sotho.1284.BEC feedback
Lemmy Mdluli wa Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le Thero.
KE lekgetlo la bobedi monongwaha BONA Empowerment Club e etela Nelspruit Lebatoweng la Mpumalanga.
Lepetjo la BONA 'Eba Rakgwebo ya Atlehileng' le ile la tsamaisana le seboka sena jwalo ka ha Mpumalanga e tletse batho ba nang le tjheseho ya ho ba borakgwebo.
Ya neng a bule sebaya ke Lemmy Mdluli wa Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le Thero le neng le sebedisana le Empowerment Club e neng e tshwere seboka moo Nelspruit. Lemmy o kgothaletsa batho ba Mpumalanga ho ikopanya le lefapha ho ka fumana ka moo ba ka sebedisanang ka teng le lona ho ka ntlafatsa maphelo a bona.
Ka mora hae ha bua setho sa Small Enterprise Development Agency (SEDA), Busisiwe Hlatshwayo. O boletse hore thuso ya kgodiso ya dikgwebo tse nyane ke karolo ya bohlokwa leanong la mmuso la twantshano ya bofuma le leqeme la mesebetsi.
O ile a hlakisa ka moo SEDA e sebetsang ka teng: ho kgothaletsa moya wa tsa kgwebo; ho ntlafatsa tikoloho bakeng sa katleho ya dikgwebo, esitana le tshehetso ya ho aha setjhaba sa borakgwebo.
BONA SESOTHO - October 2006
Ithute ho ba le kgwebo ya hao le ba ha Pres Les
E SE e le dilemo tse ka hodimo ho tse 30 Pres Les e kgabisa malapa a dikete tsa bareki ba kgotsofetseng ka dilakane tse ntle tsa boleng bo hodimo Afrika Borwa ka bophara.
Pres Les e na le barekise ba ka hodimo ho 7 000 ba thabelang ho rekisetsa metswalle le ba malapa a bona dihlahiswa tsa ha Pres Les, esitana le metswalle e metjha hore ba ntshetsepele dikgwebo tsa bona. Barekise ba atlehileng ba se ba kgonne ho ithuta mosebetsi wa ho rekisa ka thuso ya ba ha Pres Les, e leng ntho eo ba neng ba lora ka yona feela peleng.
Bongata ba bona bo se bo kile ba tshelela le dinaheng tsa mose esitana le ho dula dihoteleng tse pele mona Afrika Borwa, ba natefetswe ke bophelo, e leng ntho eo hangata e etswang ke barui le batho ba tummeng!
Le wena o ka phethahatsa ditoro tsa hao ka hoba morekise wa ha Pres Les. Se hlokahalang feela ke nako le tjheseho ya hao. O tla fumantshwa thupello le dintho tsa ho sebetsa ka ditjeho tse tlase haholo. Letsetsa nomoro ena ya mahala 0800-002-443 mme o tla hokahangwa le mookamedi wa lekala le haufi le haeno.
Ho ditho tsa BONA Empowerment Club tse nang le dikgwebo tse nyane, ke tsena dintho tseo SEDA e ka thusang ka tsona:
Ho rala le ho qala.
Dintlha tsa motheo wa kgwebo mmoho le thupello.
Ntlafatso ya dikgwebo tse seng di sebetsa.
Dithuso tsa kgwebo (dintlha, dikeletso le ntshetsopele) e leng tse ikemiseditseng ho ntlafatsa dikgwebo tse tswellangpele.
Ho fetofetola mofuta wa kgwebo ya hao.
Matsapa le maele a ho tsoseletsa dikgwebo tsa tetebelang.
Portia Mnisi wa Pres Les.
Ditlhoko tsohle tsa tshehetso ya ditjhelete di a fumaneha
SABELO Mamba wa SA Micro Finance Apex Fund (SAMAF) o hlalosa ka moo Apex Fund e fanang ka ditshebeletso tsa ditjhelete tseo dibanka di sa faneng ka tsona bathong ba maemong a tlase.
Ka ho etsa jwalo, e theha menyetla ya mesebetsi, ho neha batho phaello le hona ho nyolla moruo. Apex Fund e fana ka thuso e fetang ho fumana moputso. E neha batho boikgethelo, e ba neha menyatla ya ho etsa matsapa a ho iphedisa ka ho ba rupellela bokamoso bo tjhabileng esitana le ho ntlafatsa tsa phepo le thuto.
(Letsetsa DTI Customer Contact Centre ho 0861-843-384 bakeng sa dintlha tse ding.)
Ya neng a bui ka mora hae ke Qhinga Nhlabathi wa MEGA (Mpumalanga Economic Growth Agency).
A mang a maikemisetso a MEGA ke ho ntlafatsa le hona ho ntshetsapele tsa kgwebo Mpumalanga. Mosebetsi wa yona ke ho ntshetsapele le hona ho fana ka tshehetso ya dijthelete dikgwebong, haholoholo tsa batho ba neng ba tinngwe menyetla peleng.
Qhinga o kgothaleditse ditho tsa Empowerment Club ho ikopanya le MEGA ho 013-752-2466.
Flerry Mohlala wa Umsobomvu Youth Fund o boleletse ditho tsa Empowerment Club hore e ne e thehwe ka selemo sa 2001 e le e nngwe ya ditsela tseo mmuso o lekang ka tsona ho lwantshana le bothata ba leqeme la mesebetsi Afrika Borwa haholoholo ho batjha.
Mokgatlo ona o thusa le hona ho kgothaletsa batjha ba Afrika Borwa ba dilemo di 18-35 ho iqalla dikgwebo tsa bona esitana le hona ho intlafatsa bokgoni ba bona. E ikemiseditse ho kgothatsa batjha ho nka karolo e kgolo ho tsa kgwebo ka ho ba thusa ho kgetha mefuta e tsetsitseng ya dikgwebo esitana le ho ba neha tshehetso ya ditjhelete.
Umsobomvu e fana ka mefuta e meraro ya ditshebeletso:
1. Ba o hlaba malotsana le hona ho o eletsa.
2. Phano ya thupello le tsebo ya tsa kgwebo.
3. Voucher programme, e leng leano le reretsweng ho thusa borakgwebo ho fumana dintlha tsa ntshetsopele ya tsa kgwebo jwalo ka Business Plan Development, Feasibility Study, Tendering Support, Marketing Plan le tse ding tse ngata.
Haeba o hloka dintlha tse ding, ba etele ho: Brown Street - Allied Building, Second Floor, Nelspruit kapa o ba letsetse ho 013-755-2067.[s]
Sabelo Mamba wa SAMAF.
Qhinga Nhlabathi wa MEGA .
Flerry Mohlala wa the Umsobomvu Youth Fund.
BONA SESOTHO - October 2006
Benny Matlou wa SAICOM Payphones.
Kgwebo ya mehala ya setjhaba
Mehala ya ha SAICOM e fana ka monyetla wa kgwebo ya mehala ya setjhaba e se nang ditjeho le mathata a mangata. Ke hloma-o-hlomole, o ka tsamayang le yona hohle moo o bonang sekgeo teng.
Benny Matlou ke yena o ka ikopanyang le yena Nelspruit.
Ha o reka mohala, o fumana tse latelang mahala: sekgele, bibi le letlapa la papatso, kepisi esitana le thupello.
Kwekwe ya morao e tloha le sepolo, letsetsa SAICOM Payphones ho 0860SAICOM (0860-724-266).
