sotho.1279.muthi
re bua ka ditlhare
MATHUELA le dingaka tsa setso di etsa maqheka ha di lapile, o boletse jwalo mooki e mong ya neng a le tlasa kgatello ya ho kenngwa lefehlong.
"Re na le ona mathuela a nnete naheng ena empa a mang a mangata a batla ho ipokelletsa tjhelete feela," ho bolela yena.
"Nako le nako ha ke ile mathueleng ka mathata a ka a bophelo kapa a mosebetsing, ba ebe ba se ba bua dintho di hana ho fela."
Hobaneng" "Ba batla ho ntshosa hore ke tsebe ho kena lefehlong," ho bolela yena. Mathuela a mang a bitsa tjhelete e fihlellang ho R10 000/motho ka mong bakeng sa ho fehlellwa.
Ka hoo, ke dumellana le babadi ba bang ba rona ba nang le kgwao ha mathata ohle a bophelo ba bona mathuela a ba bolella hore a tla rarollwa ke hore ba kene lefehlong.
"Ke dilemo di 22 mme ke ya nakong tlolo ya molao," eo ke mobadi wa Lebatoweng la Leboya Bophirima. "Ke dutla hona hoo ka nako e nngwe ho beng ho theohe le ka maoto ke sa hlokomele.
"Mathuela a mangata a se a mpolelletse hore nka alafeha feela ka ho dumela ho fehlellwa."
Empa ha a kgotsofatswe ke tsela eo a bitswang ka yona ke badimo.
"Hobaneng ha badimo ba etla ho nna ka mokgwa o tjena"
"Ke utlwa ho thwe le mme o ne a ena le mpho ya badimo ya ho alafa empa a hana ho kena lefehlong. Le nna jwale ke ahlolelwa melato ya hae""
Ha ke dumele hore ke yona pitso ya badimo e le ka nnete...
Ho fokotsa mathata a hae a dinako a ka leka moriana o bitswang mkhurushane le intolwane.
Tlama meriana ena bobedi ka lesela mme o e bedise haholo. Enwa halofo ya kgalase ya moriana habedi ka letsatsi, beke kaofela. Hape o tshele moriana ona ka kgaba ka leshelesheleng hoseng ho hong le ho hong ha o le nwa.
Mosadi e mong ya dilemo di 66 yena o ne a kgathatswa ke ditoro tse mpe. "Ke dutse ke lora metsi le dinoha tse kgolo," o boletse jwalo lengolong la hae.
Dinoha tsena di mo kopa hore a kene ka metsing, di re: "Re a kena."
Toro ena ya hae le tse ding tse ngata di bontsha hantle feela hore o na le pitso ya badimo. Yena o lokela ho ikemisetsa ho kena lefehlong.
Boikarabello
"Ke kopa keletso ya hao hobane ke bona ekare ke na le mathata a maholo le badimo ba heso," monna e mong o boletse jwalo.
"Mme le nkgono ba batla ke tswelepele ho alafa batho jwalo ka ha bona ba ne ba etsa ba sa ntse ba phela.
"Ke tjhankaneng jwale mme moprofeta e mong o mpolelletse hore ke bona bana ba nkentseng mathateng ana.
"Ba bile ba re ke ntatemoholo feela ya ntwanelang. Bona ha ba batle le ho utlwa ba batla ke tswe ha feela ke dumela ho ba lethuela.
"Hobaneng ba sa kgone ho dumellana ka mosebetsi oo ke lokelang ho iphedisa ka ona"" ke yena eo. Ho a etsahala hore ka nako e nngwe badimo ba tsekisane ka motho a le mong ka lapeng.
Motho ya moholo lelapeng leo a ka thusa ho rarolla bothata bona ka hore a o etsetse mosebetsi wa ho o phahla.
Mona badimo ba kotjwa hore ba se tsekisane ka motho a le mong wa lelapa hobane le ba bang ba teng bao ba ka kgethang hara bona.
Nnete ke hore ha se mathuela kaofela a ebeng a qhekella motho ha a re o na le moya. Ke nnete ha ho bonolo ho amohela pitso ya badimo.
Jwalo ka ha Basotho ba bolela hore: "Seeta seja monga sona."
Qala ka ho etsa diphuputso pele o ka lefa tjheletehadi eo e batlwang ke mathuela a fehlellang. Hape pele o lo kena lefehlong, etsa diphuputso ka lethuela leo le tla o fehlella.
Ha o se o kgotsofetse ka lona, o ka kena lefehlong ho lona... [s]
Pitso ya badimo
BONA SESOTHO - December 2007
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
