sotho.1281.salon
Sanone ya banna
pale ka MAKATILEMEDIA
ditshwantsho ka TK RADEBE
BANNA ba kajeno ba itjheba ka diiponeng jwaloka basadi. Botle ke ntho ya bohlokwa banneng ba batho ba batsho - mme ba se ba eya disalone ho ya lokisa moriri jwalo ka ha ba isa dikoloi tsa bona karatjhe. Nick Mosikidi (30), Tebogo Lehutso (32) le Sizwe Sithole (35), ke batjha ba boneng monyetla wa kgwebo mme ba butse Legents Hair & Grooming Lounge, mane Michelangelo Towers Mall, setsing sa Sandton City, ka leboya ho Joburg.
Boraro ba bona ke papatso e feletseng ya kgwebo ya bona, ba kotile moriri ka makgethe. Ha ba bua ka ho lokiswa ha sefahleho sa banna, ha ho ka moo o ka iphapanyang ka teng hobane ba bua ka tjheseho e kgolo...
Lehutso ke letswallwa la Soweto, o entse dithuto tsa ho lokiswa moriri technikon, a sebetsa disaloneng tse fapaneng tsa Kapa Botjhabela moo a neng a ithutela mosebetsi teng. "Tsena tsohle ha a di fihlela ka bonolo," o boletse jwalo ho bile ho totobala hore ke monna ya tsebang hantle seo a se batlang bophelong. "Ke ithutile dintho tsa bohlokwa."
Ka nako eo Sithole yena o ne a ithuta mosebetsi Alex Hair. Ka mora dilemo tse mmalwa, ba kopana Hair Images, saloneng e nngwe e tummeng haholo toropong eo.
Ke hona mona moo ba neng ba kopane teng le Mosikidi - dilemong tse tharo tse fetileng. A se ke a hlola a senya nako, a ba bolella maikutlo a hae a ho qala kgwebo e ntjha, salone e ikgethang ya banna.
Ba rata banna ba tummeng ba ithatang jwalo ka naledi ya bolo, David Beckham, ya pentang manala, hoo ha ho sa nkwa eka o iketsa mosadi. Banna ba batla ho ba batle le bona.
Banna bao ke ba tenang diaparo tsa maemo tse rekiswang mabenkeleng a Sandton's Village Walk le Melrose Arch, moo ba neng ba leke ho bula salone teng pele ba fumana Michelangelo.
Hobaneng moo ho bitsang hakale" "Batshehetsi ba rona kaofela ba moo," ho bolela Mosikidi, ya neng a fihlelwe ke mohopolo wa kgwebo ya Legents pele. Lebitso lena ke la Sefora le bolelang bahlankana.
"Re lebelletse banna ba batho ba batsho haholo ba nang le dikoloi," ho bolela Lehutso, "le borakgwebo bao tjhebeho e ntle ha ba eya dikopanong e leng ntho ya bohlokwa ho bona." Ba bonang eka ba a nyenyefatswa ha ba tshwantshwa le Beckham, bao ho belaellwang hore ba tena diaparo tsa ka hare tsa basadi, ba sa kgathalleng tjhebeho ya bona, ha re ba natse empa re batla ba bileng ba nang le tsebo e feletseng ya diketsahalo tsa lefatshe.
Ra hatella hore ba qetelle ba re bolelletse ba mmalwa feela ba batshehetsi ba bona mme hara bona ba bala le Mathew Phosa, Peter Ndoro, Hugh Masekela, Peter Matlhare, Penuell Maduna le Sidney Mufamadi.
Mampodi wa mehleng wa ditebele Baby Jake Matlala o itse ka ho ntsha R400 bakeng sa tjhebeho: "Nna jwalo ka mohlala setjhabeng hape ke bile ke kgothatsa, tjhebeho e ntle ke ntho ya bohlokwa. Ha o bua le batho ba o sheba ka mahlong!" ho bolela yena.
Leha a lokisa manala a hae lapeng empa di-blackheads tsona o di ntshwa ke ditsebi. Matlala o bile o re ho bohlokwa ho ja dijo tse nang le phepo e ntle, e leng a mang a mathata banneng ba bangata.
Sithole o re mona ha ho tshwane le sebakeng sa ho kuta moriri moo banna ba yang feela ho ya kuta moriri le ditedu, banna ba matsatsing a kajeno ba hloka ho ntlafatswa. "Re ba sedila mmele ho theola kgatello, re ba lokise manala a maoto le a matsoho mme re ba lokise le letlalo," ho bolela Lehutso.
Tshebeletso yohle e feletseng ya monna e ka bitsa ho fihlellang ho R800. Ho kuta ditedu ka makgethe ke hona ho ratwang ho feta empa monna ka mong o etswa ka mokgwa o ikgethang o tla dumellana le yena.
Mohla ba qakehileng, ba atisa ho ba le banna ba yang ho 40 ka letsatsi. Basebetsi ba 11 le monga kgwebo mme ba na le bonnete bo feletseng ba hore batshehetsi ba bona ba dula ba thabile.
Ba etsa tjhelete" "Kgwebo ya rona e tsetsitse," ho bolela Mosikidi, "Ha re a lebella ho ba barui ka letsatsi. Mohlomong dilemong tse hlano tse tlang, re tla be re e bona ntho eo re e sebeletsang..."
Legents e ne e thehwe ka tshehetso ya Mokotla wa Umsobomvu YouthFund."
O hanne ho bolela hore rente ya bona ke bokae moo Michaelangelo. Basadi ba ba letsetsa mehala ba batla tshebeletso ya bona.
Re a ba latolela hobane Legents ke e ikgethang bakeng sa banna feela!
"Re ntse re nahana ho bula mmaraka wa bona kgwebong ena hobane ha se ntho e ntle ho hana tjhelete," ho boletse Mosikidi. [s]
BONA SESOTHO - September 2007
Haeba o re banna ha ba tsebe ho tena ka makgethe, ba be batle, inahane hantle hape...
Ke papatso e ntle ya kgwebo ya bona. Ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona: Nick, Sizwe le Tebogo.
S'Khumbuzo Nkala o kgotsofatsa motshehetsi e mong wa bona.
Ba batla ho ba batle
ha ba iketse banana
"Re ntse re nahana ho bulela le basadi," ho bolela Nick Mosikidi.
BONA SESOTHO - September 2007
Nhlanhla Dlamini o hlatswa Sipho Monareng hlooho.
