sotho.1029.lifestyle
Nombulelo
TSWERE e Nombulelo Maqethuka e na le seo e ratang ho re bolella sona. "Monna ya tla nyala nna," ke yena eo, "ha a ya tlameha ho ikgathatsa hobane ke tseba ditaba tsa ka - sebaka sa ka ha se ka kitjheneng. Ke a dumela hore mosebetsi o boima ka lapeng ke wa banna."
O bua ka ntho a e tsebang. Ka tsatsi le leng Nombulelo le ausiae ba ne ba rere ho penta phaposi ya homola ntlong ya habo e ka borwa ho Joburg.
"Ho ne ho se na monna ya neng a ka re thusa," ho hlalosa sebini sena, "empa he re ne re itshepa leha re le banana.
"Ke ne ke se ke tenehile ke mmala oo o mosweu maboteng a phaposi eo. Empa he jwalo ka ha ho ne ho se monna haufi le rona, ra tlameha ho iketsetsa."
Ho ne ho be monate re tsamaya mona mabenkeleng re ntse re tsomana le pente le disebediswa tsa teng. Ke ne ke batla mmala o neng o tla nyalana le dikgaretene tseo ke neng ke di akanyeditswe ke mme," ho rialo Nombulelo.
"Re ne re hlokomele ka ho qeta matsatsi a mararo ho penta moo hore ona ke mosebetsi o thata, empa oo motho wa monna a ka o qetang ka halofo feela ya letsatsi," ho rialo yena Nombulelo.
"Re ne re qete re tshwana le ntshwe ke mokgathala ka ba ka ikana hore ha ke phete ke etsa seo.
"Ke ne ke hlokomele hore ho teng mesebetsi eo e leng ya banna feela, mokgathala o ne o bapale ka nna matsatsi a mahlano kaofela!"
Ke motle haholo kitjheneng, ke leboha mme hobane ha ho mofuta wa dijo oo ke sa tsebeng ho o pheha," ke yena eo.
Sebini sena se boetse hape se rata le mosebetsi wa matsoho. Habo ba bahlano, ke banana ba bane le kgaitsedi ya bona e le nngwe.
O na le sejana sa dipalesa seo a se ratang haholo seo a neng a se fuwe ke ausiae letsatsing la hae la tswalo ha a ne a kgutla Greece.
Hape o rata dikerese jwalo ka ha di ne di bonaha hodima TV ya hae. "Ke rata monko wa tsona," ke yena eo.
Kamoreng ya ho robala teng ho kgabile ka mebala e mefubedu. "Ke nahana hore mmala o mofubedu o motle," ke Nombulelo a ntse a bonya. [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Re lapeng la
Re lapeng la
Bophelo bo botle le BONA
Re qetile nako e telele lelapeng la tswere ena
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MORAKE
LE LETSHEHADI "Ke thabela ho ba kitjheneng," ho rialo Nombulelo.
QETELLONG LE LETSHEHADI: Se seng sa dijana tsa dipalesa tsa sebini sena - o se reketswe ke ausiae.
SE SEHOLO: Nombulelo le ausiae ba kamoreng ya ho phomola, ba phomotse ka mora mosebetsi o boima wa ho penta.
KA HODIMO: Hei, re ka reng, mosadi ke mosadi ka mokotla!
BONA SESOTHO - January 2007
u
t
BONA SESOTHO - January 2007
KA HODIMO: Bo bong ba bokgabane ba mekgabiso e ntlong ya sebini sena.
LE LETSHEHADI: Lapeng ke moo Nombulelo a phomolang teng.
Re lapeng la
Nombulelo
KA TLASE: Tse ding tsa dikerese tseo Nombulelo a di bokeleditseng.
