rata bana haholo."
Hangata bana ba re: "Ho lokile he!" Se tjhaele monwana ka lehafing senokwane.
Lekunutu
Ha ho eba le maemo a tshohanyetso mme o tlameha ho romela motho e mong ho lata ngwana teng" Dumellanang ka tsela eo ngwana a tla bona ka yona hore motho eo o fela a rometswe ke wena motswadi, ho ya ka keletso ya ditsebi.
Kgetha lentswe le sa tlwaelehang leo ho seng motho ya ka le tsotellang hape le tla hopoleha ka bonolo. Ngwana o lokela ho qala ka ho thola pele a mamele. Ha motho eo a sa mo bolelle lekunutu la bona, a mo balehe le pele a tswelapele le taba.
A se mo botse hohang hore "lekunutu ke lefe"" Hona ho ka etsa hore motho eo a mo bolelle leshano la hore mohlomong, o lebetse kapa a re ho ngwana a phakise mmae o a kula jwalojwalo!"[s]
BONA SESOTHO - July 2007
Re lwantsha bonokwane
BONA SESOTHO - July 2007
u
Ha se ba sa tsejweng feela ba kotsi
Re lokela ho hlokomedisa bana ka batho ba sa ba tsebeng, empa ho a swabisa hore bana ba hlola ba hlorisitswe ke batho ba ba tsebang hantle. Hangata, ba hlekefetswa ka thobalano ke ba leloko la habo bona kapa ke metswalle ya lelapa. Batho bana kaofela ke bao bana ba ebeng ba ba tshepa.
Dipatlisiso di bontshitse hore dipersente tse 85 tsa bana ba kwetelwang, ba kwetelwa ke batho ba ba tsebang hantle. Dipersente tse 65 tsa bona di fumanwa di shwele.
Batswadi ba lokela ho mamela maikutlo a bana ba bona.
Bana ba kgona ho bona ha batswadi ba sa lokoloha. Ba ka kgona ho bua le batswadi hantle ka bolokolohi ha ba ba amohela mme ba sa nyenyefatse seo ba se nahanang kapa ba sa ba phoqe.
Bana ba lokela ho tseba hore ha ho hlokahale hore ba ake, ba sune kapa ba dule hodima motho ha ba sa rate ho etsa jwalo.
"Ho amohela seo ho etsa hore le bona ba ikutlwe ba hlonetjhwa mme ba tla kgona ho hana ho etsa seo ba sa se rateng," ho bolela Ngaka Daniel Broughton.
Kenneth Wooden yena o nahana hore bana ba lokela dula ba apere leha e le diaparo tsa ho sesa ka dinako tsohle ba bolelle batswadi ha motho a ba thetsa dithong tsa bona tsa botho.
t
BONA SESOTHO - July 2007
Etsa hore ngwanahao a tsebe mohala wa hao wa mosebetsing
Dikeletso tse ding
Bana ba lokela ho rutwa ho se amohele dimpho, tse kang dipompong, tjhelete, ho palamiswa koloi kapa yona meriana ya batho bao ba sa ba tsebeng.
Hape ba...
Rutwe ho se bolelle batho ba founang hore ba dutse ba le bang lapeng.
Pheme batho ba emeng matlwaneng a setjhaba, ba ratang ho iketsa metswalle ya bona.
Tseba mabitso a bona hantle le aterese ya lapeng mmoho le mohala wa lapeng le wa mosebetsing wa batswadi.
Ha ba se hae, ba lokela ho dula ba tsamaya le metswalle, ba bolelle ba baholo hohle moo ba yang, ba hane hehehe ho tsamaya le motho ya ba belaetsang kapa ho qoqa le yena feela. "Ba lokela ho rutwa ho itshireletsa hore ba hole ha monate ba itshepa ba bile ba ena le bolokolohi," ho bolela Ngaka Broughton
BONA - August 2005
