sotho.1289.insurance
Dintho di ngata tse ka o ferekanyang ha o batlela koloi ya hao inshorense - mme ha o tsebe le moo o ka qalang! - empa se lebale hore sohle se taolong ya hao. Se dumele ho laolwa, dula o hopola tsena tse mmalwa - mme o fumane inshorense e tla o tswela molemo... Pale ka Andre Fiore
BONA SESOTHO July 2008
ITSHIRELETSE
INSHORENSE ya koloi ke ntho ya bohlokwa. Ho ka nna ha ba bohloko ho e lefella kgwedi le kgwedi empa o tla dula o bolokehile o se na letswalo la ho utswetswa koloi, ho hlahelwa ke kotsi kapa leha e le bomadimabe bofe feela ka yona. Ho ka nna ha ba le menyetla e mengata e bileng e ferekanyang.
Empa ha ho hlokahale. Ha o ka latela mehato ena e mmalwa mme o botse dipotso tse nepahetseng, o ka fumana inshorense e ntle le hona ka theko e ntle....
BOHATO BA PELE: ITLHOPHISE
1. Botsa batho ba bang
Botsa batho ba bang ka diinshorense tsa bona tsa dikoloi le hore ke sefe se molemo ka tsona le seo ba sa se rateng, le hore dikhampane tseo di tshepahala ho le hokae le hore di o phallela hakaakang ha o le mathateng.
2. Shebisisa ditlhoko tsa hao
Ho na le mefuta e mengata ya diinshorense. Haholoholo e tlwaelehileng ke ena:
Third Party: O lefellwa ditshenyehelo tseo o di entseng koloi ya motho e mong kapa thepeng ha molato e le wa hao kotsing eo.
Third Party, Ho tjha le Boshodu: O lefellwa ditshenyehelo tsa koloi e nngwe kapa thepa ha kotsi eo e se molato wa hao kapa ha koloi ya hao e tjhele kapa e utswitswe.
Comprehensive Cover: O lefellwa ditshenyehelo tsa ha o sentse thepa ya motho e mong, o hlahetswe ke kotsi, o utsweditswe koloi, kapa e lemaditswe ke maemo a seng tlasa taolo ya hao jwalo ka ho pitlwa ke sefate, ho rarathwa ke sefako jwalojwalo.
Maano a mangata a Comprehensive a kenyeletsa le dintho tse ding tsa bohlokwa tse jwalo ka thuso ya dihora tse 24 ha o le tlasa maemo a tshohanyetso. Menyetla ena e ekenyeletswa ditefellong tsa kgwedi mme o lokela ho shebisisa bohlokwa ba yona ho wena pele o e lefella.
3. Dipotso tsa bohlokwa
Hopola ho botsa ba inshorense hore:
Ke afe maano ao ba nang le ona, le ditshenyelo tseo ba di lefellang?
Di bitsa bokae?
Pele ba o lefella, wena o lefa bokae?
Ho na le nyehlisetso ha o kenya koloi tlasa leano la ntlo la inshorense?
Ho na le mokgwa o ka o thusang wa ho fokotsa ditefello tsa kgwedi? (Mohlala, ka ho kenyeletsa le dintho tse ding koloing tse etsang hore e se utswehe ka bonolo jwalo ka gear lock kapa tracking systems.)
Ditho tsohle tsa lelapa di tla lefellwa ha di ka lemala di kganna koloi eo? (Dikhampane tse ding ha di na taba hore ke mang ya kgannang ha feela a dumelletswe ke monga koloi. Tse ding di hatella hore ha mokganni ya motjha dilemong a kenyeletswa, ditefello di nyollwe. Ho bohlokwa ho bua nnete hobane hona ho tla o thusa ha o hloka thuso ya bona o se o le tsietsing.)
Hona le nyehlisetso ha inshorense e tla lefella monga koloi feela?
Na o bolokehile leha o se o kganna koloi eo o e hirileng ka nako eo ya hao e utswitsweng kapa e thubehile kotsing?
O tla qala neng ho e lefella mme o bolokehe neng?
Na ho tla ba le phapang pakeng tsa tjhelete eo koloi ya hao e ka rekiswang ka yona, le sekoloto sa yona se sa ntseng se setse? Ha o lefella koloi ya hao tlasa leano le itseng, ho tla ba molemo hore o tsebe hore o tla nyehlisetswa bokae le menyetla e meng hape eo o ka e kgethang.
4. Lokisa ditlhoko tsohle tsa hao
Khampane ya inshorense e tla o botsa dipotso tse ngata, lokisa dikarabo.
Ba tla hloka ho tseba dintho tse kang: mofuta wa koloi, selemo sa yona; hore o se o na le nako e kae o kganna, le pale ya inshorense e nngwe eo o kileng wa ba le yona le tse ding jwalojwalo.
Hopola: ho se bue nnete ho ka o bakela mathata ha o se o hlahetswe ke tsietsi mme o batla thuso ya bona.
BOHATO BA BOBEDI: FUPUTSA
O se o le maemong a ho fumana inshorense e tla dumellana le wena. Letsetsa dikhampane tse mmalwa mohala, o ngole ditefello tsa bona mme o kgethe tse betere. Ho bohlokwa ho etsa diphuputso tsa mofuta ona hobane ho ba le phapang e kgolo. Iphe nako ya ho imamela, o ba letsetse ha o se o entse qeto.
Hape se ba dumelle hore ba o ferekanye ka dinomoro tse ngata. Ha eo a bua ka pele haholo a sa o nehe monyetla wa ho botsa dipotso, di ngole fatshe, mme o mmotse tsona ha a se a qetile kapa o letse hape ka mora nakwana.
Hopola hore ke wena ya tla lefella tshebeletso ena mme ha eo a sa o sebeletse ka tshwanelo, ho a totobala hore ha se pholisi eo o neng o e batla.
BOHATO BA BORARO: BOLOKEHA
Hang ha o se o entse qeto o tla hloka ho tlatsa diforomo tseo ba tla o romella tsona. Mona ba tla hloka le khopi ya lengolo la hao la ho kganna, nomoro ya koloi le dinomoro tse ding tsa yona tsa bohlokwa.
Matsatsing ana seo sohle se a etsahala mohaleng, ho romellanwe ditokomane ka fekese kapa ka e-mail.
Ho bonolo ho feta ho ya kantorong ya bona, empa ha o batla ho buisana le bona mahlo-mahlong, o ka hatella ho etsa jwalo. Ba kgotsofatswang ke ho etsa sohle mohaleng, ho tla ba bohlokwa hore motho a boele a hatelle ho romellwa dikhopi tsa tumellano eo ka poso mme a di boloke hantle.
Ka mokgwa o jwalo o tla be o ena le lengolo leo o ka tletlebang ka lona ha ho hlokahala, o tla tseba dintho tsohle tsa bohlokwa ka pholisi ya hao. O tla be o sireletsehile le wena ka sebele mme ha ho letho le matla le ka le qabanyang le ba khampane eo hobane tumellano e teng e ngotswe.[s]
fumana
inshorense
ya koloi
e o loketseng
BONA SESOTHO July 2008
Ena ke tjhelete eo o kgahlametsang inshorense ka yona pele e ka o lefa. E a fetana ho ya ka mofuta wa inshorense, empa o e lefa ho sa natsehe hore koloi e utswitswe kapa e hloka ho lokiswa. Dikhampaneng tse ding Access e ba tlase mme tjhelete ya kgwedi le kgwedi e be hodimo, ha ho tse ding Access e ba hodimo tjhelete ya kgwedi e be tlase. Ho molemo ho lefa Access e hodimo.
HA HO BONASE
Ena ke nyehlisetso ya ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi, bakeng sa selemo ka seng seo o sa kang wa kopa inshorense ho o lefella ka sona. Hona ho bolela hore ha ditshenyehelo tsa hao di bile nyenyane, ho molemo ho se kope inshorese ho di lefella hobane o tla lahlehelwa ke monyetla wa ho fumana nyehlisetso mme o qetelle o lefa tjhelete e ngata kgwedi le kgwedi bakeng sa koloi ya hao.
ACCESS
