sotho.1287.junk
pale ka TEDDY GOMBA
O mong molao o motjha
Qoba dijo tse mafura
HO bonahala e ka jwale matsatsi a ho nna o tsetselelwa ke ngwana a batla ho rekelwa dintho tse kang burger le dino tse entsweng ka lebese - tse se nang phepo tse bileng di sa kgorising a fedile.
Ha ho bonahale e ka mmuso o tla atleha ka leano lena la ona, ha dimpho tse kang dipopi tse fumanehang ha o rekela ngwana burger kapa tsona ditshwantshonyana tse akantsweng ho di-cereal le dijong tse hadikilweng di sa ntse bapatswa mabenkeleng a rekisang dijo dikolong.
Ho teng diphetoho tse entsweng molaong o bitswang Foodstuff, Cosmetic And Disinfectants Act Of 1972, tse ileng tsa phatlalatswa ka Phupu 2007, ka diphetoho tsena, mmuso o ikemiseditse ho qeta dipapatso tsa dijo tse hadikilweng tse rekisetswang bana. Ho ya ka ba ha Medical Research Council, bana ba bangata ba qetella ba nonne ho feta ka lebaka la dijo tsena, e leng ntho e amang bophelo ba setjhaba.
Molao ona o motjha o tla thibela bareki ho reka le hona ho "ja" dijo tsena tseo mmuso o reng ha di na phepo.
Lethathameng leo mmuso o boletseng ha le se na phepo re ka bala "dijo tse hadikilweng," dipompong, dikuku, di-cereal tse tswekere le dino tse ikgethang bakeng sa boradipapadi.
Dijo tsena di ke ke tsa bapaletswa bana ba dilemo di ka tlase ho tse 16 - kapa dikoloing, dikeretjhe kapa mabenkeleng a rekisang dijo dikolong.
Ntle le moo, dipakana tsa dijo tsena di tlameha ho ba le mengolo e kang "Se je dijo tsena haholo kapa kgafetsa hobane di a nontsha" kapa "Ha di kgothaletswe hobane ha di na phepo."
Tahlehliso
Ya buellang Lefapha la Bophelo bo Botle, Sbani Mngadi, o bolela hore molao ona o tekilwe ho thibela indasteri ya dijo tsena ho nna e lahlehisa setjhaba ka ho ngola ntho e siyo dipakaneng tsa dijo tsena ba bolele ha di na le phepo e itseng mme hape ho thibelwa ho kgothaletswa ha batho ho ja dijo tse se nang phepo. Sena se tla beha Afrika Borwa maemong a matjhaba.
"Ha se ntho e sa tlwaelehang ho thibela dipopi tsena tse tsamaisanang le dijo mmoho le ditshwantsho tsena tse hlahiswang dipapatsong tsa dijo," ho hlalosa yena.
Ho hlophiswa botjha ha molao ona ho tla nka dikgwedi tse 18, empa molao o shebaneng le dijo tse nang le mafura ona o tla kengwa tshebetsong haufinyane. Ena ke karolo e kgolo ya bohato ba lefapha ya diteko tsa ho kgothaletsa setjhaba bophelo bo nepahetseng le ho ba neha monyetla wa ho ikgethela esitana le ho thibela monono o tshabehang naheng ena.
Dikhampane tse kgolo tsa dijo tsena di nkile mehato e fapafapaneng ka qeto ena. Jackie Carnelly, molaodi wa dipapatso ha Wimpy o bolela hore o tshepa ha molao ona o tla thefula indasteri ena yohle.
Ba ha MacDonald ba bolela hore ho tlameha ho bontshanwa pele ka molao ona e le hore le ba indasteri ena le bona ba be le seabo."
Ho bitsa
Ka ho le leng, beng ba mabenkeleng a rekisang dijo le dikgwebo tse nyane ba bolela ha diphetoho tsena di tla dia dikgwebo tsa bona phuhla!
Empa potso ke hore mmuso o tla kgona na ho netefatsa hore molao ona o a latelwe"
Lefapha la tsa Bophelo bo Botle le a dumela hore ho tla ba boima ho latela molao ona. Empa leha ho le jwalo, ba tsa phepo le mekgatlo ya bophelo bo botle ba thabetse molao ona.
Liezel Wiggett, setsebi sa tsa phepo, o bolela hore jwale re tla ba maemong a UK le US ka ho thibela monono o matla.
"Dijo tsena tse mafura, di fumaneha ka bonolo le ka potlako. Ha ho dintlha tse ngata tseo bareki ba di fumanang mananeong a dijo o ba bulelang monyetla wa boikgethelo," ho rialo Wiggett.
"Dipapatso tsa dijo tsena televesheneng di fihlella hantle baneng jwalo ka ha e le bona ba dutseng ba shebelletse TV ka dinako tsohle. Ha dipapatso tsena di ka fediswa, bana ba ke ke ba dula ba lakatse dijo tsena," ho bolela yena.
"Ha jwale ho bolelwa ha Maafrika Borwa a mangata a rata dijo tse mafura mme ngwana a le mong ho ba bahlano yena a nonne haholo." Ho bolelwa ha ho hlokahala hore mmuso o kenelle ho lopolla setjhaba."
Wigget o bolela hore mafura ao bana ba a jang a feta tekanyetso eo ba e hlokang bakeng sa letsatsi.
Ke hona moo kotsi e leng teng - dijo tsena tse mafura batho ba tlameha ho di qoba.
Wiggett o bolela hore batswadi le bona ba tlameha ho hlokomela tsela eo bana ba bona ba jang ka yona.
Ba tlameha ho etsetsa bana ba bona mefao ha ba ya sekolong ho ena le hore ba ba nehe tjhelete ya ho ithekela dijo. Mmuso o tlameha ho bolella le beng ba mabenkele a dijo ho rekisa dijo tse nang le phepo. Empa potso e kgolo ke hore ebe boiteko bona ba mmuso bo tla kgona ho laola maemo ana a hodimo a ho nona ha batho naheng ena - kapa empa e le ho thatafatsa maemo indastering ena ya dijo. Re tla bona ha mmela o puta. [s]
Dipapatso tsa dijo tse hadikilweng di tla behwa leihlo tekong ya ho fokotsa ho nona ha batho...
3RD PAGE O/FLOW HEAD (IF NECESSARY):
