Dintlha  tsa  Phethahatso









Lekgotlana la Tsamaiso la SATI le ne le tshwere kopano ya lona ya moraorao ka la 27 Loetse 2008. Mona ho latela kakaretso ya dintlha tse kgolo tse ileng tsa tshohlwa.



Moputso wa Phetolelo e Ipabotseng ya SATI



Ha ho itshetlehilwe ka ditjhebo tsa ditsebi tse fapaneng, mekgahlelo le melawana ya Moputso ona e ile ya ntjhafatswa. Se seng sa dipheo tsa ntjhafatso ya Moputso ona e bile hore ditho tsa SATI di be le seabo ketsahalong ena le ho lemoha hore ba na le monyetla wa ho ikgapela Moputso. Ditjhebo tsa pejana e nile ya eba hore Moputso o abelwe feela diphetolelo tsa mesebetsi ya dingolwa e tummeng le hore ditho tse tlwaelehileng tsa SATI di se ke tsa e kenela.



Moputso o akaretsang o tlohetswe mme jwale ho tla ajwa meputso mekgahlelong e latelang: dingolwa, non-fiction, dingolwa tsa bana, phetolelo ya ditshebe-letso le didikshinare. Mokgahlelo wa dingolwa tsa bana o motjha mme o tla kgakolwa isao ka 2009.



Pitso ya dithonngwa e tla etswa ka Pherekgong 2009 mme mokete wa meputso o tla tshwarwa ka Loetse 2009 (mathuleng a Letsatsi la Diphetolelo la Matjhaba.



Websaete ya SATI



Phetolelo ya Websaete ya SATI dipuong tsohle tsa semmuso e motjheng, leha baithaopi ba eso ho itlhahise dipuong kaofela. Ha jwale mosebetsi o tswelapele dipuong tsa Seafrikanse, Sezulu, Setswana le Sexhosa.



Websaete e na le mantswe a ka bang 13 000 a Senyesemane, mme ho hlokeha baithaopi ba mmalwa puo ka nngwe (mabapi le phetolelo le tekolo). Ho bonahetse hore e ka ba mahlabisadihlong ho se be le websaete ya ditemengata ha re sa fumane baithaopi ho fetolela dipuo tsohle tsa semmuso.



Karolo ya dithofeela e mehatong ya qetelo ya popo mme ditho di tla tsebiswa ka e-meile hang feela ha e sebetsa. A mang tsa a makgetha a karolo ena e tla ba kgatiso ya manane a mareo le tlotlontswe a tla fuwa ditho mabapi le tshebediso.



Dikomiti



Dipehelo tsa tshebetso di amohetswe ho tswa Dikomiting tsa Kwetliso, Diphatlalatso, Websaete le Molaotheo. Nqa tse ding, dikomiti di kopile taelo e otlolohileng e tswang Lekgotlaneng la Tsamaiso mme ka lebaka leo Lekgotlana la Tsamaiso le entse meralo ya mananeo a mesebetsi mmoho le mohla (closing date) di tla beng di phethilwe e le hore dipheo tsa komiti di tle di kgone ho fihlellwa.



Mohope wa Lefatshe wa Bolo 2010



Mekgahlelo e fapaneng ya bathahaselli ba nang le kgahleho hore ditlhoko tsa puo di tsamaye mmoho le (ona) Mohope wa Lefatshe ba nile ba ikatametsa ho








SATI. Ho nahana hore mekga e fapaneng e nang le ditlhoko le dipheo tse fapaneng le maemo a hore SATI e na le mehlodi e haellang ya ditjhelete, ho ile ha etswa qeto ya hore SATI e tla bokeletsa tjhabisetso ya ditoloko bohlakising monongwaha hore tlhakisetso ena e tle e fumanehe Websaeteng ya SATI. Ka tsela ena, dintlha tsa kamano tsa ditoloko tsohle di tla fumantshwa mang kapa mang ya ka hlokang ditshebeletso boemong ba 24/7. Ditho di tla atamelwa nakong ka ho re di nke karolo.



Dipatlisiso ka Ditharifi/Ditefello



Ho lemohehile hore diphetho tsa ditharifi /ditefello tsa 2008 di phatlaladitswe mme ditho di di amohetse ka maikutlo a matle haholo. Mokgwa o itshetlehileng ka Inthanete o ile wa sebediswa ho bokella dikarabo mme o itshupile o le bonolo ebile o boloka nako ho feta mekgwa e nileng ya sebediswa pele mme o tla sebediswa dipatlisisong tsa ka moso, tseo Lekgotlana la Tsamaiso le tshepang hore di tla etswa bonyane dilemong tse ding le tse ding tse pedi ho tloha jwale.



Ho dumellanwe hore ho a hlokeha ho hlakisetsa ditho le setjhaba hore ditharifi (ditefello) tse phatlaladitsweng ho ya ka dipatlisiso di se ke tsa nkuwa e le “direiti tsa SATI” (ka molao ha re na tokelo ya ho laola sekala sa ditharifi/ditefello), empa e le ditataiso feela ka moo ditho tsa rona di leshwe jwang sejwaleng.



Botho



Ofisi ya SATI e tla phatlalatsa tjhabisetso ya botho ba khoporeiti diofising tsa puo le dieijensing tsa puo dikgweding tse tlang hore diofisi le deijensi tseo di kenele SATI bothong ba khoporeiti ka Pherekgong 2009.



Ofisi ya SATI



Lekgotlana la Phethahatso le ile la tshohla ditsamayammoho tsa ho kgethwa ha Marion Boers e le presidente ya FIT mabapi le tsamaiso ya ofisi. SATI e ikemiseditse ho fa Marion tshehetso yohle nakong ya dilemo tse tharo mme ho ile ha dumellanwa hore mesebetsi e meng ya ofisi ya Marion ekakgona e tshepelwe ditho tse ding. Ditho di hopotswa hore ofisi ya SATI e itshetlehile haholo thusong ya boithaopo ba ditho tsa yona mme dithuso di amohelwa ka nako tsohle. Lekgotlana la Phethahatso ha se ka mehla le ka lemohang botsebi ba ditho mme re tshepile ditho hore di re atamele ha di bona hore ho na le moo di ka thusang ka mokgwa ofe kapa ofe.



Kopano e tlang ya Lekgotlana la Tsamaiso e tla tshwarwa ka Hlakola 2009.



Phetolelo ya Seafrikanse: Marita Botha, Wilna Liebenberg



Phetolelo  ya  Sesotho: Abel Mphanya





Diphepelo  tsa  kopano  ya  moraorao  tsa  Phethahatso
 
Vol.  3  No.  3
 

 

 

 
Loetse  2008
 

 

 

 

 

 

 


