Ditefello tsa botho 2010
Ditefello tsa botho di ne di tshwanetse hore di be di lefilwe mafelong a Tlhakubele. Haeba o e so lefe, ka kopo ikopanye le ofisi ya Mokgatlo wa Bafetoledi wa Afrika Borwa (MBAB) ka potlako. (office@translators.org.za) ho phema hore o se hlakolwe lenaneng la rona la ba ngollwang. Ditho tse nang le mangolo a hlahlobo a bofetoledi di hopotswa hore mangolo a bofetoledi a tshebetsong ha feela botho ba Mokgatlo bo ntjhafaditswe.
Ditaba tse hlahang ho FIT
Lesedinyana la morao-rao la ditaba la FIT, Translatio, le nang le ditaba tsa kopano ya Lekgotla e neng e le Istanbul le diketsahalo tse mabapi le komiti le ditsi tsa lebatowa di a fumaneha websaeteng ya FIT. Tadima http://www.fit-ift.org/en/translation-e.php ya Tlhakubele 2010 ho boloka kgatiso ya tokomane e sebopehong se ka kopitswang (TSK)
Botho
Ditho tse ntjha: Paula Avramidis, Pamina Bohrer, Thailys Freites- Valcárcel, Leila Henderson, Anya Klages, Melusi Mnikathi, Mbyiseni Molalose, Sedric Motha, Grace Noge, Wendell Peters, Kara Smith.
Tse hapang maikutlo
MBAB o ile wa ntsha lesedinyana la ditaba le tshehetsang kahlolo ya Lekgotla le Phameng la Dinyewe ya la 16 Tlhakubele 2010 moo mmuso o neng o laelwa ho phethisa ditshwanelo tsa ona tsa molaotheo mabapi le tshebediso ya dipuo tsa semmuso nakong ya dilemo tse pedi tse tlang. MBAB wa boela ya bontsha boikemisetso ho neha mmuso tshehetso ya ona e felletseng ho kenya tshebetsong leano la dipuo tse ngata ntle ho leeme tshebediso ya dipuo tsa semmuso. Ditho di ile tsa bontsha ho thabela qeto ena mme tsa kgotsofalla hore MBAB o ile wa fadimehela qeto eo.
Setho sa MBAB Wilna Liebenberg o tla lo etsa puo ho London Book Fair (mohla la 19-21 Mmesa 2010, Earls Court) lebitsong la MBAB. Puo ka, “South African Translators’ Institute: Unlocking South Africa’s Multilingual Treasure Trove”, o tla fana ka yona ka la 20 Mmesa ka Market Focus Pavilion.
Puo ya SOS ke tshebetso ya thelefounu ya matjhaba ya ho toloka puo., e kgonang ho thusa ba hlokang tshebediso ya ditoloko ka thelefounu dikopanong tsa kgwebo kapa ba matsing a phomolo kapa sebakeng sefe kapa sefe. Ditoloko di ka ingodisa websaeteng ya www.sostalk.com.  
Disebediswa tsa Khomputa le Diwebsaete
Lang mates ke sehokahanyi sa phedisano sa dikhampani tsa bafetoledi moo basebedisi ba ka buisanang ka ho ngollanang ka kotloho ka tshebediso ya khomputa, ba abelana boiphihlelo bofetoleding le mafapha a mabapi mme ba ikgapela dintlha tseo ba ka di sebedisang websaeteng. Tadima ho http://www.langmates.com/home.php.   
Lingoproz.co.za ke buka ya mabitso ya websaete e ntjha ya basebedisi ba puo ya Seafrika. Ke sethala se thusang ditsebi tsa puo ho bapatsa ditshebetso mme e kenyeleditse foramo ya ditho ho buisana ka mareo le dintlha tse ding tse amanang le puo mmoho le makasine e fumanehang ka kotoloho ka tshebediso ya khomputa. Tadima http://www.lingoproz.co.za.  
Dingolwang
Translation Promotional and Advertising Texts ka Ira Torresi (ISB 1-905763-20-4), e etseditswe ho sebediswa e le buka ya thupello ya ditlhakiso phapusing ya ho rutela kapa e le buka ya ho ithuta ka bowena. Phetolelo ya dingolwa tsa ho pepesa le ho bapatsa di hloka tshebediso ya bokgoni bo lebesitsweng ho boloka sepheo sa kgweedi tsa tsona. Hona ho ho hloka tsebo e tibileng ya amohela setso ka nako ka phetako ya ho ngola. Bakeng sa tjhabisetso tadima: 
http://www.stjerome.co.uk/page.php?id=541&doctype=Translation%20Practices%20Explained&section=3 
Diketsahalo le memo ya dingolwa
Building Brocheres Like a Pro (Ho Aha Dibrotjhara Jwaleka Setsebi): Thupello ya letsatsi le le leng Setsing sa Puo sa Yunivesithi ya Stellenbosch (Stellenbosch University Language Centre) mohla la 5 Motsheanong 2010, e tla fana ka tataiso le maqeti a ho etsa dibrotjhara tse hlaileng ka mahetla. Letsatsi la ho qetela la ho amohela dikopo ke la 28 Mmesa 2010 ( ho na le sebaka sa batho ba 20 feela). Bakeng sa tjhabisetso tadima www.sun.ac.za/languagecentre kapa ikopanye le Audrey Poole nomoro ya mohala ya 021 808 2167 kapa ho taalsentrum@sun.ac.za 
Seboka sa Professional Editors’ Group[PEG]: Mesebetsi ya bohlophisi (editing) dingolwa tsa ditshomo (dingolwa tsa boiqhapelo) le dingolwa tsa nnete: Se tla tshwarelwa Fraschhoek ka la 13-12 Motsheanong 2010, hore di tsamaelane le Mokete ya Dingolwang wa Franschoek (Franschhoek Literary Festival). Karolo ya bohlokwa ya  seboka sa PEG e tla ba dithupelo dipuong tsa Seafrikanse, Senyesemane le Sexhosa, tse tla tshwara ka nako e le nngwe matsatsing a mabedi a seboka. Dithupelo tsena di tla fana ka boiphihlelo le kutlwisiso e tebileng ya se hlokahalang ho hlophisa dingolwa tse e so ho hatiswe mefuteng ya bonono ya dingolwa tsena ka bobedi [dingolwa tsa ditshomo le dingolwa tsa nnete]. Ho feta moo, ditho tse hlomphehang tsa indasteri ya phatlalatso ya Afrika Borwa di tla be di le teng ho abelana boiphihlelo le boqhetsepe ba tsona. Letsatsi la qetelo la ho ingodisa ke mohla la 3 Motsheanong 2010. Dipotsiso di ka lebiswa ho ellybbarry@telkomsa.net. Bakeng sa tjhabisetso e eketsehileng tadima:
http://www.editors.org.za/event.asp?p=856
Seboka sa borobedi sa Matjhaba le Exhibition on Language Transfer in Audiovisual Media: Phatlalatso ya Ditaba e Ntjha – Maemo a Matjha a kutlwisiso – Diprofaele tse Ntjha tsa Bofetoledi? Di tla tshwarelwa Berlin, Germany, mohla la 6-8 Mphalane 2010. Seboka se tla tsepamisa maikutlo dihlohong tsa bohlokwa tse jwaloka kgatello ya Facebook, MySpace le mefuta e meng ya kgokahanyo ya phedisano hodima phatlalotsa tsa kutlo le pono (audiovisual) kgwehelong ya bongata le ho atametswa ha dipapadi. Ditlhahiso le ditshitshinyo mmoho le maikutlo di romelwe pele hola 3 Mmesa 2010 ho info@languages-media.com. Bakeng sa tjhabisetso e eketsehileng tadima ho http://www.languages-media.com/conference_cpf.php.  
Leksikhografi: Didikshinare – thupello e balwang le thupello ya ho etsa sebadilweng ya mokgwa wa tshebetso ya leksikhografi:  Khempaseng Yunivesithi ya Pretoria ka la 10-11 Motsheanong 2010 kapa Khempaseng ya Yunivesithi ya Stellenbosch, ka la 13-14 Motsheanong 2010. Kommuniko e mema ba sebedisang puo ka bophara mme ba lakatsang ho tseba haholo ka dikateng, sebopeho, le tshebediso ya didikshinare tse hatisitsweng le tsa elektroniki ho ba teng ho enngwe ya dithupelong tsena. Letsatsi la ho qetela la ho ingodisa ke la 5 Motsheanong 2010. Ikopanye le Ngaka Amanda Lourens (084 514 8111), kapa alou@iafrica.com) ho fumana foromo ya ho ngodisa kapa tadima websaete: www.kommunico.co.za
Ho Ngola Diraporoto tse nang le Boleng: Thupelo ya matsatsi a mabedi Setsing sa Puo sa Yunivesithi ya Stellenbosch (Stellenbosch University Language Centre) ka la 17-18 Motsheanong 2010. Mawa a bohlokwa malebana le ditlaleho, jwaleka ka karolo eo a a bapalang khamphaning le kamoo a ka fihlellang babadi ba hlwailweng ba tla bala sengolwa, e tla hlalosa mmoho le kamoo tlaleho e tlamehang ho ba ka teng le tataiso ya ho ngola tlaleho e kopaneng, e etsang kelello. Letsatsi la ho qetela la ho amohela dikopo ke la 6 Motsheanong 2010. Tjhababisetso e felletseng tadima http://www.sun.ac.za/taalsentrum/index.php?id=158 kapa ikopanye le Audrey Poole nomorong ya 012 808 2167 kapa taalsentrum@sun.as.za  
Seboka sa TM-Europe 2010 sa Matjhaba sa Bolaodi sa Bofetoledi: Krakow, Poland, la 30 Lwetse 2010. Mmokotaba: Bolaodi ba Projeke Tegnoloji le Kgodiso ya Kgwebo bakeg sa Bofetoledi ba Indasteri ya Selehae. Thupelo tsa pe ho seboka di ka la 29 Lwetse 2010. Ditlhahiso bakeng sa ho etsa puo , baahlodi, le dithupelo di a mengwa. Letsatsi la ho qetela la ho romela dikopo ke la 7 Motsheanong 2010. Tjhabisetso e felletseng tadima http://www.tm-europe.org   
Fifth International Maastricht-Łódź Duo Colloquium on Translation and Meaning 2010: Maastricht session: Sekolo sa Maastricht sa Matjhaba sa Diphatlalatso, se tla ba Netherlands ka la 19-22 Motsheanong 2010. Sepheo sa seboka sena sa barutehi ke ho etsa monyetla wa foramo ya matjhaba ya dipuisano mahareng a baithuti ka ho bala le baithuti ka tshebediso a bofetoledi/botoloko dintlheng tsa amanang le bofetoledi le le botoloko. Sebaka sena sa Maastricht se tla tsepamisa maikutlo tshebedisong. Tlhahisoleseding le felletseng le fumanwa ho Ngaka Marcle Thelen (m.m.j.thelen@hszuyd.nl) kapa tadima http://www.translation-and-meaning.nl  
Sekolo sa Lehlabula sa Matjhaba sa Mareo sa 2010 (TSS 2010): Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Vienna, Austira, ka la 24-28 Motsheanong 2010, se hlophilwe ka kopanelo ke TermNet (International Network for Terminology) le Centre for Translation Studies. Thupelo ya beke e lenngwe ya TSS e itshetlehile haholo hodima tshebediso bolaoding ba mareo. TSS e hlophophiseditswe basebedisi ba puo, baithuti le borasaense ba hlokang selelekela sa sejwalejwale se utlwisisehang sa ho ithuta ka ho bala le ka ho phetha se ithutilweng ho se badilweng. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima
www.termnet.org/english/events/tss_2010/index.php   
Seboka sa Matjhaba sa Tegeniki ya Bofetoledi:  Se tla tsharelwa Universidade Nova, Lisbon, Portugal, ka la 28-29 Motsheanong 2010. Seboka se hlophisitswe ke Tradulínguas le ditsebi tsa tegeniki ya bofetoledi. Seboka se tla ba le matsatsi a mabedi a tletseng a diseshini tsa ho ithuta ho etsa se badilweng – thupelo ya bofetoledi le mareo ( ka Sepotoketsi, Senyesemane, Sepenishi le dipuo tse ding haeba ho kgonahala) – bakeng  sa bafetoledi le ditoloko tsa profeshenale ho botegeniki, boenjineri, saense le mareo a amanang le indasteri. Bakeng sa tjhababisetso e felletseng  tadima http://www.tradulinguas.com/conf-tech/ 
Puo ya Kgahlaulo: Setso, Kgokahanyo, le Bofetoledi Sedikadikweng sa Bohahlaudi: Se tla tshwarelwa Leeds Metropolitan University, UK, ka la 3-5 Tshitwe 2010. Dikgutsufatso (abstracts) tsa Seboka sa Selemo le Selemo tsa Mokgatlo wa Matjhaba wa Dipuo le Kgokahanyo ya Ditso tse Kopaneng di romelwe ho Jane Wilkinson ho IALIC2010@leeds.ac.uk  pele ho la 1 Phupjane 2010. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima www.leeds.ac.uk/german/ialic_conference_2010.htm  
Seboka sa Bosupa sa Matjhaba sa Bofetoledi: Dintlha tse amanang le bofetoledi le Semphosiamo ya Pele bakeng sa Bafuputsi ba Batjha Bofetoleding, Botolokong le Dithutong tsa Ditso tse Kopaneng:  Se tla tshwarelwa Autonomous University of Barcelona, Spain, ka la 23 ho isa ho 23 Phupjane 2010. Seboka se tla akaretsa dihloho tse amanang le paratextualpolyhedron dithutong tsa bofetoleding mme semphosiamo e tla fana ka monyetla ho bafuputsi ba sa ntsane ba thuthuwa le ho qala tshebetso metjheng ya ho boithuti. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima http://www.fti.uab.es/departament/congres-simposi/international-conference-on-translation/ 
Bofetoledi ba Mefuta e Mengata: Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Portsmounth, UK ka la 6 Pudungwana 2010. Bofetoledi hangata bo mabapi le mantswe a hatisitsweng empa matsatsing a marao tjena tikoloho e na le mefuta e mengata, bafetoledi ba ba tlameha ho ela hloko dintlha tse ding tsa bohlokwa (ditshwantsho tse emeng le tse sisinyehang, didiakramo, mmino, sebopeho kapa mokgwa oo leqephe le hlophisitsweng ka teng). Ho kopuwa diphehiso ho diphephetso tse tobileng bafetoldedi tse bakwang ke mefutafuta [ya dintho tse hlokang ho fetolelwa]. Dipotso kapa/le dikgutsufatso tsa mantswe a 300 di ka romelwa ho Carol O’Sullivan  ho carol.osullivan@port.ac.uk pele ho 30 Phupjane 2010. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima: www.port.ac.uk/translationconference. 
Kopano e Akaretsang ya Mokgatlo wa Bahlophisi le Diprufrida le seboka sa 21 sa selemo le selemo: Di tla tshwarelwa Yunivesithing ya Strathclyde, Glasgow, UK, ka la 4-6 Lwetse 2010. Seboka se tla kenyeletsa le seminari e tla akaretsa dihloho tse kang typesetter-copy interface,  ho nka monyetla wa sethala sa inthanete bakeng sa kgokahanyo e hatetseng pele, ditlwaelo le ho utswa dingolwa tsa ba bang diphatlalatsong. Le dithupelo tsa mefuta e fapa-fapaneng. Dipeeletso di kwallwa ka la 9 Phupu 2010 . Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima http://www.sfep.org.uk/pub/confs/conf10/conf2010_advance.asp 
Seboka sa Critical Link: Bofetoledi maemong a fetohang. Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Aston, Birmingham, UK, ka la 26-30 Phuphu 2010. Sepheo sa seboka sena ke ho fuputsa dipolotiki, molao, ditokelo tsa botho, kgwebisano mahareng a ditjhaba maemo a phedisano le setso le phedisano dipuong tsa tshebeletso tsa mmuso le bofetoledi hara baahi. Lenaneo la mantlha le tla fumaneha ka la 1 Motsheanong 2010. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima websaete ya Critical Link ho http://www.aston.ac.uk/CL2010 kapa ikopanye le Moprofesara Christina Schaffner ho c.schaeffner@aston.ac.uk 
Seboka sa TKE (Mareo le Tsebo ya Enjerering) sa 2010:  Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Dublin; Ireland, mohla la 12-13 Phato 2010. Seboka se mabapi le ho ntshetsa pele tsebo le ho fetiswa ha teknoloji bakeng sa phatlalatso ya puo e ikgethang mehatong ya mareo le pokeletso. E tla tsepamisa maikutlo haholoholo mmokotabeng wa kamoo mareo e pepeswang ka teng le tsebo ya disebediswa tsa boenjeniri diphatlalatsong tsa inthanete (kenomoleng). Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima http://www.dcu.ie/fiontar/conference/home_baile.shtml 
Seboka sa barutehi sa Bohlano sa Bofetoledi le Moelelo sa Maastricht-Łódź Duo sa 2010: Seshene ya Łódź: Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Łódź, Poland, mohla la 16-19 Lwetse 2010. Sepheo sa seboka sena sa barutehi ke ho etsa monyetla wa foramo ya matjhaba ya dipuisano mahareng a baithuti ka ho bala le baithuti ka tshebediso a bofetoledi/botoloko dintlheng tsa amanang le bofetoledi le le botoloko. Seboka sena sa Łódź se tla tsepamisa maikutlo tshebedisong. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng ikopanye le Moprofesara Barbara Lewandowska-Tomaszczyk (duoduo@uni.lodz.pl) kapa http://www.translation-and-meaning.nl 
Seboka sa Borobedi sa Naha le Forumo ya Matjhaba ya Bofetoledi China. Se tla tshwarelwa Yunivesithing ya Sichuan, Chengdu, mohla la 15-16 Mphalane 2010. Mmokotaba: Botoloko Nakong ya Kopano ya Lefatshe. Bakeng sa dintlha tse felletseng tadima www.kouyi8.org, www.tac-online.org.cn kapa www.fltrp.com  
Seboka sa 16 sa Matjhaba sa Mokgatlo wa Mabitso wa Africa e ka Borwa (NSA): Homo Nominas – Mankid, the namer: Se tla tshwarelwa Club Mykonos, Kapa Bophirima mohla la 26-28 Mphalane 2010. Seboka se tla fuputsa lefatsheng la ho rea mabitso le thahasello e hlokang boithibo ya motho ya ho rea dintho mabitso. Bakeng sa tjhabisetso ikopanye le Bertie Neethling ho bneethling@uwc.ac.za. 
Seboka sa Matjhaba sa thuto e ka Morao ho Digri ho Bofetoledi le Botoloko (IPCITI) 2010: Ho tloha ho Setshwantso [se bonwang] ho isa ho Maqhubu a Radio [a sa bonweng] – Mokgwa o motjha wa ho tadima dintho, maemo a matjha le tshusumetso e ntjha. Se tla tshwarelwa Yuniversithing ya Manchester, UK, mohla la 29-31 Mphalane 2010. Sena ke seboka sa botshelela sa dihlohong tsena, se reretsweng ho fa bafuputsi ba batjha monyetla wa ho abelana diphuputso tsa bona le ho nka karolo dikgokahanyong tsa diketsahalo tse nang le boleng tsa matjhaba. Dipotsiso di ka lebiswa ho ipciti2010@manchester.ac.uk. Tlhahisoleseding e eketsehileng ke fumanwa ho ipciti2010@manchester.ac.uk. 
Bofetoledi le Botoloko maemong a Dipuo tse Ngata: Seboka sa Bofetoledi le Botoloko. Se tla ba Bangkok, Thailand, mohla la 1-3 Pudungwana 2010. Tjhabisetso e eketsehileng tadima http://www.ictithailand.com/ 
Seboka sa Matjhaba sa Bofetoledi ba Dingolwa: Dingolwa aa di a fetana? Bofetoledi le setjhaba: Se tla ba Victoria University ya Wellington, New Zealand, mohla la 11-13 Tshitwe 2010. Seboka se tshepa ho fuputsa kamoo bofetoledi ba dingolwa bo ka tlisang tlhokomediso le ho botsha bohlokwa ba karohano ya ditso ha ka yona nako eo e bopa kamano tsa bosetjhaba ka hara meedi ya selehae le ya matjhaba – kapa ho hloka phapanyetsano  e ka tlisang ho kotelwa ha dingolwa tsa setso. Dithupelo le diseshene tsa ho bala le tsona di tla ba teng. Bakeng sa tjhabisetso e felletseng tadima http://www.victoria.ac.nz/victoria-conferences/default.aspx 
Phetolelo ya Sepedi: Mapula Moswane
Phetolelo ya Sefora: Jean-Cristophe Courbin
Phetolelo ya Setswana: Peter Mekgwe le Pauline More
Phetolelo ya Sexhosa: Sonwabile Cotiyana, Angelinah Dazela
Phetolelo ya Sesotho: Mike Mahase
Phetolelo ya Seafrikanse: Anne-Marie Beukes le Ettienne van Zyl
Phetolelo ya Sezulu: Manzo Khulu
__________________________________________________________________________________________________________________
Dintlha tsa go ikgolaganya le Setheo:
     Marion Boers. Mogala: 011 803-2681. Fekese: 0866 199 133. Imeili: publications@translators.org.za
     Irene Dippenaar. Mogala: 079 492 9359. Fekese: 086 511 4971. Imeili: registrar@translators.org.za
