sotho.126.teen
Ho ba le tokoloho e kgolo ho bolela hore o lokela ho rwala boikarabelo bo boholo...
O QETILE jwale ka dithuto tsa materiki mme wa keteka ha ba monate. Sa bohlokwa haholo ke hore o amohetswe le yunivesithi, o tla ya qala dithuto tseo e leng kgale o di labalabela!
Selemo se thwasitse jwale nako ya diphomolo e fedile, ke nako ya ho nahana ka thata ka bophelo ba yunivesithing boo o tla bo qala haufinyane.
Re hlola re utlwile dinthontho - ho thwe ha ho tenwe diaparo tse tshwanang, barutwana ba keteka bosiu ho sa, ha motho a sa batle ho ya dithutong ha ho lere lekgopo.
Ka mora dilemo tse 12 kaofela o kena sekolo, o ka nna a wa lakatsa ho keteka bosiu kaofela ho se motho ya tla o latella ka morao hore o ye dithutong o sa batle. O fumane tokoloho ka mora dilemo tse 12 kaofela!
Nnete ke hore barutwana ba ithabisang haholo, ba sa yeng dithutong kamehla, ba qetella jwalo feela - ba be ba kgutlele mahae ba sa tshwara letho. Ha o batle ho kgutla yunivesithing o sa pasa, o batla ho ba le mangolo a thuto a tla o thusa hore o fumane mosebetsi o motle.
O ka etsa seo jwang" Ntho ya bohlokwa ke hore o be malala-a-laotswe. O tla kopana le batho bao o neng o sa ba nahane hohang bophelong ba hao, dintho tsohle di tla fetoha haholo.
Ke tsena dikeletso tse ka o thusang selemong sa pele. Tse ding di tlwaelehile - empa o hloka ho hopotswa feela! Ke phethile dithuto tsa ka tsa yunivesithi mme ke nahana hore hoja ebe nkile ka bala ka taba ena pele ke di qala, nka be ke ile ka phema kgatello!
1) Matitjhere = metswalle
Matitjhere a batla ho o thusa! A batla o pase hape ha a batle ho tshajwa. Leha a mang a le mokgelo empa bongata bo etsa ho be bonolo ho bua le bona. A amohela mehopolo e fapaneng. A batla o hlahise maikutlo a hao, o se nna o dumela sohle seo a se buang!
A mang a tla o makatsa jwalo ka e mong ya neng a sa batle ho rwala dieta - empa se makatsang haholo ke ho hlokomela hore bongata ha bo a tswalwa bo le jwalo. Athe matitjhere a mang o tla hlokomela hore a o siya ka dilemo tse mmalwa feela.
Ke bolela hore, e lokela ho ba metswalle ya hao. Ha o ena le mathata ka mosebetsi wa sekolo, buisana le bona ka bolokolohi. Ba batla ho o thusa.
2) Se be le dihlong...
... Kopa thuso ha o e hloka. E seng dithutong feela.
Ha ho ena le se sa o kgotsofatseng kapa o kgathatsehile moyeng, se thole feela.
Ho na le barutwana ba bang ba eletsang ba fihlang mabapi le ho kgetha dithuto mmoho le baeletsi ba profeshenale ba ka o thusang ho tobana le maemo a hao a bophelo.
Ho sa kgathallehe hore o na le mathata a mofuta ofe, o teng motho wa profeshenale ya ka o thusang yunivesithing.
3) Hlophisa
Hoja ebe barutwana ba ne ba hlophisa maphelo a bona ka tshwanelo, ba ne ba sa tlo ba le kgatello dithutong tsa bona!
Hlahloba lenaneo la hao la dithuto hoseng ho hong le ho hong le hore di kenela kae. Se fetwe ke dithuto hobane o lebetse!
Tshwaya le dibuka tsa hao ka mebala e fapaneng hore o phakise ho di arola hara tse ding.
4) Ho bala le ba bang
Batho ba bang ba bala betere moo ba leng bang, athe ba bang bona ba kgetha ho bala mmoho le ba bang.
Ha le bala le le sehlopha, le kgona ho hlalosetsana hantle ho fihlela le utlwisisa. Sehlopha se senyenyane se molemo, mohlomong le be bahlano feela.
Ha le le bangata haholo, ba bang ha ba inehele ka botlalo. Athe ha le le mmalwa, motho ka mong o tlameha ho ba le seabo.
Hopola hore sehlopha sena se tla kopanela ho ithuta feela, ka hoo, eya ho sona le wena o se o badile, o tsebe ho netefatsa hore o fela o utlwisisa ka nepo!
5) Rala lenaneo
Se imakatse, lenaneo la dithuto le bohlokwa haholo ha ho se ho atametse ditlhahlobo. Pele kgatello e ba matla, qala ka ho rala lenaneo la ho ithuta hantle.
Lenaneo lena le lokela ho bontsha matsatsi ho tloha mohla o ralang ho ya ho mohla ditlhahlobo. Ngola dithuto tseo o tla ithuta tsona matsatsing ao.
Sheba hore o hloka dihora tse kae thutong ka nngwe. Ha ho hlokahale ho ikgopotsa sohle seo ka beke e le nngwe feela mme ha ditlhahlobo di fihla ka mora kgwedi, o be o se o lebetse sohle!
Ho boetse hape ho bohlokwa ho ipha nako ya phomolo. Kgetha letsatsi le leng hara beke leo o tla phomola ka lona. Nna ke ne ke kgethile Labohlano bosiu le hoseng ha Moqebelo!
Le wena o ka ikgethela letsatsi le dumellanang le wena. Etsa matsapa a ho ipha phomolo, o ipalle dibuka, o shebelle TV kapa o intshe le metswalle, o tla kgutlela dithutong tsa hao o le mafolofolo!
6) Diteko
Se ithetse ka hore o ka etsa mosebetsi wa sekolo o le lerateng! Leha ka nako e nngwe o shebahala o se boima hakaalo, empa o bohlokwa haholo.
O ke ke wa etsa mosebetsi ona ka letsatsi le le leng feela! Hangata, ho hlokahala hore o iphe nako ya ho o hlophisa hantle mme ka nako e nngwe o buisane le batho ba bang. Ka hoo, ela hloko hore o phethe mosebetsi wa sekolo hantle ka nako!
7) Ithabise!
Ho bohlokwa ho boela o ithabisa ha o le yunivesithing. Ke nako ya hore o iphumane hantle mme o leke le dintho tse ding tse mmalwa.
Fumana seo o hlileng o se ratang haholo mme o se etse. Theha setswalle le batho bao o sa ba tsebeng. Ithabise, o ye le meketjaneng ya sekolo.
Ha o dutse o thabile, o tla atleha le dithutong tsa hao hobane o tla dula o le morolo ha o ithuta dintho tse ntjha bophelong.
Bophelo ba yunivesithing bo boetse hape bo o neha monyetla wa ho tsetsisa dintho hantle bophelong ba hao - o etse tsohle ka ho lekana, o keteke, o ithute, o phomole, o bapale le metswalle, o be tlasa kgatello e kgolo ka nako e nngwe mme ka e nngwe o phomole ha monate.
O lokela ho ithabisa hore o kgone ho sebetsa ka bokgabane! [s]
BONA SESOTHO - March 2008
Mahlo-mahlong le Fat Charlie
Ho atleha
yunivesithing
BONA SESOTHO - March 2008
u
t
Yunivesithi e o neha monyetla wa ho iphumana - ka hoo leka dintho tse ntjha
Sengodi
Fat Charlie, o sa kgefuditse ka ho ngola kgweding ena - mme o nehile sengodi se seng monyetla wa ho hlahisa a sona maikutlo kgatisong ena, haholoholo hobane ho ne ho buuwa ka taba ya sekolo sa thuto e phahameng - e leng seo sengodi sa rona CHARIS DAWSON, a se tsebang hantle hobane o sa tswa
phetha dithuto. E seng jwalo ka Fat Charlie ya seng a sa hopole hantle le hore ho ne ho phelwa jwang moo kaha kgale a ne a phethe dithuto tsa hae tsa thuto e phahameng.
