sotho.1291.queen
RE QOQA LE
Queen Latifah o bua ka filimi ya hae e ntjha - tjhebeho ya mmele - sebaka seo a phomolang ho sona ha a sa rate ho phatsamiswa, empa ha a re letho ka ya botabane
DIFILIMI
O SA tswa ntsha filimi e ntjha, empa batho bona ba rata ho tseba hore na Queen Latifah ke setabane kapa tjhe.
Ka Mphalane ngwahola, ho ne ho bolelwe ha Latifah a ne a nyetse mokwetlisi wa hae wa dilemo tse nne, Jeanette Jenkins, ka mora hore lenyalo la ditabane le amohelwe California.
Latifah o a di latola ditaba tsena leha ho na le difoto tse potolohang tse bontshang baratani bana ba le lewatleng! Hore ka 1996 o ne a bapala karolo ya setabane filiming ya Set It Off, ha ho a ka ha thusa letho. Leha ho le jwalo, ha a rate ho dumellana kapa hona ho hanyetsana le taba ena.
"Ha ke e bone tlhokeho ya ho bua ka bophelo ba ka ba lekunutu, ha ke kgathale hore batho ba nkuka ke le setabane kapa tjhe." Seo a buang ka sona, ke filimi ena ya hae e ntjha, The Secret Life Of Bees, e tla phatlalatswa mona Afrika Borwa kgweding ena. Ho yona, Latifa o na le polasi ya dinotsi, le sebaka sa baphaphathehi.
Hara batho ba sebakeng seo sa hae, re ka bala Dakota Fanning, motjha ya balehelang ntatae ya mo hlekefetsang le Jennifer Hudson, yena ya balehelang ba molao."Ke a e rata taba ya ho bapala karolo ya mosadi ya atlehileng, eo yena le boasiae ba nang le kgwebo ya matlo," ho rialo Latifah.
O entse dimilione tsa ditjhelete ka mmino le difilimi mme jwale ke naledi e tswang pele. Leha ho le jwalo, yena ha se motho wa mese e bitsang le mekete e pele.
Lebitso la hae la nnete ke Dana Owens, mme o ne a hlahe mohla la 18 1970, a hlahela bofutsaneng haufi le East Orange mane New Jersey. O re o tlameha ho matlafala moyeng hore o tle o phele. Empa ka seo ha ho bolele hore Latifah ha a hlokofale.
Ho na jwale lefu la abutiae, Lancelot, e ntse e ka ntho ya maobane. E ne e le lepolesa jwalo ka ntatae mme o ne a bolawe ke sethuthuthu seo a neng a se filwe ke ausia ka 1992.
Ho fihlela kajeno, o ntse a leketlisitse senotlolo sa sethuthuthu seo sa abutiae molaleng mme o sebedisa lebitla la hae jwalo ka sebaka sa hae sa boikgutso. "Ha ke kgathetse, ke kgathatsehile, ke ya lebitleng la abuti mme ha ho motho ya tla mphumana moo," ke yena eo.
"Ha ke le moo, ke ebe ke ipatile ha nakwana, ke sa arabe le mohala. Ke fumana ho kgatholoha." Latifah o se a kile a hapa kgau ya Oscar mme a kgethelwa ya Emmy bakeng la difilimi tse kang Chicago ho ya papading e neng e hlokomedisa ka bohloko ba HIV, Life Support.
Sebini sena se boetse hape ke sebontshi. O hlahella dipapatsong tsa ditlolo tsa ha Cover Girl le tsa ha Jenny Craig.
Empa batho ba bangata ba mo tsebella filiming ya Taxi.
"Ke sa tswa kgutla phomolong mane Ekgepeta, le teng ba ne ba ntse ba bolela hore ba kile ba mpona ho Taxi. "Ke nahana hore motho ohle lefatsheng ka bophara o ntsebella ho Taxi. Ho sa natsehe hore ha ke a atleha ho yona, empa ha ho ya sa tsebeng filimi ena.
"Kae kapa kae moo ke fihlang, le haeba ke sa utlwe puo ya teng, empa ke tla utlwa lebitso la Taxi'. Ke ntho e thabisang."
Dipapatsong tsa Jenny Craig, Latifah o ne a nyatswe ka ho phatlalatsa lenaneo la ho theola boima ba mmele. O re yena o ne a ntse a e thabela tjhebeho ya hae.
Empa Latifa yena o re qeto ya hae e ne e se na kamano e kae le tjhebeho ya hae. Ke taba ya bophelo bo botle feela.
"Ha ke na mathata le mmele wa ka. Ha se nako e telele ke na le ona," o ne a rialo puisanong e nngwe. "Empa nkile ka bala makasineng hore ha o ka theola boima ba mmele ka 5 ho ya ho 10 lekgolong, o ka fokotsa menyetla ya ho kenwa ke lefu la pelo le la tswekere ka sekoto. "Ke nahana hore: ke na le lona lebaka la ho theola boima ba mmele!"
Latifah o a dumela hore leha a le maphathephathe, empa o ntse a rata ho ja. "Bona, ke a intsha. Ke ja seo ke se ratang. Ke ngwanana ya jwalo. Empa le mosebetsi ha ke o tswafe. Ke leka ka hohle-hohle hore banana ba batenya ba itshepe. Ke nahana hore le bona ba ka ba le 'tjhebeho e ntle.'
"Ke nahana hore nka hlahella dipapatsong tsa tsa bophelo bo botle hape." Jwalo ka ha ho bolelwa hore banna ba a ba tshaba basadi ba ikemetseng, le Queen Latifah le yena ho na le menyenyetsi ka yena.
"O ka nahana seo o se ratang. O etse seo o se ratang. Batho ba ka bua leha e le eng eo e seng nnete. Ba ka o bolella le hore le lenyalo o ke ke wa le bona." [s]
Ke rata banana ba batenya le bona ba itshepe
Queen Latifah le bomphato ba hae ho The Secret Life of Bees.
Latifah o re o ne a sa tshabe hohang ho sebetsa ka hara dinotsi filiming e nngwe ya hae.
Latifah le mokwetlisi wa hae Jeanette Jenkins - menyenyetsi e re ba a ratana, ba bile ba nyalane.
NA O NE O TSEBA?
Queen Latifah o ne a le dilemo di robedi feela ha a ne a rehwa lebitso lena ke e mong wa batswala ba hae. Lena ke lebitso la se Arapo le bolelang ho "loka."
